Mangolo a halalelang
3 Nefi 14


Khaolo ea 14

Jesu oa laela: Se ahloleng; kopang ho Molimo; hlokomelang baporofeta ba bohata—O ts’episa poloko ho ba etsang thato ea Ntate—Bapisa Mattheu 7. Ka bo A.D. 34.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a boletse mantsoe ana o ile a fetohela hape ka ho bongata, ’me o ile a bula molomo oa hae ho bona hape, a re: Kannete-nete, ke re ho lona, se Ahloleng, hore le tle le se ke la ahloloa.

2 Hobane ka kahlolo eo le ahlolang ba bang, le tla ahloloa; ’me ka tekanyetso eo le lekanyang ka eona, le tla lekanyetsoa ka eona hape.

3 ’Me hobaneng u bona lehlokoana le ka leihlong la ngoaneno, empa u sa lemohe hlaka e ka leihlong la hau?

4 Kapa ke joang u tla re ho ngoaneno: e re ke nts’e lehlokoana ka leihlong la hau—’me bona, hlaka e ka leihlong la hau?

5 Moikaketsi, pele nts’a hlaka e ka leihlong la hau; ’me e be joale u tla bonts’isa ho lahlela kantle lehlokoana le ka leihlong la ngoaneno.

6 Le se ke la fana ka se halalelang ho lintja, le haele ho lahlela liperela tsa lona ka pele ho likolobe, e se re tsa li hatikela tlasa maoto a tsona, ’me li khutle hape li le harole.

7 Kopa, ’me u tla fuoa; batla ’me u tla fumana, kokota, ’me u tla buleloa.

8 Hobane e mong le e mong ea kopang o tla fuoa; ’me ea batlanag o tla fumana; ’me ho ea kokotang, o tla buleloa.

9 Kapa ke motho o fe ho lona, eo, ha mora a mo kopa bohobe, a tlang ho mo fa lejoe?

10 Kapa ha a kopa hlapi, e be o tla mo fa noha?

11 Haeba lona joale, le le khopo, le tseba ho fana ka limpho tse molemo ho bana ba lona, ke ha kae ho feta moo Ntat’a lona ea maholimong a fanang ka lintho tse molemo ho bao ba mo kopang?

12 Ka baka leo, lintho tsohle le lakatsang hore batho ba li etse ho lona, le etse joalo le ho bona, hobane ona le oona molao le baporofeta.

13 Kenang ka khoro e otlolohileng; hobane e sephara khoro, le tsela e pharalletse, eo e isang timelong, ’me ba bangata moo ba kenang ka eona;

14 Hobane e patisane khoro, le tsela e ts’esane e isang bophelong, ’me ba ea fokola moo ba e fumanang.

15 Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ea nku, empa ka har’e e le liphiri tse harolang.

16 Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona. Na batho ba khola morara meutloeng, kapa lifeie hlabahlabaneng?

17 Esita le joalo sefate se seng le se seng se setle se beha tholoana tse molemo; empa sefate se sebe se beha tholoana tse mpe.

18 Sefate se setle se sitoa ho beha tholoana tse mpe, le haele sefate se sebe ho beha tholoana tse ntle.

19 Sefate se seng le se seng se sitoang ho beha tholoana tse molemo se tla rengoa, ’me se akheloe mollong.

20 Ka baka leo, le tla ba tseba ka litholaona tsa bona.

21 Ha se bohle ba reng ho ’na, Morena, Morena, ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa eena ea etsang thato ea Ntate ea Maholimong.

22 Ba bangata ba tla re ho ’na ka letsatsi leo: Morena, Morena, na ha rea ka ra porofeta ka lebitso la hau, ’me ka lebitso la hau ra leleka batemona, ’me ka lebitso la hau ra etsa liketso tse ngata tse makatsang?

23 ’Me joale ke tla bolela ho bona: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla, tlohang ho ’na lona ba sebetsang bokhopo.

24 Ka baka leo, mang kapa mang ea utloang lipolelo tsena tsa ka ’me a li phethisa, ke tla mo ts’oants’a le motho ea ahang ntlo ea hae holim’a lefika—

25 ’Me pula e ile ea theoha, le likhohola tsa tla, le mea ea foka, ’me tsa otla ntlo eo; ’me ha e ea ka ea oela, hobane e ne e thehiloe holim’a lefika.

26 ’Me e mong le e mong ea utloang lipolelo tsena tsa ka ’me a sa le phethe bona ke ba ts’oants’a le monna ea leoatla, ea ahang ntlo ea hae holim’a lehlabathe—

27 ’Me pula e ile ea theoha, le likhohola tsa tla, le meea ea foka, ’me tsa otla ntlo eo; ’me e ile ea oela, le ho oa ha eona e ne le ho ho holo.