Khaolo ea 9
Lefifing, lentsoe la Kreste le phatlalatsa timelo ea batho ba bangata le metse bakeng sa bokhopo ba bona—O boetse o phatlalatsa Bo-Molimo ba hae, o tsebisa hore molao oa Moshe o phethahalitsoe, ’me o mema batho ho tla ho eena ’me ba pholosoe. Ka bo A.D. 34.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha ba le lentsoe le utloahalang har’a baahi ba lefats’e leo, holim’a sefahleho sohle sa lefats’e lena, le hoelehetsa:
2 Ho malimabe, ho malimabe, ho malimabe sechaba sena; ho malimabe baahi ba lefats’e lohle ntle le hore ba tle ba bake; hobane diabolose oa ts’eha, ’me mangeloi a hae a ea nyakalla, ka lebaka la ba bolailoeng ba batle bara le barali ba sechaba sa ka; ’me ke ka lebaka la bokhopo ba bona le manyala ba oetseng!
3 Bonang, motse oo o moholo Zarahemla ke o chesitse ka mollo, le baahi ba teng.
4 ’Me bonang, motse oo o moholo Moroni ke entse hore o tebele botebong ba leoatle, le baahi ba teng ba noele.
5 ’Me bonang, motse oo o moholo Moroniha ke o apesitse ka lefats’e le baahi ba teng, ho pata bokhopo ba bona le manyala a bona ho tloha sefahlehong sa ka, hore mali a baporofeta le bahalaleli ha a sa tla hlola a tla ho ’na khahlanong le bona.
6 ’Me bonang, motse oa Gilgale ke entse hore o tebe, le baahi ba teng hore ba patoe botebong ba lefats’e.
7 Ee, ’me motse oa Oniha le baahi ba teng, motse oa Mocume le baahi ba teng, le motse oa Jerusalema le baahi ba teng; ’me ke entse hore metsi a tle holimo bakeng sa teng, ho pata bokhopo ba bona le manyala ho tloha sefahlehong sa ka, hore mali a baporofeta le bahalaleli ha a sa tla hlola a tla ho ’na khahlanong le bona.
8 ’Me bonang, motse oa Gadiandi, le motse oa Gadiomna, le motse oa Jakobo, le motse oa Gimgimno, ena eohle ke entse hore e tebe, ’me ka etsa maralla le liphula libakeng tsa teng; ’me baahi ba teng ke ba patile botebong ba lefats’e, ho pata bokhopo ba bona le manyala ho tloha sefahlehong sa ka, hore mali a baporofeta le bahalaleli ha a sa tla hlola a tla ho ’na khahlanong le bona.
9 ’Me bonang, motse oo o moholo oa Jakobugathe, oo baahi ba oona e neng e le sechaba sa morena Jakobo, ke entse hore o chesoe ka mollo ka lebaka la libe tsa bona le bokhopo ba bona, bo boneng bo le ka holimo ho bokhopo bohle ba lefats’e lohle, ka lebaka la lipolao tsa bona tsa lekunutu le sekhukhu; hobane e ne e le bona ba ileng ba timetsa khotso ea sechaba sa heso le puso ea lefats’e leo; ka baka leo ke ile ka etsa hore ba chesoe, ho ba timetsa ho tloha sefahlehong sa ka, hore mali a baporofeta le bahalaleli ha a sa tla hlola a tla ho ’na khahlanong le bona.
10 ’Me bonang, motse oa Lamane, le motse oa Joshe, le motse oa Gade, le motse oa Kishkumene, ke entse hore o chesoe ka mollo, le baahi ba teng, ka lebaka la bokhopo ba bona ka ho lahlela kantle baporofeta, le ho tlepetsa bao ke ileng ka ba romela ho phatlalatsa ho bona malebana le bokhopo ba bona le manyala a bona.
11 ’Me hobane ba ile ba ba lahlela kantle kaofela, hore ho ne ho se na mang ea lokileng har’a bona, ke ile ka romela tlase mollo le ho ba timetsa, hore e be bokhopo ba bona le manyala a bona li ka patoa ho tloha sefahlehong sa ka, hore mali a baporofeta le bahalaleli ha a sa tla hlola a tla ho ’na khahlanong le bona.
12 ’Me lits’enyo tse ngata tse kholo ke entse hore li tle holim’a lefats’e lena, le holima sechaba sena, ka lebaka la bokhopo ba bona le manyala a bona.
13 Oho lona bohle ba qenehetsoeng hobane le ne le lokile ho ba feta, na le keke la khutlela ho ’na, ’me le bakele libe tsa lona, ’me le sokolohe, hore ke mpe ke le folise?
14 Ee, kannete ke re ho lona, haeba le tla tla ho ’na le tla fumana bophelo ba bosafeleng. Bonang, letsoho la ka la mohau le otlolotsoe ho ea ho lona, ’me mang kapa mang ea tla tla, eena ke tla mo amohela; ’me ho lehlohonolo ba tlang ho ’na.
15 Bonang, ke Jesu Kreste, Mora oa Molimo. Ke bopile maholimo le lefats’e, le lintho tsohle tse ho tsona. Ke ne ke na le Ntate ho tloha ts’imolohong. Ke ka ho Ntate, ’me Ntate ka ho ’na; ’me ka ho ’na Ntate o tlotlisitse lebitso la hae.
16 Ke tlile ho ba ka ’me ba ka ba sitiloe ho nkamohela. ’Me mangolo a halalelang malebana le ho tla ha ka a phethahalitsoe.
17 ’Me ba bangata joaloka ba nkamohetseng, ho bona ke ba file ho fetoha bara ba Molimo; ’me ke tla ba joalo ho bohle ba bangata joaloka ba tlang ho lumela lebitsong la ka, hobane bonang, ka ’na topollo e ea tla, ’me ka ’na molao oa Moshe o phethahalitsoe.
18 Ke ’na leseli le bophelo ba lefats’e. Ke Alfa le Omega, qalo le qetello.
19 ’Me ha le sa hlola le etsa ts’ollo ea mali; ee, lihlabelo tsa lona le licheso tsa lona li tla fela, hobane ha ke na ho amohela letho la lihlabelo tsa lona le licheso tsa lona.
20 ’Me le tla etsa bakeng sa sehlabelo ho ’na pelo e robehileng le moea o soabileng. ’Me mang ea tlang ho ’na ka pelo e robehileng le moea o soabileng, eena ke tla mo kolobetsa ka mollo le ka Moea o Halalelang, esita le joalo ka Ba-Lamane, ka lebaka la tumelo ea bona ho ’na nakong ea ts’okoloho, ba ile ba kolobetsoa ka mollo le ka Moea o Halalelang, ’me ba ne ba sa tsebe.
21 Bonang, ke tlile lefats’eng ho tlisa topollo ho lefats’e, ho tla pholosa lefats’e sebeng.
22 Ka baka leo, ea bakang le ho tla ho ’na joaloka ngoana ea monyane, eena ke tla mo amohela, hobane ’muso oa Molimo ke oa ba joalo. Bonang, bakeng sa ba joalo ke behile bophelo ba ka fats’e, ’me ke bo phahamisitse hape; ka baka leo bakang, ’me le tle ho ’na lona lipheletso tsa lefats’e, ’me le pholosoe.