Jesu Kreste o ile a iponahatsa ho sechaba sa Nefi, joaloka ha bongata bo ne bo bokane hammoho lefats’eng la Nala, ’me o ile a ba ruta; ’me ka tsela ena o ile a iponahatsa ho bona.
Ho kenyeletsa likhaolo tsa 11 ho isa ho 26.
Khaolo ea 11
Ntate o pakahatsa ka Mora oa hae ea Ratoang—Kreste o ea hlaha le ho phatlalatsa Topollo ea hae—Sechaba se utloa maqeba ka matsohong a hae le maotong le lehlakoreng—Ba hoelehetsa Hosanna—O beha tsela le mokhoa oa kolobetso—Moea oa khang ke oa diabolose—Thuto ea tumelo ea Kreste ke hore batho ba lumele ’me ba kolobetsoe le ho amohela Moea o Halalelang. Ka bo A.D. 34.
1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ho ne ho ena le bongata bo boholo bo neng bo ipokelletse hammoho, ba sechaba sa Nefi, ho potoloha le tempele eo e neng e le lefats’eng la Nala; ’me ba ne ba tsota le ho makala e mong ho e mong, le ka ho bonts’ana phetoho e kholo e tsotehang e nkileng sebaka.
2 ’Me hape ba ne ba buisana ka Jesu Kreste, eo ka eena lets’oao le ileng la fanoa malebana le lefu la hae.
3 ’Me ho ile ha etsahala hore ha joana ba ntse ba buisana e mong ho e mong, ba ile ba utloa lentsoe joaloka ha eka le tsoa leholimong; ’me ba ile ba lahlela mahlo a bona ho potoloha, hobane ha ba ka ba utloisisa lentsoe leo ba le utloileng; ’me e ne e se lentsoe le bohale, le haele ho ba lentsoe le lerata; le ha ho le joalo, ’me ho sa tsotellehe hore e ne e le lentsoe le lenyane le ile la ba hlaba hore ba utloe ho isa botebong, haholo hoo hore ho ne ho se na karolo ea ’mele ea bona eo le neng le sitoa ho etsa hore e thothomele; ee, le ile la ba hlabela moeeng e le kannete, ’me le ile la etsa hore lipelo tsa bona li tuke.
4 ’Me ho ile ha etsahala hore hape ba ile ba utloa lentsoe leo, ’me ba sitoa ho le utloisisa.
5 ’Me hape lekhetlo la boraro ba ile ba utloa lentsoe leo, ’me ba bula litsebe tsa bona ho le utloa; ’me mahlo a bona a ne a lebile molumong oa lona; ’me ba ile ba sheba ka ho tsitsa ho lebileng leholimong, moo molumo o neng o tsoa teng.
6 ’Me bonang, ka lekhetlo la boraro ba ile ba utloisisa lentsoe leo ba le utloileng; ’me le ile la re ho bona:
7 Bonang Mora oaka ea Ratoang, eo ka eena ke khahliloeng haholo, eo ka eena ke tlotlisitseng lebitso la ka—mo utloeng.
8 ’Me ho ile ha etsahala hore, ha ba ntse ba utloisisa ba ile ba lahlela mahlo a bona ho lebana le leholimo; ’me bonang, ba ile ba bona Monna ea theohang ho tsoa leholimong; ’me o ne a apere kobo e ts’oeu: ’me o ile a tla tlase le ho ema ka har’e ho bona; ’me mahlo a bongata boo bohle a ile a fetohela ho eena, ’me ba ne ba sa qeke ho bula melomo ea bona, esita le ho e mong ho e mong, ’me ba ne ba sa tsebe hore ho bolelang, hobane ba ne ba nahana hore ke lengeloi le hlahileng ho bona.
