Mangolo a halalelang
3 Nefi 16


Khaolo ea 16

Jesu o tla etela ba bang ba linku tse lahlehileng tsa Iseraele—Matsatsing a ho qetela evangeli e tla ea ho Balichaba ’me e be e ea ho ntlo ea Iseraele—Sechaba sa Morena se tla bona ka mahlo ha a tlisa Sione hape. Ka bo A.D. 34.

1 ’Me Kannete-nete, ke re ho lona hore ke na le linku tse ling, tseo e seng tsa lefats’e lena, le haele tsa lefats’e la Jerusalema, le haele likarolong li fe tsa lefats’e leo ho potoloha moo ke bileng teng ho sebeletsa.

2 Hobane bao e leng ba bao ke buang ka bona ha ba e so ka ba utloa lentsoe la ka; le haele hore nkile ka iponahatsa ho bona ka nako e fe.

3 Empa ke fumane taelo ea Ntate hore ke tla ea ho bona, ’me ba tla utloa lentsoe la ka, ’me ba tla baloa har’a linku tsa ka, e le hore, hore ho tle ho be le mohlape o le mong le molisa a le mong: ka baka leo kea tsamaea ho ea iponahatsa ho bona.

4 ’Me ke le laela hore le tla ngola lipolelo tsena kamor’a hore ke tsamaee, hore haeba ho etsahala hore sechaba sa ka se Jerusalema, bao ba mponeng ’me ba eba le ’na bosebeletsing ba ka, ba sitoa ho kopa Ntate ka lebitso la ka, hore ba fumane tsebo ka lona ka Moea o Halalelang, ’me hape le meloko e meng eo ba sa e tsebeng, hore lipolelo tsena tseo le tlang ho li ngola li tla bolokoa ’me li tla bonahatsoa ho Balichaba, hore ka botlalo ba Balichaba, karolo e setseng ea peo ea bona, ba tlang ho hasana holima’a sefahleho sa lefats’e ka lebaka la ho se lumele ha bona, ba ka tlisoa ka har’e, kapa ba ka tlisoa tsebong ea ka, Molopolli oa bona.

5 ’Me e be ke tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’ne tsa lefats’e; ’me e be ke tla phethahatsa selekane seo Ntate a se entseng ho sechaba sohle sa ntlo ea Iseraele.

6 ’Me ho lehlohonolo Balichaba, ka lebaka la ho lumela ha bona ho ’na, ka le ho Moea o Halalelang, oo o pakahatsang ho bona ka ’na le ka Ntate.

7 Bonang, ka lebaka la ho lumela ha bona ho ’na, ho bolela Ntate, ’me ka lebaka la ho se lumele ha lona, Oho ntlo ea Iseraele, ka letsatsi la ho qetela ’nete e tla tla ho Balichaba, hore botlalo ba lintho tsena bo tla etsoa hore bo tsebahale ho bona.

8 Empa ho malimabe, ho bolela Ntate, ho ba sa lumeleng ba Balichaba—hobane ho sa tsotellehe ba tlile holima sefahleho sa lefats’e lena, ’me ba hasantse sechaba sa ka seo e leng ba ntlo ea Iseraele; ’me sechaba sa ka bao e leng ntlo ea Iseraele ba lahletsoe ka ntle ho tsoa har’a bona, ’me ba hatiketsoe tlasa maoto ke bona;

9 ’Me ka lebaka la mehau ea Ntate ho Balichaba, hape le likahlolo tsa Ntate holim’a sechaba sa ka bao e leng ba ntlo ea Iseraele, Kannete-nete, ke re ho lona, hore kamoraoa ho se na sohle, ’me ke entse hore sechaba sa ka bao e leng ba ntlo ea Iseraele ba otloe le ho hlokofatsoa, le ho bolaoa, le ho lahleloa ka ntle ho tsoa har’a bona, le ho fetoha ba hlouoeng ke bona, le ho fetoha mohoeshetso le sesomo har’a bona—

10 ’Me ke joana ho ileng ha laela Ntate hore ke tle ke bolele ho lona: Ka letsatsi leo Balichaba ba tlang ho etsa sebe khahlanong le evangeli ea ka, ’me ba tlang ho latola botlalo ba evangeli ea ka, ’me ba tlang ho phahamisetsoa holimo boikhohomosong ba lipelo tsa bona kaholim’a lichaba tsohle, le holim’a sechaba sohle sa lefats’e lohle, ’me ba tlang ho tlala ka mekhoa eohle ea boikaketsi, le lipolao, le boruti ba bohata, le bofebe, le manyala a sephiri; ’me haeba ba tla etsa lintho tseo tsohle, ’me ba tla latola botlalo ba evangeli ea ka, bonang, ho bolela Ntate, ke tla tlisa botlalo ba evangeli ea ka ho tsoa har’a bona.

11 ’Me e be ke tla hopola selekane sa ka seo ke se entseng ho sechaba sa ka, Oho ntlo ea Iseraele, ’me ke tla tlisa evangeli ea ka ho bona.

12 ’Me ke tla le bonts’a, Oho ntlo ea Iseraele, hore Balichaba ha ba na ho ba le matla holim’a lona; empa ke tla hopola selekane sa ka ho lona, Oho ntlo ea Iseraele, ’me le tla tla tsebong ea botlalo ba evangeli ea ka.

13 Empa haeba Balichaba ba tla baka ’me ba khutlele ho ’na, ho bolela Ntate, bonang, ba tla baloa har’a sechaba sa ka, Oho ntlo ea Iseraele.

14 ’Me nke ke ka lumela hore sechaba sa ka, bao e leng ba ntlo ea Iseraele, ho feta har’a bona, le ho ba hatikela fats’e, ho bolela Ntate.

15 Empa haeba ha ba na ho khutlela ho ’na, le ho mamela lentsoe la ka, ke tla ba lumella, ee, ke tla lumella sechaba sa ka, Oho ntlo ea Iseraele, hore ba tla feta har’a bona, ’me ba tla ba hatikela fats’e, ’me ba tla ba joaloka letsoai le lahlehetsoeng ke tatso ea lona, leo ho tloha moo le se nang molemo oa letho empa ho lahleloa ka ntle, le ho hatikeloa tlasa maoto a sechaba, Oho ntlo ea Iseraele.

16 Kannete-nete, ke re ho lona, ke joana Ntate a ileng a ntaela—hore ke tle ke fe sechaba sena lefats’e lena bakeng sa bojalefa ba bona.

17 ’Me e be mantsoe a moporofeta Esaia a tla phethahatsoa, a reng:

18 Balebeli ba lona ba tla phahamisa lentse; ka lentsoe hammoho ba tla bina, hobane ba tla bona ka mahlo ha Morena a tla tlisa Sione hape.

19 Khaohang ka nyakallo, binang hammoho, lona libaka tse senyehileng tsa Jerusalema; hobane Morena o ts’elisitse sechaba sa hae, o lopollotse Jerusalema.

20 Morena o bonahalitse letsoho la hae le halalelang mahlong a lichaba tsohle; ’me lipheletso tsohle tsa lefats’e li tla bona poloko ea Molimo.