Khaolo ea 2
Bokhopo le manyala lia eketseha har’a sechaba—Ba-Nefi le Ba-Lamane ba ea kopana ho its’ireletsa khahlanong le masholu a Gadiantone—Ba-Lamane ba sokolohileng ba fetoha ho ba basoeu ’me ba bitsoa Ba-Nefi. Ka bo A.D. 5–16.
1 ’Me ho ileha etsahala hore ke joana ho ileng ha feta hape selemo sa mashome a robong a metso e mehlano, ’me sechaba se ile sa qala ho lebala mats’oao ao le limakatso tseo ba ileng ba li utloa, ’me ba qala ho fokotsa ho makatsoa ke lets’oao kapa mohlolo o tsoang leholimong, haholo hoo hore ba ile ba qala ho thatafala lipelong tsa bona, le ho foufatsa likelello tsa bona, ’me ba qala ho se lumele seo ba se boneng le ho se utloa—
2 Ba nahana e ’ngoe ntho ea lefeela lipelong tsa bona, hore e ne e tlisitsoe ke batho le ka matla a diabolose, ho etella hole le ho thetsa lipelo tsa sechaba; ’Me ke joana Satane a ileng a fumana ho rua lipelo tsa sechaba hape, haholo hoo hore o ile a foufatsa mahlo a bona le ho ba etella hole ho lumela thuto ea tumelo ea Kreste e ne e le ntho ea bothoto le lefeela.
3 ’Me hoile ha etsahala hore sechaba se ile sa qala ho ba le matla bokhopong le manyala; ’me ba ne ba sa lumele hore ho sa tla ba le mats’oao a fetang ka limakatso tse tla fanoa; ’me Satane o ile a tsamaea, a ntse a khelosa lipelo tsa sechaba, a ba leka le ho baka hore ba etse bokhopo bo boholo lefats’eng leo.
4 ’Me ke joana ho ileng ha feta selemo sa mashome a robong a metso e ts’eletseng; hape le selemo sa mashome a robong a metso e supileng; hape le selemo sa mashome a robong a metso e robeli; hape le selemo sa mashome a robong a metso e robong.
5 ’Me hape lilemo tse lekholo li ne li fetile ho tloha matsatsing a Mosaia, eo e neng e le morena holim’a sechaba sa Ba-Nefi.
6 ’Me ho ne ho fetile lilemo tse makholo a ts’eletseng le metso e robong ho tloha Lehi a tlohile Jerusalema.
7 ’Me ho ne ho fetile lilemo tse robong ho tloha nakong eo lets’’oao le ileng la fanoa, le ileng la boleloa ke baporofeta, hore Kreste o tla tla lefats’eng.
8 Joale Ba-Nefi ba ile ba qala ho bala nako ea bona ho tloha nakong ena ea ha lets’oao le fanoa, kapa ho tloha ho ho tla ha Kreste; ka baka leo, lilemo tse robong li ne li fetile.
9 ’Me Nefi, eo e neng e le ntat’a Nefi, ea neng a ena le boikarabelo ba lingoliloeng, ha a ka a khutlela lefats’eng la Zarahemla, ’me ho ne ho se moo a ka fumanehang lefats’eng leo lohle.
10 ’Me ho ile ha etsahala hore sechaba se ile sa sala se ntse se le bokhopong, ho sa tsotellehe thuto e ngata le boporofeta bo ileng ba romeloa har’a bona; ’me ke joana hape ho ileng ha feta selemo sa leshome; ’me selemo sa leshome le motso o mong le sona se ile sa feta ka bokhopo.
11 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa leshome le metso e meraro ho ile ha qala ho ba le lintoa le likhang hohle lefats’eng leo lohle; hobane masholu a Gadiantone a ne a fetohile bongata hoo, ’me a ile a bolaea batho ba bangata hoo, ’me ba ile ba senya metse e mengata hoo, ’me ba ile ba jala lefu le lengata le polao lefats’eng leo lohle, hoo ho ileng ha eba molemo hore sechaba sohle, bobeli Ba-Nefi le Ba-Lamane, ba nke lihlomo khahlanong le bona.
12 Ka baka leo, Ba-Lamane bohle ba ileng ba fetoha ho sokolohela ho Morena ba ile ba kopana le ba habo bona, Ba-Nefi, ’me ba ile ba qobelleha, bakeng sa polokeho ea bophelo ba bona le basali ba bona le bana ba bona, ho nka lihlomo khahlanong le masholu a Gadiantone, ee, ’me hape ho boloka litokelo tsa bona, le litokelo tsa kereke ea bona le ho khumamela, le bolokolohi ba bona le tokoloho ea bona.
13 ’Me ho ile ha etsahala hore pele selemo sena sa leshome le metso e meraro se feta Ba-Nefi ba ne ba ts’ositsoe ke timetso e felletseng ka lebaka la ntoa ena, e ileng ea fetoha ho ba bohloko ka ho fetisisa.
14 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane bao ba ileng ba kopana le Ba-Nefi ba ile ba baloa har’a Ba-Nefi.
15 ’Me thohako ea bona e ile ea tlosoa ho bona, ’me letlalo la bona le ile la fetoha ho ba lesoeu joalo ka la Ba-Nefi.
16 ’Me bahlankana ba bona le barali ba bona ba ile ba fetoha ho ba batle ka ho fetisisa, ’me ba ile ba baloa har’a Ba-Nefi, ’me ba ile ba bitsoa Ba-Nefi. ’Me ke joana e bileng pheletso ea selemo sa leshome le metso e meraro.
17 ’Me ho ile ha etsahala hore qalong ea selemo sa leshome le metso e mene, ntoa e pakeng tsa masholu le sechaba sa Nefi e ile ea tsoelapele ’me e ile ea fetoha ho ba bohloko ka ho fetisisa; le ha ho le joalo, sechaba sa Nefi se ile sa fumana monyetla holim’a masholu ao, haholo hoo hore ba ile ba ba khannela morao ho tsoa mafats’eng a bona ho ea lithabeng le ho libakeng tsa bona tsa lekunutu.
18 ’Me ke joana e bileng pheletso ea selemo sa leshome le metso e mene. ’Me ka selemo sa leshome le metso e mehlano ba ile ba tla khahlanong le sechaba sa Nefi; ’me ka lebaka la bokhopo ba sechba sa Nefi, le likhang tsa bona tse ngata le liphapang, masholu a Gadiantone a ile a fumana menyetla e mengata holim’a bona.
19 ’Me ke joana e bileng pheletso ea selemo sa leshome le metso e mehlano, ’me ke joana sechaba seo se neng se le boemong ba mahlomola a mangata, ’me sabole ea timetso e ile ea leketla holim’a bona, haholo hoo hore ba ne ba le makhatheng a ho otleloa fats’e ka eona, ’me sena ka lebaka la bokhopo ba bona.