Khaolo ea 4
Mabotho a Ba-Nefi a hlola masholu a Gadiantone—Giddianhi o ea bolaoa, ’me mohlahlami oa hae Zemnariha, o ea fanyehoa—Ba-Nefi ba rorisa morena bakeng sa litlholo tsa bona. Ka bo A.D. 19–22.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore pheletsong ea morao ea selemo sa leshome le metso e robeli mabotho a masholu ao a ne a lokiselitse ntoa, ’ma ba qala ho theohela tlase le ho potlakela pele ho tsoa maralleng, le ho tsoa lithabeng, le lefelleng, le liqhobosheaneng tsa bona, le libaka tsa bona tsa lekunutu, ’me ba qala ho nka burui ba mafats’e, bobeli a neng a le lefats’eng le ka boroa le ao a neng a le lefats’eng le ka leboea, ’me ba qala ho nka mafats’e oohle a neng a furalletsoe ke Ba-Nefi, le metse e neng e siiloe ts’enyehong.
2 Empa bonang, ho ne ho se na libata tse hlaha kapa liphoofolo tse tsongoang mafats’eng ao a siiloeng ke Ba-Nefi, ’me ho ne ho se na liphoofolo tse tsongoang ha e se lefelleng.
3 ’Me masholu ao a ne a sitoa ho phela ha e se lefelleng, ka lebaka la tlhokahalo ea lijo; hobane Ba-Nefi ba ne ba siile mafats’e a bona a senyehile, ’me ba ne ba bokelletse likhuts’oane tsa bona le mehlape ea bona le leruo lohle la bona, ’me li ne li le sehlopha se le seng.
4 Ka baka leo, ho ne ho se na monyetla bakeng sa masholu ao ho utsoa le ho fumana lijo, ha e se ho nyolohela ka ntoa e bulehileng khahlanong le Ba-Nefi; ’me Ba-Nefi ka ho ba sehlopha se seng, le hoba le palo e kholo hoo, ba ne ba ipoloketse lijo, le lipere le likhomo, le likhuts’oane tsa mefuta eohle, hore li tle li lekane bakeng sa lilemo tse supileng, e leng nako eo ba neng ba ts’epa hore ba tla timetsa masholu ho tloha holim’a sefahleho sa lefats’e leo; ’me ke joana selemo sa leshome le metso e robeli se ileng sa feta.
5 ’Me ho ile haetsahala hore ka selemo sa leshome le metso e robong Giddianhi o ile a fumana hore ho molemo hore a nyolohele ho ea loana khahlanong le Ba-Nefi, hobane ho ne ho se na tsela e ’ngoe ea hore ba ka iphepa ha e se hore ba ne ba ka utsoa le ho tlatlapa le ho bolaea.
6 ’Me ba ne ba sa qeke ho itjala holim’a sefahleho sa lefats’e leo haholo hoo hore ba ka hlahisa lijo thollo, e se re Ba-Nefi ba tle ba tle holim’a bona le ho ba bolaea; ka baka leo Giddianhi o ile a fana ka taelo ho mabotho a hae hore selemong sena ba nyolohe ho ea loana le Ba-Nefi.
7 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba nyolohela ho tla loana, ’me e ne e le khoeling ea bots’elela; ’me bonang, ho ne ho le ho holo ebile ho ts’abeha letsatsi leo ba ileng ba nyolohela ho tla loana; ’me ba ne ba apere joaloka mokhoa oa masholu; ’me matheka a bona a ne a tlanngoe ka letlalo la konyana, ’me ba ne ba khenathetse mali, le lihlooho tsa bona li beotsoe, ’me ba ne ba ena le lisireletsa hlooho holim’a bona, ’me e ne e le kholo le ho ts’abeha chebahalo ea mabotho a Giddianhi, ka lebaka la lihlomo tsa bona, le ka lebaka la ho khenathela mali.
8 ’Me ho ile ha etsahala hore mabotho a Ba-Nefi, ha ba bona chebahalo ea lebotho la Giddianhi, bohle ba ne ba oele fats’e, ’me ba ile ba phahamisetsa lillo tsa bona ho Morena Molimo oa bona, hore a ke a ba qenehele le ho ba lopolla ho tsoa matsohong a lira tsa bona.