9 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a otlolla letsoho la hae ’me a bua le sechaba seo, a re:
10 Bonang, ke Jesu Kreste, eo baporofeta ba ileng ba pakahatsa hore ke tla tla lefats’eng.
11 ’Me bonang, ke ’na leseli le bophelo ba lefats’e; ’me ke noele ho tsoa ka har’e ho senoelo sa ne se babang, seo Ntate a ileng a mpha sona, ’me ke tlotlisitse Ntate ka ho inkela ho ’na libe tsa lefats’e, ka tseo ke ileng ka mamella thato ea Ntate linthong tsohle ho tloha ts’imolohong.
12 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a buile mantsoe a na bongata boo bohle bo ile ba oela fats’e; hobane ba ile ba hopola hore ho ile ha porofetoa har’a bona hore Kreste o tla iponahatsa ho bona kamor’a ho nyolohela ha hae leholimong.
13 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a bua ho bona a re:
14 Emang le tle ho ’na, hore le tle le kenye matsoho a lona lehlakoreng la ka, ’me hape hore le tle le utloe maqeba a lithakhisa matsohong a ka le maotong a ka, hore le tle le tsebe hore ke Molimo oa Iseraele, le Molimo oa lefats’e lohle, ’me ke bolaetsoe libe tsa lefats’e.
15 ’Me ho ile ha etsahala hore bongata boo bo ile ba ea, ’me ba kenya matsoho a bona lehlakoreng la hae, ’me ba ile ba utloa maqeba a lithakhisa matsohong a hae le maotong a hae; ’me sena ba ile ba se etsa, ba ntse ba ea ka bo ’ngoe hofihlela ba ile kaofela, ’me ba bone ka mahlo a bona le ho utloa ka matsoho a bona, le ho tseba e le kannete le ho pakahatsa hore ke eena, eo ho ileng ha ngoloa ke baporofeta hore o tla tla.
16 ’Me ha ba se ba ile kaofela le ho ipakela ka bo bona, ba ile ba hoelehetsa hammoho ba re:
17 Hosanna! Ho bokoe lebitso la Molimo ea holimo bo fetisang! ’Me ba ile oela fats’e maotong a Jesu, ’me ba ile ba mo khumamela.
18 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a bua le Nefi (hobane Nefi o ne a le har’a bongata boo) ’me o ile a mo laela hore a tle.
19 ’Me Nefi a ema ’me a ea, ’me a inama ka pele ho Morena ’me a aka maoto a hae.
20 ’Me Morena o ile a mo laela hore a eme. ’Me o ile a phahama le ho ema ka pele ho eena.
21 ’Me Morena o ile a re ho eena: Ke u fa matla a hore u tla kolobetsa sechaba sena ha ke nyolohetse leholimong hape.
22 ’Me hape Morena o ile a bitsa ba bang, ’me a bolela ho bona ka tsela e ts’oanang; ’me a ba fa matla a ho kolobetsa. ’Me o ile a re ho bona: Ke ka mokhoa ona le tlang ho kolobetsa; ’me ha hona ho ba le litsekisano har’a lona.
23 Kannete ke re ho lona, hore mang kapa mang ea bakelang libe tsa hae ka mantsoe a lona, ’me a lakatsa ho kolobetsoa ka lebitso la ka, le tla ba kolobetsa ka mokhoa ona—Bonang, le tla theohela tlase ’me le eme ka metsing, ’me ka lebitso la ka le tla ba kolobetsa.
24 ’Me joale bonang, ana ke mantsoe ao le tlang ho a bolela, le ba bitsa ka lebitso, le re:
25 Ka ho ba le tokelo eo ke e filoeng ke Jesu Kreste, ke u kolobetsa ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang. Amen.
26 ’Me e be le tla ba qoelisa ka metsing, ’me ba boele ba tsoe hape ka metsing.
27 ’Me ke ka mokhoa ona le tlang ho kolobetsa ka lebitso la ka; hobane bonang, kannete ke re ho lona, hore Ntate, le Mora, le Moea o Halalelang ke bo ’ngoe; ke ka ho Ntate, le Ntate ka ho ’na, ’Me Ntate le ’na re bo ’ngoe.
