Mangolo a halalelang
3 Nefi 8


Khaolo ea 8

Lifefo, ts’isinyeho ea lefats’e, mello, litsokotsane, le lipherekano tse ts’oarehang li paka ho thakhisoa ha Kreste—Batho ba bangata ba ea timela—Lefifi le apesa lefats’e leo bakeng sa matsatsi a mararo—Ba setseng ba llela qetello ea bona. Ka bo A.D. 33–34.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ho latela lingoliloeng tsa rona, ’me re tseba hore lingoliloeng tsa rona ke ’nete, bobane bonang, e ne e le monna ea lokileng ea ileng a boloka lingoliloeng tseo—hobane kannete o ile a etsa mehlolo e mengata ka lebitso la Jesu; ’me ho ne ho se na motho ea ka etsang mohlolo ka lebitso la Jesu ntle le hore ebe o ne a hloekisitsoe ka hohle ho tsoa bokhopong ba hae—

2 ’Me joale ho ile ha etsahala hore, haeba ho ne ho se na phoso e entsoeng ke monna enoa palong ea nako ea rona, selemo sa mashome a mararo a metso e meraro se ne se fetile.

3 ’Me sechaba se ile sa qala ho sheba ka tjantjello e kholo bakeng sa lets’oao le ileng la fanoa ke moporofeta Samuele, oa Mo-Lamane, ee, bakeng sa nako eo ho tla bang le lefifi sebakeng sa matsatsi a mararo holim’a sefahleho sa lefats’e leo.

4 ’Me ho ile ha qala ho ba le lipelaelo tse kholo le litsekisano har’a sechaba, ho sa tsotellehe mats’oao a mangata joalo a fanoeng.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mararo a metso e mene, khoeling ea pele, ka letsatsi la bone la khoeli eo, ho ile ha phahama sefefo se seholo, se joaloka se so kang se tsejoa lefats’eng leo lohle.

6 ’Me hape ho ne ho ena le sefefo se seholo se ts’abehang; ’me ho ne ho ena le sealuma se ts’abehang, haholo hoo ho ileng ha sisinya lefats’e leo lohle joaloka ha eka le tlo aroha ka lehare.

7 ’Me ho ne ho ena le mahalima a bohale ka ho fetisisa, a joaloka a so kang a tsejoa lefats’eng leo lohle.

8 ’Me motse oa Zarahemla o ile oa nka mollo.

9 ’Me motse oa Moroni o ile oa tebela botebong ba leoatle, le baahi ba teng ba ile ba noela.

10 ’Me lefats’e le ile la nkeloa holim’a motse oa Moroniha, hore sebakeng sa motse ho ile ha fetoha thaba e kholo.

11 ’Me ho ne ho ena le ts’enyo e kholo e ts’abehang lefats’eng le lebileng boroa.

12 Empa bonang, ho ne ho ena le ts’enyo e kholo e ts’abehang ho feta lefats’eng le lebileng leboea; hobane bonang, sefahleho sohle sa lefats’e leo se ne se fetohile, ka lebaka la sefefo le litsokotsane, le lialuma le mahalima, le ho sisinyeha ho fetisang ha lefats’e;

13 ’Me litsela tse kholo li ile tsa robeha, le litsela tse bataletseng li ile tsa senyeha, le libaka tse ngata tse boreleli li ile tsa fetoha mahoashe.

14 ’Me metse e mengata e meholo e tsebahalang e ile ea teba, ’me e mengata e ile ea cha, le e mengata e ile ea sisinyeha hofihlela meaho ea teng e oetse fats’e, le baahi ba teng ba ile ba bolaoa, ’me libaka tseo tsa sala e le lesupi.

15 ’Me ho ne ho ena le metse e meng e ileng ea sala; empa ts’enyeho ea teng e ne e le kholo ka ho fetisisa, ’me ho ne ho ena le ba bangata ka ho eona ba ileng ba bolaoa.

16 ’Me ho ne ho ena le e meng e ileng ea nkoa ke setsokotsane; ’me hore na e ile kae ha ho mang ea tsebang, ntle le hore e ile ea nkeloa hole.

17 ’Me ke joana sefahleho sa lefats’e leo lohle le ileng la fetoha sebopeho, ka lebaka la lifefo, le lialuma, le mahalima, le ho sisinyeha ha lefats’e.

18 ’Me bonang, mafika a ile a aroha ka lehare; a ile a robeha holima sefahleho sa lefats’e lohle, haholo hoo a ileng a fumanoa a robehile likotoana, le ka likarolo le mapatso, holim’a sefahleho sohle sa lefats’e leo.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore ha lialuma, le mahalima, le pula ea sefefo, le sefefo, le lits’isinyeho tsa lefats’e li emisa—hobane bonang, li ile tsa nka nako e ka bang sebaka sa lihora tse tharo; ’me ho ile ha boleloa ke ba bang hore nako eo e ne e feta moo; le ha ho le joalo, lintho tsena tsohle tse kholo tse ts’abehang li ile tsa etsahala bakeng sa nako e ka bang lihora tse tharo—’me joale bonang, ho bile le lefifi holim’a sefahleho sa lefats’e leo.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ne ho ena le lefifi le lets’o holim’a sefahleho sohle sa lefats’e leo, haholo hoo hore baahi ba teng ba ileng ba oela ba ne ba utloa muoane oa lefifi leo;

21 ’Me ho ne o sita ho ba le khanya, ka lebaka la lefifi, la ha e se e le likerese, le ha e se le mabone; le ha ho le joalo ho ne ho sita le hore ho be le mollo o besoang ka patsi ea bona e ntle le ho oma ka hofetisisa, hoo ho neng ho sita hore ho ba le khanya e fe kapa e fe ka hohle;

22 ’Me ho ne ho se na khanya e bonoang, le ha e se e le mollo, kapa benyetsi, le ha e se e le letsatsi, kapa khoeli, kapa linaleli, hobane o ne o le moholo hakaalo muoane oa lefifi o neng o le holim’a sefahleho sa lefats’e leo.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore le ile la ba teng bakeng sa sebaka sa matsatsi a mararo hore ho ne ho se na khanya e bonoang; ’me ho bile le lillo tse kholo le ho bokolla le ho lla ho tsoelang pele har’a sechaba sohle; ee, ho ne ho le ho holo ho bobola ha sechaba, ka lebaka la lefifi le ts’enyo e kholo e ileng a tla holim’a bona.

24 ’Me sebakeng se le seng ba ne ba utloahala ho hoelehetsa, ba re: Oho hore ebe re ile ra baka pele ho letsatsi lena le leholo le ts’abehang, ’me teng ba habo rona ba ka be ba ile ba qeneheloa, ’me ba ka be ba sa chella motseng oo o moholo oa Zarahemla.

25 ’Me sebakeng se seng ba ile ba utloahala ba hoelehetsa le ho lla, ba re: Oho hore ebe re ile ra baka pele ho letsatsi lena le leholo le ts’abehang, me e be ha rea bolaea le ho tlepetsa baporofeta le ho ba lahlela kantle; teng bo ’m’a rona le barali ba rona ba batle, le bana ba rona ba ka be ba ile ba qeneheloa, ’me ba sa tseteloa motseng oo o moholo Moroniha. ’Me ke joana e neng e le ho bokolla ha sechaba seo ho ho holo ho ts’abehang.