Mangolo a halalelang
3 Nefi 17


Khaolo ea 17

Jesu o laela sechaba ho nahanisisa mantsoe a hae le ho rapella kutluisiso—O phekola bakuli ba bona—O rapella sechaba, a sebelisa puo e sitang ho ngoloa—Mangeloi a sebeletsa [bana] le mollo o potapota bana ba bona. Ka bo A.D. 34.

1 Bonang, joale ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a buile mantsoe a na o ile a sheba ho potoloha hape ho bongata, ’me o ile a re ho bona: Bonang nako ea ka e atametse.

2 Ke lemoha hore lea fokola, hore le sitoa ho utloisisa mantsoe oohle a ka ao ke laetsoeng ke Ntate hore ke a bolele ho loan ka nako ena.

3 Ka baka leo, tsamaeang le ee mahalona, le nahanisise holim’a lintho tseo ke li boletseng, ’me le botse Ntate, ka lebitso la ka, hore le ke le utloisise, ’me le lokisetse likelello tsa lona bakeng sa hosasane, ’me ke tla ho lona hape.

4 Empa joale ke ea ho Ntate, ’me hape ho ea iponahatsa ho meloko e lahlehileng ea Iseraele, hobane ha ba ea lahleha ho Ntate, hobane o tseba moo a ba isitseng teng.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a buile joana, o ile a lahlela mahlo a hae ho potoloha hape le bongata boo, ’me a bona hore ba ne ba le likhapha, ’me ba ile ba sheba ho eena ka ho tsitsa joaloka eka ba tla mo kopa ho lula nako e teletsana le bona.

6 ’Me o ile a re ho bona: Bonang, pelo ea ka e tletse ka khuahelo ho lebana le lona.

7 Na le na le ba kulang har’a lona? Ba tliseng mona. Na le na le ba hlotsang, kapa lifofu, kapa lihlotsa, kapa balepera, kapa ba omeletseng litho, kapa litholo, kapa ba hlokofetseng ka mokhoa o fe? Ba tliseng mona ’me ke tla ba folisa, hobane ke na le khauhelo holim’a lona; pelo eaka e tlese ka mohau.

8 Hobane kea lemoha hore le lakatsa hore ke le bonts’e seo ke se etselitseng ba habo lona Jerusalema, hobane kea bona hore tumelo ea lona e lekane hore ke tle ke le folise.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a se a buile joana, bongata bohle, ka pelo e le ’ngoe, ba ile ba ea le bakuli ba bona le ba bona ba hlokofetseng, le lihlotsa tsa bona, le lifofu tsa bona, le limumu tsa bona, le bona bohle ba neng ba hlokofetse ka mekhoa e fe kapa e fe; ’me o ile a ba folisa e mong le emong joaloka ha ba tse ba tlisoa ho eena.

10 ’Me bohle, bobeli bao ba ileng ba folisoa le ba neng ba felletse, ba ile ba inamela tlase maotong a hae, ’me ba ile ba mo khumamela; ’me ba bangata joaloka ba neng ba khona ho tla hobane bongata bo ile ba aka maoto a hae, haholo hoo hore ba ile ba hlatsoa maoto a hae ka likhapha tsa bona.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a laela hore bana ba bona ba banyane ba tlisoe.

12 Joale ba ile ba tlisa bana ba bona ba banyane ’me ba ba lulisa fats’e holima mobu ho mo potoloha, ’me Jesu o ile a ema hare; ’me bongata boo bo ile ba fana ka tsela hofihlela kaofela ha bona ba tlisitsoe ho eena.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba tlisitsoe kaofela, le Jesu a eme hare, o ile a laela bongata boo hore ba khumame fats’e holim’a mobu.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba khumame holim’a mobu, Jesu o ile a sisimoha ka ho eena, ’me a re: Ntate ke tsielehile ka lebaka la bokhopo ba sechaba sa ntlo ea Iseraele.

15 ’Me ha a se a boletse mantsoe a na, eena ka bo eena o ile a khumama fats’e le eena; ’me bonang o ile a rapela ho Ntate, ’me lintho tseo a ileng a li rapella li sita ho ngoloa, ’me bongata boo bo ile ba paka bao ba ileng ba mo utloa.

16 ’Me ke ka mokhoa o joalo ba pakang: Leihlo ha le so ka le bona, le haele tsebe ho utloa, pele, lintho tse kholo le tse makatsang joalo joaloka ha re ile ra bona le ho utloa Jesu a bua ho Ntate;

17 ’Me ha hona leleme le ka bolelang, la haele hore ho ka ba le motho o fe ea ka ngolang, le haele lipelo tsa batho ho nahana lintho tse kholo le tse makatsang joalo joaloka ha re bone le ho utloa Jesu a bua; ’me ha hona ea ka nahanang nyakallo eo e ileng ea tlatsa meea ea rona ka nako eo re mo utloileng a re rapella ho Ntate.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a entse pheletso ea ho rapela ho Ntate, o ile a ema; empa e ne e le kholo hoo nyakallo ea bongata boo hore ba ne ba hloletsoe.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore Jesu o ile a bua ho bona, ’me a ba laela ho phahama.

20 ’Me ba ile ba phahama ho tsoa fats’e, ’me o ile a re ho bona: Le lehlohonolo ka lebaka la tumelo ea lona. ’Me joale bonang, nyakallo ea ka e tletse.

21 ’Me ha a se a boletse mantsoe a na, o ile a lla, ’me bongata boo bo ile ba paka, ’me o ile a nka bana ba bona ba banyenyane, ka bo ’ngoe, ’me a ba hlohonolofatsa, ’me a rapela ho Ntate bakeng sa bona.

22 ’Me ha a se a entse sena o ile a lla hape;

23 ’Me o ile a bua ho bongata boo, ’me a re ho bona: Bonang bana ba lona.

24 ’Me ha ba sheba ho bona ba ile ba lahlela mahlo a bona ho leba leholimong, ’ma ba ile ba bona maholimo a phetleha, ’me ba ile ba bona mangeloi a theohela kantle ho tsoa leholimong ea eba joaloka ha eka a ka har’a mollo; ’me ba ile ba tla tlase le ho potapota bana bao, ’me ba ne ba potapotiloe ke mollo; ’me mangeloi a ile a ba sebeletsa.

25 ’Me bongata boo bo ile ba bona, le ho utloa le ho paka; ’me ba ea tseba hore bopaki ba bona ke ’nete hobane bona bohle ba ile ba bona le ho utloa, motho e mong le e mong ka bo eena; ’me ka palo ba ne ba ka ba likete tse peli le makholo a mahlano a meea; ’me ba ne ba akarelletsa banna, basali, le bana.