9 ’Me ho ile ha etsahala hore ha mabotho a Giddianhi a bona sena ba ile Ba qala ho hoelehetsa ka lentsoe le lerata, ka lebaka la nyakallo ea bona, hobane ba ne ba ile ba nahana hore Ba-Nefi ba oetse ka ts’abo ka lebaka la ho ts’abeha ha mabotho a bona.
10 Empa nthong ena ba ile ba phoqeha, hobane Ba-Nefi ba ne ba sa ba ts’abe; empa ba ne ba ts’aba Molimo oa bona ’me ba ile ba mo kopa ka boikokobetso bakeng sa ts’ireletso; ka baka leo, ha mabotho a Giddianhi a potlakela holim’a bona ba ne ba itokiselitse ho kopana le bona; ee, ka matla a Morena ba ile ba ba amohela.
11 ’Me ntoa e ile ea qala khoeling ena ea bots’elela; ’me e ne e le kholo e ts’abaha ntoa ea teng, ee, e ne e le kholo e ts’abeha polao ea teng, haholo hoo hore ho ne ho so ka ho tsejoa polao e kholo joalo har’a sechaba sa Lehi ho tloha a tlohile Jerusalema.
12 ’Me ho sa tsotellehe lits’oso le likano tseo Giddianhi a ileng a li etsa, bonang, Ba-Nefi ba ile ba ba otla, haholo hoo ba ileng ba boela morao ka pele ho bona.
13 ’Me ho ile ha etsahala hore Gidgiddoni o ile a laela hore mabotho a hae a phehelle hole joaloka ka meeling ea lefella, le hore ba se ke ba qenehela mang ea tlang ho oela matsohong a bona tseleng; ’me ke joana ba ileng ba ba phehella ’me ba ba bolaea, ho ea meeling ea lefella, esita le hofihlela ba phethahalitse taelo ea Gidgiddoni.
14 ’Me ho ile ha etsahala hore Giddianhi, ea ileng a ema le ho loana ka sebete, o ile a phehelloa ha a ntse a baleha; ’me ka ho khathala ka lebaka la ho loana ho ho ngata o ile a ts’oaroa ’me a bolaoa. ’Me ke joana e bileng pheletso ea Giddianhi oa lesholu.
15 ’Me ho ile ha etsahala hore mabotho a Ba-Nefi a ile a khutlela hape sebakeng sa bona sa ts’ireletso. ’Me ho ile ha etsahala hore selemo sena sa leshome le metso e robong se ile sa feta, ’me masholu ha a ka a tla hape ho tla loana; le ha e le ho tla hape ka selemo sa mashome a mabeli.
16 ’Me ka selemo sa mashome a mabeli a motso o mong ha ba ka ba nyolohela ho tla loana, empa ba ile ba nyoloha ka mahlakore oohle ho tla thibella ho potoloha sechaba sa Nefi; hobane ba nahana hore haeba ba ka khaola sechaba sa Nefi ho tsoa mafats’eng a bona, ’me ba tle ba ba koalle ka mahakoreng oohle, ’me haeba ba tla ba khaola ho tsoa litokelong tsohle tsa bona tse kantle, hore ba ke ba etse hore ba inehele ho latela litakatso tsa bona.
17 ’Me joale ba ne ba ikhethetse ho bona moetapele, eo lebitso la hae e neng e le Zemnariha; ka baka leo e ne e le Zemnariha ea ileng a etsa hore thibello ena e nke sebaka.
18 Empa bonang, hona e ne e le molemo ho Ba-Nefi; hobane ho ne ho sa khonehe bakeng sa masholu ho etsa thibello bolelele bo lekaneng ho ba le phello holim’a Ba-Nefi, ka lebaka la lijo tsa bona tse ngata tseo ba neng ba li bolokile.
19 ’Me ka lebaka la bofokoli ba lijo har’a masholu ao; hobane bonang, ba ne ba se na letho ntle le nama bakeng sa boiphepo ba bona, nama eo ba ileng ba e fumana lefelleng.
