Mangolo a halalelang
3 Nefi 7


Khaolo ea 7

Moahloli e moholo oa bolaoa, puso e ea timetsoa, ’me sechaba se aroha ka merabe—Jakobo, oa anti-Kreste, o fetoha morena oa sehlopha sa lekunutu—Nefi o ruta pako le tumelo ho Kreste—Mangeloi a mo sebeletsa ka letsatsi, ’me o tsosa ngoanab’o bafung—Ba bangata ba ea baka ’me ba ea kolobetsoa. Ka bo A.D. 30–33.

1 Joale bonang, ke tla le bonts’a hore ha ba ea ka ba beha morena holim’a lefats’e leo; empa ka sona selemo sena se ts’oanang, ee, selemo sa mashome a mararo, ba ile ba timetsa holim’a setulo sa kahlolo, ee, ba ile ba bolaea moahloli e moholo oa lefats’e leo.

2 ’Me sechaba se ile sa arohana ba bang khahlanong le ba bang; ’me ba ile ba arohana ba bang ho ba bang ka merabe, monna e mong le e mong ho latela lelapa la hae le maloko le metsoalle; ’me ke joana ba ileng ba timetsa puso ea lefats’e leo.

3 ’Me morabe o mong le o mong o ile oa khetha morena kapa moetapele holim’a bona; ’me ke joana ba ileng ba fetoha merabe le baetapele ba merabe.

4 Joale bonang, ho ne ho se na motho har’a bona ntle le hore e be o na lelapa le lengata le maloko a mangata le metsoalle; ka baka leo merabe ea bona e ile ea fetoha ho ba meholo ka ho fetisa.

5 Joale sena sohle se ile sa etsahala, ’me ho ne ho so be le lintoa har’a bona; ’me bokhopo bona bohle bo ile ba tla holim’a sechaba hobane ba ile ba inehela matleng a Satane.

6 ’Me melao ea ’muso e ile ea timetsoa, ka lebaka la liketso tsa sekhukhu tsa metsoalle le maloko a bao ba ileng ba bolaea baporofeta.

7 ’Me ba ile ba baka khang e kholo lefats’eng leo, haholo hoo hore karolo e fetang ea ba lokileng ea sechaba e ile ea batla e fetohela bokhopong; ee, ho ne ho ena le feela batho ba fokolang ba lokileng har’a bona.

8 ’Me ke joana lilemo tse ts’eletseng li ne li so fete ho tloha karolo e fetang ea sechaba e ileng ea fetoha ho tsoa ho lokeng ha bona, joaloka ntja mahlatseng a eona, kapa joaloka kolobe e ipitikang seretseng.

9 Joale sehlopha sena sa lekunutu, se ileng sa tlisa bokhopo bo bongata haholo holim’a sechaba, se ile sa ipokella hammoho, ’me se ile sa beha hloohong ea sona monna eo ba ileng ba mo bitsa Jakobo.

10 ’Me ba ile ba mo bitsa morena oa bona; ka baka leo o ile a fetoha morena holim’a sehlopha sena se khopo; ’me e ne e le emong oa ba fetisisang ea ileng a fana ka lentsoe la hae khahlanong le baporofeta ba ileng ba paka ka Jesu.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba se matla hakaalo ka palo joaloka merabe ea sechaba, ba neng ba kopane hammoho ntle le hore baetapele ba bona ba ile ba theha melao ea bona, ba bang le ba bang ho latela morabe oa hae; le ha ho le joalo e ne e le lira; ho sa tsotellehe hore e ne e se sechaba se lokileng, feela ba ne ba kopane lehloeong la bona la bao ba ileng ba kena selekaneng sa ho timetsa puso.

12 Ka baka leo, Jakobo ha a bona hore lira tsa bona li ne li baleha ho ba feta, eena e le morena oa sehlopha seo, ka baka leo o ile a laela batho ba hae hore ba nke paleho ea bona ho ea karolong e ka leboea ka ho fetisa ea lefats’e leo, ’me moo ba ikahele ’muso oa bona, hofihlela ba kopana le baikarohanyi (hobane o ile a ba thetsa ka hore ho tla ba le baikarohanyi ba bangata) ’me ba fetohe ho ba matla ho lekana ho loana le merabe ea sechaba; ’me ba ile ba etsa joalo.

