Mangolo a halalelang
3 Nefi 6


Khaolo ea 6

Ba-Nefi ba ea atleha—Boikhohomoso, Leruo, le karohano ea maemo lia tsoha—Kereke e aroloa ke liphapang—Satane o etella sechaba ka phetohelo e buleileng—Baporofeta ba bangata ba hoelehetsa pako ’me ba ea boaloa—Babolai ba bona ba rera ho nka puso. Ka bo A.D. 26–30.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore sechaba sa Ba-Nefi bohle ba ile ba khutlela mafats’eng a bona ka selemo sa mashome a mabeli a metso e ts’eletseng, monna e mong le e mong, le lelapa la hae, le likhuts’oane tsa hae, le mehlape ea hae, lipere tsa hae le likhomo tsa hae, le lintho tsohle eng kapa eng tse neng e le tsa bona.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba sa ja lijo tsa bona kaofela; ka baka leo ba ile ba tsamaea ka tsohle tseo ba neng ba so li je, lijo thollo tsohle tsa mefuta eohle tsa bona, le khauta ea bona, le silivera sa bona, le lintho tsa bohlokoa tsa bona, ’me ba ile ba khutlela mafats’eng a bona le maruo a bona, bobeli ka leboea le ka boroa, bobeli lefats’eng le lebang leboea le lefats’eng le lebang boroa.

3 ’Me ba ile ba fa masholu ao a ileng a kena selekaneng ho boloka khotso lefats’eng leo, ba neng ba lakatsa ho sala e le Ba-Lamane, mafats’e, ho latela lipalo tsa bona, hore ba ke ba fumane, ka mesebetsi ea bona, seo ba ka se jang; ’me ke joana ba ileng ba theha khotso lefats’eng leo lohle.

4 ’Me ba ile ba qala hape ho atleha le ho ba baholo; ’me selemo sa mashome a ts’eletseng le a supileng li ile tsa feta, ’me ho ne ho ena le tsamaiso e kholo lefats’eng leo; ’me ba ne ba bopile melao ea bona ho latela tekano le toka.

5 ’Me joale ho ne ho se na letho lefats’eng leo lohle ho thibela sechaba seo ho atleha ho tsoelapele, ntle le hore ba oele tlolong.

6 ’Me joale e ne e le Gidgiddoni, le moahloli, Lachoneas, le bao ba neng ba khethiloe baetapele, ba ileng ba theha khotso ena e kholo lefats’eng leo.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore ho bile le metse e mengata e ileng ea ahoa bocha, ’me ho bile le metse ea khale e mengata e ileng ea lokisoa.

8 ’Me ho bile le litsela tse kholo tse ngata tse ileng tsa lahleloa holimo, le litsela tse ngata tse ileng tsa etsoa ho tsoa motseng o mong ho ea ho o mong, le ho tsoa lefats’eng le leng ho ea ho le leng, le ho tsoa sebakeng ho ea ho se seng.

9 ’Me ke joana selemo sa mashome a mabeli a metso e robeli se ileng sa feta, ’me sechaba se bile le khotso e tsoelang pele.

10 Empa ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mabeli a metso e robong ho ile ha qala ho ba le likhang tse itseng har’a sechaba; ’me ba bang ba ile ba phahamisetsoa holimo ho isa boikhohomosong le boithorisong ka lebaka la maruo a bona a maholo ka ho fetisisa, ee, esita le ho isa litlhorisong tse kholo;

11 Hobane ho ne ho ena le bahoebi ba bangata lefats’eng leo, ’me hape le babuelli ba bangata le liofisiri tse ngata.

12 ’Me sechaba seo se ile sa qala ho khetholloa ka maemo, ho latela maruo a bona le menyetla ea bona ea ho ithuta; ee, ba bang ba ne ba sena tsebo ka lebaka la bofutsana ba bona, ’me ba bang ba ile ba fumana boithuto bo boholo ka lebaka la maruo a bona.

13 Ba bang ba ile ba phahamisetsoa holimo ka boikhohomoso, ’me ba bang ba ne ba ena le boikokobetso ka ho fetisisa, ba bang ba ne ba khutlisa tlhapa ka tlhapa, ha ba bang ba ne ba tla fumana thohako le tlhoriso le mekhoa eohle ea mahlomola, ’me ba ne ba keke ba fetoha le ho rohakana hape, empa ba ne ba ikokobelitse le ho baka ka pele ho Molimo.

14 ’Me ke joana ho ileng ha fetoha ho se lekane ho ho holo lefats’eng leo lohle, haholo hoo hore kereke e ile ea qala ho robeha; ee, haholo hoo hore ka selemo sa mashome a mararo kereke e ne e robehile lefats’eng leo lohle ntle le hore e be har’a ba ’maloa ba Ba-Lamane ba neng ba sokolohetse tumelong ea ’nete; ’me ba ne ba keke ba falla ho tsoa ho eona, hobane ba ne ba tiile, ’me ba tsitsitse, ’me ba sa sisinyehe, ba ikemiselitse ka mafolofolo ho boloka litaelo tsa Morena.

