Mangolo a halalelang
3 Nefi 18


Khaolo ea 18

Jesu o qala selallo har’a Ba-Nefi—Ba laeloa hore ba rapele kamehla ka lebitso la hae—Bao ba jang ’mele oa hae le ho noa mali a hae ba sa lokela ba tsuoa—Barutuoa ba fua matla a ho fana ka Moea o Halalelang. Ka bo A.D. 34.

1 ’Me ho ile haetshala hore Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba tlise bohobe le veini ho eena.

2 ’Me ha ba ne ba tsamaile bakeng sa bohobe le veini, o ile a laela bongata boo hore ba tle ba itulise ka bo bona tlase holim’a lefats’e.

3 ’Me ha barutuoa ba se ba tlile le bohobe le veini, o ile a nka bohobe ’me a bo roba ’me bo hlohonolofatsa; ’me a fa barutuoa le ho ba laela hore ba je.

4 ’Me ha ba se ba jele ’me ba khotse, o ile a laela hore ba fe bongata boo.

5 ’Me ha bongata bo se bo jele ’me ba khotse, o ile a re ho barutuoa: Bonang, ho tla ba le ea behoang matsoho har’a lona, ’me ho eena ke tla fana ka matla hore o tla roba bohobe le ho bo hlohonolofatsa le ho bo fana ho sechaba sa kereke ea ka, ho bohle bao ba tlang ho lumela le ho kolobetsoa ka lebitso la ka.

6 ’Me sena le tla ela hloko ea ho se etsa kamehla, esita le joaloka ha ke entse, esita le joaloka ha ke robile bohobe me ke bo hlohonolofalitse le ho le fa bona.

7 ’Me sena le tla se etsa e le khopotso ea ’mele oa ka, oo ke le bonts’itseng oona. ’Me e tla ba bopaki ho Ntate hore lea nkhopola kamehla. ’Me haeba le nkhopola kamehla le tla ba le Moea oaka ho ba le lona.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a se a boletse mantsoe a na, o ile a laela barutuoa ba hae hore ba nke veini ea senoelo ’me ba e noe, ’me hape ba e fe bongata boo hore ba ke ba e noe.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba etsa joalo, ’me ba ile ba e noa ’me ba khora; ’me ba ile ba e fa bongata, ’me ba ile ba noa, ’me ba ile ba khora.

10 ’Me ha barutuoa ba se ba entse sena, Jesu o ile a re ho bona: Le lehlohonolo bakeng sa ntho ena eo le e entseng, hobane hona ke phethahatso ea litaelo tsa ka, ’me sena se etsa ho paka ho Ntate hore le ikemiselitse ho etsa seo ke le laetseng sona.

11 ’Me sena le tla se etsa kamehla ho bao ba bakang ’me ba kolobetsoa ka lebitso la ka; ’me le tla e etsa e le khopotso ea mali a ka, ao ke le ts’olletseng bakeng sa lona, hore le tle le pake ho Ntate hore le nkhopola kamehla. ’Me haeba le nkhopola kamehla le tla ba le Moea oaka ho ba le lona.

12 ’Me ke le fa taelo hore le tla etsa lintho tsena. ’Me haeba kamehla le tla etsa lintho tsena le lehlohonolo, hobane le ahiloe holim’a lefika la ka.

13 Empa mang kapa mang har’a lona ea tlang ho etsa ho feta kapa hanyane ho feta bana ha ba ea ahoa holim’a lefika la ka, empa ba ahiloe holim’a motheo oa lehlabathe; ’me ha pula e theoha, le likhohola li tla, le meea e foka, le ho otla holim’a bona, ba tla oela, le likhoro tsa lihele li lokile ho bula ho ba amohela.

14 Ka baka leo le lehlohonolo haeba le tla boloka litaelo tsa ka, tseo Ntate a laetseng hore ke le fe tsona.

15 Kannete-nete, ke re ho lona, le tlameha hore le falimehe le ho rapela kamehla, e se re la lekoa ke diabolose, ’me le etelloe hole litlamong ke eena.

16 ’Me joaloka ha ke rapetse har’a lona esita le joalo le tla rapela kerekeng ea ka, har’a sechaba sa ka se bakang, ’me se kolobetsoa ka lebitso la ka. Bonang ke leseli; ke le entse mohlala bakeng sa lona.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a boletse mantsoe a na ho barutuoa ba hae, o ile a fetohela hape ka ho bongata ’me a re ho bona:

18 Bonang, Kannete-nete, ke re ho lona, le tlameha hore le falimehe le ho rapela kamehla, e se re la kena molekong; hobane Satane o lakatsa ho ba le lona, hore a ke a le hlokole joaloka koro.

19 Ka baka leo le tlameha hore kamehla le rapele ho Ntate ka lebitso la ka;

20 ’Me eng kapa eng eo le tlang ho e kopa ho Ntate ka lebitso la ka, e lokileng, le lumela hore le tla fumana, bonang e tla fanoa ho lona.

