Mangolo a halalelang
3 Nefi 12


Khaolo ea 12

Jesu o bitsa le ho roma balateli ba leshome le metso e ’meli—O fana ho Ba-Nefi puo e ts’oanang le Thero ea Thabeng—O bolela Lihlohonolofatso—Lithuto tsa hae li feta le ho ba ka pele ho molao oa Moshe—Batho ba laeloa ho phetheha esita le joaloka ha eena le Ntate oa hae ba phethehile—Bapisa Mattheu 5. Ka bo A.D. 34.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a boletse mantsoe a na ho Nefi, le bao ba ileng ba bitsoa, (joale palo ea bona bao ba ileng ba botsoa, ’me ba amohela matla le tokelo ea ho kolobetsa e ne e le leshome le metso e ’meli) ’me bonang, o ile a otlollela letsoho la hae ho bongata, ’me a hoelehetsa ho bona, a re: Le lehlohonolo haeba le tla mamela mantsoe a bana ba leshome le metso e ’meli bao ke ba khethileng har’a lona ho le sebeletsa, le ho ba bahlanka ba lona; ’me ho bona ke fane ka matla a hore ba ka le kolobetsa ka metsi, ’me kamor’a hore le kolobetsoe ka metsi, bonang, ke tla le kolobetsa ka mollo le ka Moea o Halalelang; ka baka leo le lehlohonolo haeba le tla lumela ho ’na ’me le kolobetsoe, kamor’a hore le mpone le ho tseba hore ke ’Na ea leng teng.

2 ’Me hape, ho lehlohonolo ho feta bao ba tlang ho lumela mantsoeng a lona hobane le tla paka hore le mpone, le hore lea tseba hore ke ’Na ea leng teng. Ee, ho lehlohonolo bao ba tlang ho lumela mantsoe a lona, ’me ba tle tlase botebong ba boikokobetso ’me ba kolobetsoe, hobane ba tla eteloa ka mollo le ka Moea o Halalelang, ’me ba tla amohela ts’oarelo ea libe tsa bona.

3 Ee, ho lehlohonolo bafumanehi moeeng ba tlang ho ’na, hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.

4 ’Me hape, ho lehlohonolo bao ba llang, hobane ba tla ts’elisoa.

5 ’Me ho lehlohonolo ba bonolo, hobane ba tla ja lefa la lefats’e.

6 ’Me ho lehlohonolo bohle ba lapetseng le ho nyoreloa ho loka, hobane ba tla tlala ka Moea oa Halalelang.

7 ’Me ho lehlohonolo ba tletseng mohau, hobane ba tla fumana mohau.

8 ’Me ho lehlohonolo bohle ba pelo tse hloekileng, hobane ba tla bona Molimo.

9 ’Me ho lehlohonolo bohle ba etsang khotso, hobane ba tla bitsoa bana ba Molimo.

10 ’Me ho lehlohonolo bohle ba hlorisoang ka lebaka la lebitso la ka, hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.

11 ’Me le lehlohonolo ha batho ba tla le nyefola le ho le hlorisa, ’me ba tla bolela mekhoa eohle ea bobe khahlanong le lona ka bohata, bakeng sa ka;

12 Hobane le tla fumana nyakallo e kholo ’me le nyakalle ka ho fetisisa, hobane o tla ba moholo moputso oa lona leholimong; hobane ba hlorisitse joalo baporofeta ba bileng teng pele ho lona.

13 Kannete-nete, ke re ho lona, ke le fa hore le be letsoai la lefats’e; empa haeba letsoai le tla lahla tatso ea lona ke ka eng lefats’e le ka nokoang? Letsoai leo joale ha le na hoba le molemo oa letho, empa ho lahleloa kantle hore le hatikeloe tlasa maoto a batho.

14 Kannete-nete, ke re ho lona, ke le fa hore le be leseli la sechaba sena. Motse o behiloeng holima leralla o keke oa patoa.

15 Bonang, na batho ba khants’a lebone e be ba le beha tlas’a sehlahla? Che, empa kandelareng, ’me le fana ka khanya ho bohle ba ka tlung;

16 Ka baka leo leseli la lona ha le khanye ka pele ho sechaba sena, hore ba tle ba bone mesebetsi ea lona e metle ’me ba tlotlise Ntat’a lona ea maholimong.

17 Le se ke la nahana hore ke tlile ho tla timetsa molao kapa baporofeta. Ha kea tla ho tla timetsa empa ho tla phethisa;

18 Hobane kannete ke re ho lona, ha hona jota le e ’ngoe kapa hlaku e so fete ho tsoa molaong, empa ka ’na tsohle li phethahetse.

19 ’Me bonang, ke le file molao le litaelo tsa Ntate, hore le tle le lumele ho ’na, le hore le tle le bakele libe tsa lona, ’me le tle ho na ka pelo e robehileng le moea o soabileng. Bonang, le na le litaelo ka pele ho lona, ’me molao o phethisitsoe.

