Mangolo a halalelang
3 Nefi 10


Khaolo ea 10

Ho utloahala ho khutsitse lefats’eng leo bakeng sa lihora tse ngata—Lentsoe la Kreste le ts’episa ho bokella sechaba sa hae joalo ka khoho ha e bokella litsuonyana tsa eona—Karolo e lokileng ho feta ea sechaba e bolokiloe. Ka bo A.D. 34–35.

1 ’Me joale bonang, ho ile ha etsahala hore sechaba sohle sa lefats’e leo ba ile ba utloa lipolelo tsena, ’me ba ile ba li paka. ’Me kamorao ho lipolelo tsena ho ile ha eba le khutso lefats’eng leo sebaka sa lihora tse ngata;

2 Hobane ho ne ho le ho holo hakaalo ho makala ha sechaba seo hore ba ile ba emisa ho lla le ho bokolla bakeng sa tahlehelo ea maloko a bona a bolailoeng; ka baka leo ho ne ho ena le khutso lefats’eng leo lohle sebakeng sa lihora tse ngata.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha tla lentsoe hape ho sechaba seo, ’me sechaba sohle se ile sa utloa, ’me ba ile ba le paka, le re:

4 Oho lona sechaba sa metse ena e meholo e oetseng, bao le leng litloholo tsa Jakobo, ee, bao le leng ba ntlo ea Iseraele, ke hangata hakae ke ileng ka le bokella joaloka khoho ha e bokella litsuonyana tsa eona tlasa mapheo a eona, ’me ka le fepa.

5 ’Me hape, ke hangata hakae ke ileng ka le bokella joaloka khoho ha e bokella litsuonyana tsa eona tlasa mapheo a eona, ee, Oho lona sechaba sa ntlo ea Iseraele, ba oeleng; ee, Oho lona sechaba sa ntlo ea Iseraele, lona ba lulang Jerusalema, joaloka lona ba oeleng; ee, ke hangata hakae ke ileng ka le bokella joaloka khoho ha e bokella litsuonyana tsa eona, ’me le sa batle.

6 Oho lona ntlo ea Iseraele bao ke ba qenehetseng, ke hangata hakae ke tlang ho le bokella joaloka khoho ha e bokella litsuonyana tsa eona tlasa mapheo a eona, haeba le tla baka ’me le khutlele ho ’na ka morero oa pelo e felletseng.

7 Empa haeba ho se joalo, Oho ntlo ea Iseraele, libaka tsa bolulo ba hau li tla fetoha lesupi hofihlela nako ea ho phethahatsoa ha selekane sa bo ntat’a lona.

8 ’Me joale ho ile ha etsahala hore kamor’a hore sechaba seo se utloe mantsoe a na, bonang, ba ile ba qala ho lla le ho bokolla hape ka lebaka la tahlehelo ea maloko a bona le metsoalle.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ke joana matsatsi a mararo a ileng a feta. ’Me e ne e le hoseng, le lefifi le qhalehile ho tloha sefahlehong sa lefats’e leo, le lefats’e le ile la emisa ho thothomela, le mafika a ile a emisa ho kamoha, le ho bobola ho ts’abehang ho ile ha emisa, ’me marata ohle a moferefere a ile a feta.

10 ’Me le lefats’e le ile la kopana hape, hore le ile la ema; ’me ho bobola, le ho lla, le ho bokolla ha sechaba se neng se qenehetsoe ho phela ho ile ha emisa; ’me ho bobola ha bona ho ile ha fetoleloa ho nyakallo, le lillo tsa bona ho thoriso le teboho ho Morena Jesu Kreste, Molopolli oa bona.

11 ’Me ke ho fihlela mona moo mangolo a halalelang a ileng a phethahatsoa ao a ileng a boleloa ke baporofeta.

12 ’Me e ne e le karolo e lokileng ho feta ea sechaba e ileng ea pholosoa, ’me e ne e le bona ba ileng ba amohela baporofeta le ho se ba tlepetse ka majoe; ’me e ne e le bona ba neng ba sa ts’olla mali a bahalaleli, ba ileng ba qeneheloa—

13 ’Me ba ile ba qeneheloa ’me ba ne ba sa teba le ho patoa ka har’a lefats’e; ’me ba ne ba sa noela botebong ba leoatle; ’me ba ne ba sa chesoa ka mollo, le ha ho le joalo ho oela le ho sileloa lefung; ’me ba ne ba sa nkoa ke setsokotsane; le ha e le ho hloloa ke muoane oa mosi le lefifi.

14 ’Me joale, ea balang, a utloisise; ea nang le mangolo a halalelang, a batle ho ona, ’me a shebe le ho bona haeba mafu ana oohle le lits’enyo ka mollo, le ka mosi, le ka lifefo, le ka litsokotsane, le ka ho buleha ha lefats’e ho ba amohela, ’me lintho tsena tsohle ha se ho phethahatseng ha boporofeta ba baporofeta ba bangata ba halalelang.

15 Bonang, ke re ho lona, Ee, ba bangata ba ile ba pakahatsa ka lintho tsena ka ho tla ha Kreste, ’me ba ile ba bolaoa hobane ba ile ba pakahatsa ka lintho tsena.

16 Ee, mporofeta Zenos o ile a pakahatsa ka lintho tsena, hape le Zenock o ile a bua malebana le lintho tsena, hobane ba ile ba pakahatsa ka kotloloho malebana le rona, bao re leng karolo e setseng ea peo ea bona.

17 Bonang, ntat’a rona Jakobo hape o ile a pakahatsa malebana le karolo e setseng ea peo ea Josefa. ’Me bonang, na ha re karolo e setseng ea peo ea Josefa? ’Me lintho tsena tse pakahatsang ka rona, na ha lia ngoloa holim’a matlapa a tss’pe e khubelu ao ntat’a rona Lehi a a tlisitseng ho tsoa Jerusalema?

18 ’Me ho ile ha etsahala hore pheletsong ea selemo sa mashome a mararo a metso e mene, bonang, ke tla le bonts’a hore sechaba sa Nefi se ileng sa qeneheloa, le bao ba neng ba bitsoa Ba-Lamane, ba ileng ba qeneheloa, ba ile ba fumana ho bonts’oa melemo ho bona, le lihlohonolofatso tse kholo tsa ts’olleloa holim’a lihlooho tsa bona, haholo hoo hore haufinyane kamorao ho nyolohelo ea Kreste ho ea leholimong o ile a iponahatsa ho bona kannete—

19 Ho bonts’a ’mele oa hae ho bona, le ho ba sebeletsa; ’me pale ea boruti ba hae e tla fanoa kamorao ho mona. Ka baka leo bakeng sa nako ena ke etsa pheletso ea lipolelo tsa ka.