21 Rapelang ka malapeng a lona ho Ntate, kamehla ka lebitso la ka, hore basali ba lona le bana ba lona ba ke ba hlohonolofatsoe.

22 ’Me bonang, le tla kopana hammoho hangata; ’me ha le na ho hanela motho o fe ho tla ho lona ha le tla kopana hammoho, ’empa ba lumelleng hore ba ke ba tle ho lona ’me le se ke la ba thibela.

23 Empa le tla ba rapella, ’me ha le na ho ba lahlela kantle; ’me haeba e ka ba hore ba tla ho lona hangata le tla ba rapella ho Ntate, ka lebitso la ka.

24 Ka baka leo, ts’oarelang holimo leseli la lona hore le ke le khanye ho lefats’e. Bonang, ke ’na leseli leo le tlang ho le ts’oarela holimo—seo le se boneng ke se etsa. Bonang lea bona hore ke rapetse ho Ntate, ’me le pakile.

25 ’Me lea bona hore ke laetse hore ho se be le mang oa lona a ka tsamaelang hole, empa ho ena le hoo ke laetse hore le tle ho ’na, hore le ke le utloe le ho bona; esita le joalo le tla etsa ho lefats’e; me mang kapa mang ea robang taelo ena o itumella ho isoa molekong.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a buile mantsoe a na, o ile a fetolela mahlo a hae hape ho barutuoa bao a ileng a ba khetha, ’me a re ho bona:

27 Bonang Kannete-nete, ke re ho lona, ke le fa taelo e ngoe, ’me e be ke tlameha ho ea ho Ntate oa ka hore ke phethahatse litaelo tse ling tseo a mphileng tsona.

28 ’Me joale bonang, ena ke taelo eo ke le fang eona, hore ha le na ho lumella mang kapa mang ka ho tseba hore a nke ’mele oa ka le mali ka boemo bo sa lokelang, ha le tla fana ka eona;

29 Hobane mang kapa mang ea jang le ho noa ’mele oa ka le mali ka boemo bo sa lokeleng o ja le ho noa tsuo moeeng oa hae; ka baka leo haeba le tseba hore motho ha a lokela ho ja le ho noa ’mele oa ka le mali le tla mo thibela.

30 Le ha ho le joalo, ha le noa ho mo lahlela kantle ho tsoa har’a lona, empa le tla mo sebeletsa, ’me le mo rapelle ho Ntate, ka lebitso la ka; ’me haeba ho etsahala hore o oa baka ’me o kolobetsoa ka lebitso la ka, joale le tla mo amohela, ’me le tla mo hlohonolofatsa ho eena ’mele le mali a ka.

31 Empa haeba a sa bake a keke a baloa har’a sechaba sa ka, hore a ke a se ke a timetsa sechaba sa ka, hobane bonang ke tseba linku tsa ka, ’me li baliloe.

32 Le ha ho le joalo, ha le na ho mo lahlela kantle ho lisinagoge tsa lona, kapa libakeng tsa lona tsa ho khumamela, hobane ho ba joalo le tla tsoelapele ho sebeletsa; hobane ha le tsebe hore eng ba tla khutla le ho baka, ’me ba tle ho ’na ka morero o feletseng oa pelo, ’me ke tla ba folisa; ’me le tla ba mokhoa oa ho tlisa polokeho ho bona.

33 Ka baka leo, bolokang lipolelo tsena tseo ke le laetseng lona hore le se ke la tla tlasa nyatso; hobane ho malimabe eena eo Ntate a mo ahlolang.

34 ’Me ke le fa litaelo tsena ka lebaka la litsekisano tse bileng teng har’a lona. ’Me ho lehlohonolo lona haeba ha le na litsekisano har’a lona.

35 ’Me joale ke ea ho Ntate, hobane ho molemo hore ke tle ke ee ho Ntate bakeng sa lona.

36 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se aentse pheletso ea lipolelo tsa hae, o ile a ts’oara ka letsoho la hae barutuoa bao a ileng a ba khetha, ka bo ’ngoe, esita le hofihlela a ba ts’oere kaofela, ’me a ntse a bua le bona ha a ntse a ba ts’oara.

37 ’Me bongata ha bo ea ka ba utloa mantsoe ao a a boletseng, ka baka leo ba ne ba sitoa ho paka; empa barutuoa ba ile ba paka hore o ba file matla a ho fana ka Moea o Halalelang. ’Me ke tla le bonts’a kamorao ho mona hore bopaki bona ke ’nete.

38 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a ba ts’oere kaofela, ho ile ha tla leru ’me la koahela bongata boo hore e be ba sitoa ho bona Jesu.

39 ’Me ha ba ntse ba koahetsoe o ile a falla ho tsoa ho bona ’me a nyolohela leholimong. ’Me barutuoa ba ile ba bona ’me ba paka hore o nyolohetse leholimong.