28 ’Me ho latela kamoo ke le laetseng ke joana le tlang ho kolobetsa. ’Me ha ho na ho ba le litsekisana har’a lona, joaloka ha hofihlela mona ho bile joalo; le ha e ka ba litsekisano har’a lona malebana le lintlha tsa thuto ea ka ea tumelo, joaloka ha hofihlela joale ho bile joalo.
29 Hobane kannete-nete ke re ho lona, ea nang le moea oa khang ha se oa ka, empa ke oa diabolose, eo e leng ntat’a khang, ’me o hlohleletsa lipelo tsa batho ho loana ka khalefo, e mong ho e mong.
30 Bonang, ena ha se thuto ea ka ea tumelo, ho hlohleletsa lipelo tsa batho ho halefa, e mong khahlanong le e mong; empa ena ke thuto eaka ea tumelo, hore lintho tse joalo li lahleloe hole.
31 Bonang, Kannete-nete, ke re ho lona, ke tla phatlalatsa ho lona thuto eaka ea tumelo.
32 ’Me ena ke thuto eaka ea tumelo, ’me ke thuto ea tumelo eo Ntate a mphileng eona; ’me ke pakahatsa ka Ntate, le Ntate o pakahatsa ka ’na, ’me Moea o Halalelang oa pakahatsa ka Ntate le ’na; ’me kea pakahatsa hore Ntate o laetse batho bohle, hohle, ho baka le ho lumela ho ’na.
33 ’Me mang kapa mang ea lumelang ho ’na, ’me a kolobetsoa, ea ts’oanang o tla pholosoa; ’me ke bona ba tlang ho ja lefa ’muso oa Molimo.
34 ’Me mang kapa mang ea sa lumeleng ho ’na, ’me a sa kolobetsoe, o tla tsuoa.
35 Kannete-nete ke re ho lona, hore ena ke thuto eaka ea tumelo, ’me ke pakahatsa ka eona ho tsoa ho Ntate; ’me mang kapa mang ea lumelang ho ’na o lumela le ho Ntate hape; ’me ho eena Ntate o tla pakahatsa ka ’na, hobane o tla mo etela ka mollo le ka Moea o Halalelang.
36 ’Me ke joana Ntate a tlang ho pakahatsa ka ’na, le Moea o Halalelang o tla pakahatsa ho eena ka Ntate, le ka ’na; hobane Ntate le ’na, le Moea o Halalelang ke bo ’ngoe.
37 ’Me hape ke re ho lona, le tlameha ho baka, ’me le fetohe joaloka ngoana e monyenyane, ’me le kolobetsoe ka lebitso la ka, kapa ha le na ka mokhoa oo le ka amohelang lintho tsena.
38 ’Me hape ke re ho lona, le tlameha ho baka, ’me le kolobetsoe ka lebitso la ka, ’me le fetohe joaloka ngoana e monyenyane, kapa ha hona ka mokhoa oo le ka jang lefa la ’muso oa Molimo.
39 Kannete-nete, ke re ho lona, hore ena ke thuto eaka ea tumelo, ’me mang kapa mang ea ahang holim’a sena o aha holim’a lefika la ka, ’me likhoro tsa lihele li tla sitoa ho hlola khahlanong le bona.
40 ’Me mang kapa mang ea tlang ho phatlalatsa ho feta kapa hanyane ho feta sena, ’me a e thehe e le thuto eaka ea tumelo, ea ts’oanang o tsoa ho bobe, ’me ha aha holim’a lefika la ka; empa o ahile holim’a motheo oa lehlabathe, ’me likhoro tsa lihele li eme li butsoe ho amohela ba joalo ha likhohola li tla le meea ea otla holim’a bona.
41 Ka baka leo, e eang ho sechaba sena, ’me le phatlalatse mantsoe ao ke a boletseng, ho isa lipheletsong tsa lefats’e.