Khaolo ea 15
Jesu o phatlalatsa hore molao oa Moshe o phethahetse ka eena—Ba-Nefi ke linku tse ling tseo a ileng a bua ka tsona ha a le Jerusalema—Ka lebaka la bokhopo, sechaba sa Morena se Jerusalema ha se tsebe ka linku tse qhalaneng tsa Iseraele. Ka bo A.D. 34.
1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a entse pheletso ea lipolelo tsena o ile a lahlela mahlo a hae ho potoloha le bongata, ’me a re ho bona: Bonang, le utluile lintho tseo ke li rutileng pele ke nyolohela ho Ntate, ka baka leo, mang le mang ea hopolang lipolelo tsena tsa ka ’me a li phetha, ke eena eo ke tlang ho mo phahamisetsa holimo ka letsatsi la ho qetela.
2 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a boletse mantsoe a na o ile a lemoha hore ho ne ho ena le ba bang har’a bona ile ba tsota le ho makalla hore na ke eng seo a se lakatsang malebana le molao oa Moshe; hobane ba ne ba sa ka ba utloisisa polelo e reng lintho tsa khale li fetile, le hore lintho tsohle li nchafetse.
3 ’Me o ile a re ho bona: Le se makale hore ke itse ho lona hore lintho tsa khale li fetile, le hore lintho tsohle li nchafetse.
4 Bonang, ke re ho lona hore molao o neng o filoe Moshe o phethahalitsoe.
5 Bonang, ke ’na ea faneng ka molao, ’me ke ’na ea entseng selekane le sechaba sa ka Iseraele; ka baka leo, molao oo o phathahetse ka ’na, hobane ke tlile ho tla phathahatsa molao; ka baka leo o na le pheletso.
6 Bonang, ha ke timetse baporofeta, hobane joaloka ha tse ngata li sa phethahatsoa ka ’na, kannete ke re ho lona, li tla phethahatsoa kaofela.
7 ’Me hobane ke re ho lona hore lintho tsa khale li fetile, ha ke timetse tseno tse boletsoeng malebana le lintho tse tlang ho tla.
8 Hobane bonang, selekane seo ke se entseng le sechaba sa ka ha sea phethahatsoa kaofela; empa molao o ileng oa fuoa Moshe o na le pheletso ka ho ’na.
9 Bonang, ke molao, le leseli. Shebang ho ’na, ’me le mamelle ho isa qetellong, ’me le tla phela; hobane ho ea mamellang ho isa qetellong ke tla mo fa bophelo ba bosafeleng.
10 Bonang, ke le file litaelo; ka baka leo bolokang litaelo tsa ka. ’Me ke ona molao le baporofeta, hobane kannete ba ile ba pakahatsa ka ’na.
11 ’Me ho ile ha etsahala hore hore ha Jesu a se a boletse mantsoe a na, o ile a re ho bao ba leshome le metso e ’meli bao a ba khethileng:
12 Le barutuoa ba ka; ’me le leseli ho sechaba sena, seo e leng karolo e setseng ea ntlo ea Josefa.
13 ’Me bonang, lefats’e lena ke la bojafa ba lona; ’me Ntate o le file lona.
14 ’Me ha hona ka nako e fe Ntate a ileng a mpha taelo ea hore ke e bolele ho ba habo lona ba Jerusalema.
15 Le haele hore ka nako e fe Ntate a ileng a mpha molao oa hore ke ba bolelle malebana le merabe e meng ea ntlo ea Iseraele, bao Ntate a ba etelletseng hole ho tsoa lefats’eng leo.
16 Ke ha kana Ntate a ileng a ntaela, hore ke tle ke ba joetse:
17 Hore ke na le linku tse ling tseo e seng tsa lesaka le na; le tsona ke tlameha ho li tlisa, ’me li tla utloa lentsoe la ka; ’me mohlape o tla ba mong, le molisa ea mong.
18 ’Me joale, ka lebaka la melala e sataletseng le ho se lumele ba ile ba sitoa ho utloisisa lentsoe la ka; ka baka leo ke ile ka laeloa ho se bolele ho feta ka Ntate malebana le ntho ena ho bona.
19 Empa, kannete, ke re ho lona Ntate o ntaetse, ’me ke e bolela ho lona, hore le ile la aroloa ho tsoa har’a bona ka lebaka la bokhopo ba bona; ka baka leo ke ka lebaka la bokhopo ba bona hore e be ha ba tsebe ka lona.
20 ’Me kannete, ke re ho lona hape hore Ntate o arotse merabe e meng ho tsoa har’a bona; ’me ke lebaka la bokhopo ba bona hore e be ha ba tsebe ka bona.
21 ’Me kannete ke re ho lona, hore le bona bao ke ileng ka re: Linku tse ling tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona ke tlameha ho li tlisa, ’me li tla utloa lentsoe la ka; ’me mohlape o tla ba mong, le molisa ea mong.
22 ’Me ba ile ba sitoa ho nkutloisisa, hobane ba ne ba nahana e ne e le Balichaba; hobane ba ile ba sitoa ho utloisisa hore Balichaba ba tla sokoloha ka thuto ea bona.
23 ’Me ba ile ba sitoa ho nkutloisisa hore ke itse ba tla utloa lentsoe la ka; ’me ba ile ba sitoa ho nkutloisisa hore Balichaba ha hona nako e fe eo ba tlang ho utloa lentsoe la ka—hore ha ke na ho iponahatsa ho bana ha e se ka Moea o Halalelang.
24 Empa bonang, bobeli le utloile lentsoe la ka, ’me le mpone; ’me le linku tsa ka, ’me le baloa har’a bao Ntate a mphileng bona.