20 ’Me ho ile ha etsahala hore liphoofolo tse hlaha tse tsongoang li ile tsa fokola lefelleng haholo hoo hore masholu ao a neng a batlile a timela ke tlala.
21 ’Me Ba-Nefi ba ne ba tsoelepele ho hoantela kantle mots’eare le bosiu, ’me ba oela holim’a mabotho a bona, le ho ba khaola ka likete le ka mashome a likete.
22 ’Me ke joana e ileng ea eba takatso ea sechaba sa Zemnariha ho ikhula ho tsoa morerong oa bona, ka lebaka la timetso e kholo e ileng ea tla holim’a bona bosiu le mots’eare.
23 ’Me ho ile ha etsahala hore Zemnariha o ile a fana ka taelo ho sechaba sa hae hore ba ikhule ho tsoa thibellong eo, ’me ba hoantela likarolong tse hole ka ho fetisa tsa lefats’e le lebang ka leboea.
24 ’Me joale, Gidgiddoni ka ho elelloa morero oa bona, ’me le ho tseba bofokoli ba bona ka lebaka la ho hloka lijo, le polao e kholo e ileng ea etsoa har’a bona, ka baka leo o ile a romela mabotho a hae nakong ea bosiu, ’me o ile a khaola tsela ea bona ea ho khutlela morao, ’me o ile a beha mabotho a hae tseleng ea bona ea ho khutlela morao.
25 ’Me sena ba ile ba se etsa nakong ea bosiu, ’me ba kena mohoantong oa bona ho feta masholu ao, hoo ka hosane, ha masholu ao a qala mohoanto oa bona, ba ile ba kopana le mabotho a Ba-Nefi bobeli ka pele ho bona le ka morao.
26 ’Me masholu a neng a le ka boroa le ona a ile a khaoloa libakeng tsa bona tsa ho khutlela morao. ’Me lintho tsena li ile tsa etsoa ka taelo ea Gidgiddoni.
27 ’Me ho ile ha eba le likete tse ngata tse ileng tsa inehela e le bats’oaruoa ho Ba-Nefi, ’me karolo e setseng ea bona e ile ea bolaoa.
28 ’Me moetapele oa bona, Zemnariha, o ile a nkuoa ’me a fanyehoa sefateng, ee, esita le ka holim’a teng hofihlela a shoele. ’Me ha ba se ba mo fanyehile hofihlela a shoele ba ile ba remela sefate seo fats’e, ’me ba hoelehetsa ka lentsoe le phahameng, ba re:
29 E se eka Morena a ka bolokela sechaba sa hae ho lokeng le khalalelong ea pelo, hore ba ke ba etse hore ho oele fats’e bohle ba tlang ho batla ho ba bolaea ka lebaka la matla le liketso tsa sekhukhu, esita le joaloka monna enoa a oetseng fats’e.
30 ’Me ba ile ba nyakalla le ho hoelehetsa hape ka lentsoe le le leng, ba re: E se eka Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo, a ka sireletsa sechaba sena ho lokeng, ha feela ba ntse ba bitsa ho lebitso la Molimo oa bona bakeng sa ts’ireletso.
31 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba arohana, bohle e le ntho e le ngoe, ka ho bina, le ho rorisa Molimo oa bona bakeng sa ntho e kholo eo a ba etselitseng eona, ka ho ba boloka ho tsoa ho ho oela matsohong a lira tsa bona.
32 Ee, ba ile ba hoelehetsa: Hosanna ho Molimo ea holimo bo fetisang. ’Me ba ile ba hoelehetsa: Ho bokoe lebitso la Morena Molimo ea Matla Oohle, Molimo ea holimo bo fetisang.
33 ’Me lipelo tsa bona li ne li kokomohile ka nyakallo, ho isa ho nts’eng likhapha tse ngata, ka lebaka la molemo oa Molimo o moholo ka ho ba lopolla ho tsoa matsohong a lira tsa bona; ’me ba ne ba tseba hore e ne e le ka lebaka la pako ea bona le boikokobetso ba bona hore ba ile ba lopolloa ho tsoa timetsong e sa feleng.