20 Ka baka leo, tlohong ho ’na ’me le pholosoe; hobane kannete ke re ho lona, hore ntle le hore le boloke litaelo tsa ka, tseo ke le laetseng tsona ka nako ena, ha hona ka moo le ka kenang ’musong oa maholimo.

21 Le utloile hore ho boletsoe ke bona ba nako ea khale, ’me hape ho ngotsoe ka pele ho lona, hore u se ke ua bolaea, ’me mang kapa mang ea tla bolaea o tla ba kotsing ea kahlolo ea Molimo;

22 Empa ke re ho lona, hore mang kapa mang ea halefetseng ngoan’abo o tla ba kotsing ea kahlolo ea hae. ’Me mang kapa mang ea tla re ho ngoan’abo, Raka, o tla ba kotsing ea lekhotla; ’me mang kapa mang ea tla re, O sethoto, o tla ba kotsing ea mollo oa lihele.

23 Ka baka leo, haeba le tla ho ’na, kapa le tla lakatsa ho tla ho ’na, ’me ua hopola hore ngoaneno o na le taba khahlanong le uena—

24 Tsamaea ka tsela ea hau u ee ho ngoaneno, ’me pele o boelane le ngoaneno, ’me e be u tla ho ’na ka morero oa pelo o felletseng, ’me ke tla u amohela.

25 Lumellana le sera sa hau kapele le sa le tseleng le eena, e se re ka nako e fe kapa e fe o tla u fumana, ’me u tla lahleloa chankaneng.

26 Kannete-nete, ke re ho lona, ha hona mokhoa oo u ka tsoang teng hofihlela u lefile senine e fetisisang. ’Me ha u le chankaneng na u ka patala le senine esita le e le ’ngoe feela? Kannete-nete, ke re ho lona, Che.

27 Bonang, ho ngotsoe ke bona ba nako ea khale, hore u se ke ua feba;

28 Empa ke re ho lona, hore mang kapa mang ea talimang mosali, ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ea hae.

29 Bonang, ke le fa taelo, hore le se ke la lumella e feng kapa e feng ea lintho tsena ho kena lipelong tsa lona.

30 Hobane ho molemo hore le itatole ka bo lona linthong tsena, moo le tlang ho nka sefapano sa lona, ho ena le hore le tle le lahleloe liheleng.

31 Ho ngotsoe, hore mang kapa mang ea tla hlala mosali oa hae, a mo fe lengolo la tlhalo.

32 Kannete-nete, ke re ho lona, hore mang kapa mang ea tla hlala mosali oa hae, ntle le ka lebaka la bofebe, o baka hore a etse bofebe; ’me mang kapa mang ea tla mo nyala eena ea hlaliloeng o etsa bofebe.

33 ’Me hape ho ngotsoe, u se ke ua koeneha kanong ea hau, empa u tla etsetsa Morena likano tsa hau;

34 Empa Kannete-nete, ke re ho lona, le se ke la hlapanya hohang; le haele ka leholimo, hobane ke terone ea Molimo;

35 Le haele ka lefats’e, hobane ke bonamelo ba maoto a hae;

36 Le haele ho hlapanya ka hlooho ea hau, hobane u sitoa hore u ka fetola qoba e le ngoe ea moriri ho bosoeu kapa bots’o.

37 Empa puo ea lona e be Ee, ee; Che, che; hobane eng kapa eng e fetang se na ke bobe.

38 ’M’e bonang, ho ngotsoe, leihlo bakeng sa leihlo, le leino bakeng sa leino;

39 Empa ke re ho lona, hore ha le na hanela bobe, empa mang kapa mang ea tlang ho u otla lerameng la hau le letona, u mo fetolele le leng hape;

40 ’Me haeba motho mang o tla u qosa molaong ’me a nke kojoana ea hau, u mo tlohelle le kobo ea hau hape;

41 ’Me mang kapa mang ea tlang ho u qobella ho tsamaea meile e le ’ngoe, tsamaea tse peli le eena.

42 U mo fe ea u qelang, ’me ho eena ea ka alimang ho uena u se ke ua mo furalla.

43 ’Me bonang ho ngotsoe hape, hore u tla rata oa heno ’me o hloee sera sa hau;

44 Empa ke re ho lona, ratang lira tsa lona, hlohonolofatsang ba le rohakang, etsang hantle ho ba le hlohileng, ’me le rapelle ba le sebelisang hampe le ba le hlorisang;

45 E le hore le tle le be bana ba Ntat’a lona ea maholimong; hobane o etsa hore letsatsi la hae le chabele ba babe le ba lokileng.

46 Ka baka leo lintho tseo e neng e le tsa nako ea khale, tseo li neng li le tlasa molao, ke ’na li phethahalitsoe kaofela.

47 Lintho tsa khale li fetile, ’me lintho tsohle li fetohile bocha.

48 Ka baka leo ke lakatsa hore le phethehe esita le joaloka ha ke le joalo, kapa Ntat’a lona ea maholimong a phethehile.