13 ’Me ho ne ho potlakile hoo ho hoanta ha bona hore o ile oa sitoa ho thibeloa hofihlela ba tsamaile ho ea moo ba sa fihlelloeng ke sechaba. ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa mashome a mararo, ’me li ne li le joana litaba tsa sechaba sa Nefi.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong ba ne ba arohane ka merabe, monna e mong le e mong ho latela lelapa la hae, morabe le metsoalle; le ha ho le joalo, ba ne ba fihleletse tumellano ea hore ba keke ba ea ntoeng khahlanong le ba bang ho ba bang; empa ba ne ba sa kopana joalo ka melao ea bona, le mekhoa ea bona ea puso, hobane li ne li thehiloe ho latela likelello tsa bao e neng e le marena a bona le baetapele ba bona. Empa ba ile ba theha melao e thata haholo hore morabe o mong o se ke oa tlola khahlanong le o mong, haholo hoo hore ka tekanyo e itseng ba ile ba eba le khotso lefats’eng leo; le ha ho le joalo, lipelo tsa bona li ne li furalletse Morena Molimo oa bona, ’me ba ile ba tlepetsa baporofeta ’me ba ba lahlela kantle ho tsoa har’a bona.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi—a ile a eteloa ke mangeloi hape le lentsoe la Morena, ka baka leo ka ho bona mangeloi, ’me e le paki e boneng, ’me a fumane matla ao a fanoeng ho eena hore a ke a tsebe malebana le bosebeletsi ba Kreste, ’me hape e le paki e boneng phurallo ea bona e potlakileng ho tloha ho ho loka hoea bokhopong ba bona le manyala;

16 Ka baka leo, ka ho hlomoloa ke ho thatafala ha lipelo tsa bona le bofofu ba likellelo tsa bona—o ile a tsamaea har’a bona ka selemo se ts’oanang, ’me a qala ho pakahatsa ka sebete, pako le ts’oarelo ea libe ka tumelo ho Morena Jesu Kreste.

17 ’Me o ile a ruta lintho tse ngata ho bona; ’me li sitoa hore li ka ngoloa kaofela, ’me karolo ea tsona e keke ea lekana, ka baka leo, ha lia ngoloa bukeng ena. ’Me Nefi o ile a ruta ka matla le ka tokelo e kholo.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba mo halefetse, esita le hobane o na a ena le matla a maholo ho ba feta, hobane ho ne ho sa khonehe hore ba ka se lumele mantsoe a hae, hobane tumelo ea hae e ne e le kholo hoo ho Morena Jesu Kreste hore mangeloi a ne a mo sebeletsa letsatsi le leng le le leng.

19 ’Me ka lebitso la Jesu o ile a leleka mademona le meea e lits’ila; ’me esita le ngoanab’o o ile a mo tsosa bafung, kamor’a hore a tlepetsoe ’me a hlokofatsoe ka lefu ke sechaba seo.

20 ’Me sechaba se ile sa e bona, ’me ba e paka, ’me ba ne ba mo halefetse ka lebaka la matla a hae; ’me hape o ile a etsa mehlolo e meng e fetang e mengata, ponts’eng ea sechaba seo, ka lebitso la Jesu.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore selemo sa mashome a mararo a motso o mong se ile sa feta, ’me ho ne ho ena le feela ba fokolang ba neng ba sokolohetse ho Morena; empa ba bangata joaloka ba neng ba sokolohile ba ile ba bonts’a ka ’nete ho sechaba hore ba ne ba etetsoe ke matla le Moea oa Molimo, oo o neng o le ka ho Jesu Kreste, eo ba neng ba lumela ho eena.

22 ’Me ba bangata joaloka bao mademona a neng a lelekoa ho bona, ’me ba folisitsoe bokulo ba bona le mefokolo ea bona, ba ile ba bonahatsa kannete ho sechaba seo hore ba sebelitsoe ke Moea oa Molimo, ’me ba folisitsoe; ’me ba ile ba bonts’a mats’oao hape le ho etsa mehlolo har’a sechaba seo.

23 Ke joana ho ileng ha feta le selemo sa mashome a mararo a metso e ’meli. ’Me Nefi o ile a hoelehetsa ho sechaba seo qalong ea selemo sa mashome a mararo a metso e meraro; ’me o ile a ruta ho bona pako le ts’oarelo ea libe.

24 Joale ke lakatsa hore le hopole hape, hore ho ne ho se na mang ea neng a tlisitsoe pakong ea neng a sa kolobetsoa ka metsi.

25 Ka baka leo, ho ne ho ena le ba behiloeng matsoho ke Nefi, banna bosebeletsing bona, hore bohle ba joalo ba tle ho bona ho tla kolobetsoa ka metsi, ’me sena e le ho pakahatsa le bopaki ka pele ho Molimo, le ho sechaba seo, hore ba ne ba bakile ’me ba fumane ts’oarelo ea libe tsa bona.

26 ’Me ho bile le ba bangata qalong ea selemo sena ba ileng ba kolobeletsoa pakong; ’me ke joana karolo e fetang ea selemo e ileng ea feta.