15 Joale lebaka la bokhopo bona ba sechaba e ne e le bona—Satane o ne a ena le matla a maholo, ho hlohlelletsa sechaba seo ho etsa mekhoa eohle ea bokhopo, a ba tlatsa ka boikhohomoso, a ba beha tekong ea ho batla matla, le tokelo, le maruo, le lintho tsa lefeela tsa lefats’e.

16 ’Me ke joana Satane a ileng a etella lipelo tsa sechaba seo ho etsa mekhoa eohle ea bokhopo; ka baka leo ba ile ba natefeloa ke khotso lilemo tse ’maloa feela.

17 ’Me ke joana, qalong ea selemo sa mashome a mararo—sechaba seo se ne se lokollotsoe bakeng sa sebaka sa nako e telele ho tsamaisoa ke liteko tsa diabolose kae kapa kae moo a neng a lakatsa ho ba isa teng, le ho etsa bokhopo bo fe kapa bo fe boo a neng a lakatsa hore ba bo etse—’me ke joana qalong ea sena selemo sa mashome a mararo, ba ne ba le boemong ba bokhopo bo ts’abehang.

18 Joale ba ne ba sa etse sebe ka ho hloka tsebo, hobane ba ne ba tseba thato ea Molimo malebana le bona, hobane ba ne ba e rutiloe; ka baka leo ba ile ba fetohela khahlanong le Molimo ka boomo.

19 ’Me joale e ne e le matsatsing a Lachoneas, mora oa Lachoneas, hobane Lachoneas o ile a tlatsa setulo sa ntat’ae ’me o ile a tsamaisa sechaba ka selemo seo.

20 ’Me ho ile ha qala ho ba le banna ba susumelitsoeng ho tsoa leholimong le ho romeloa, ho ema har’a sechaba lefats’eng leo lohle, ba ruta, le ho pakahatsa ka sebete libe le bokhopo ba sechaba, le ho pakahatsa ho bona malebana le topollo eo Morena a tlang ho e etsa bakeng sa sechaba sa hae, ka mantsoe a mang, ho tsoha bafung ha Kreste; ’me ba ile ba pakahatsa ka sebete ka lefu la hae le mahlomola.

21 Joale ho ne ho ena le ba bangata ba sechaba seo ba neng ba halefile ka hofetisisa ka lebaka la bao ba ileng ba pakahatsa ka lintho tsena; ’me ba neng ba halefile boholo e ne e le baahloli ba baholo, ’me ba ne ba ile ba ka ba eba baprista ba baholo le babuelli; ee, bohle bao e neng e le babuelli ba ne ba halefile ka bao ba ileng ba pakahatsa ka lintho tsena.

22 Joale ho ne ho se na ’muelli kapa moahloli kapa moprista e moholo ea neng a keke a eba le matla a ho ahlolela mang kapa mang lefu ntle le haeba kahlolo ea bona e ne e tekennoe ke ’musi oa lefats’e leo.

23 Joale ho ne ho ena le ba bangata ba bao ba ileng ba pakahatsa ka lintho tse amanang le Kreste ba ileng ba pakahatsa ka sebete, bao ba ileng ba nkuoa ’me ba bolaoa ka lekunutu ke baahloli, hore tsebo ea lefu la bona e ne e sa tle ho ’musi oa lefats’e leo ho fihlela kamor’a lefu la bona.

24 Joale bonang, sena se ne se le khahlanong le melao ea lefats’e leo, hore motho o fe kapa o fe a bolaoe ntle le haeba ba ne ba ena le matla ho tsoa ho ’musi oa lefats’e leo—

25 Ka baka leo tletlebo e ile ea tla ho ea lefats’eng la Zarahemla, ho ’musi oa lefats’e leo, khahlanong le baahloli bana ba ileng ba ahlola baporofeta ba Morena ho isa lefung, e seng ho latela molao.

26 Joale ho ile ha etsahala hore ba ile ba nkuoa ’me ba tlisoa ka pele ho moahloli, ho ahloleloa botlokotsebe boo ba bo entseng, ho latela molao o ileng oa fanoa ke sechaba.

27 Joale ho ile ha etsahala hore baahloli bao ba ne ba ena le metsoalle e mengata le maloko; ’me ba setseng, ee, esita le ho batla e eba babuelli bohle le baprista ba baholo, ba ile ba ipokella hammoho, le ho kopana le maloko a baahloli bao ba neng ba tlo ahloloa ho latela molao.

28 ’Me ba ile ba kena selekaneng e mong le e mong, ee, esita le selekane sa ne seo ba ileng ba se fuoa ke bona ba khaale, selekane seo se ileng sa fanoa le ho tsamaisoa ke diabolose, ho kopana khahlanong le ho loka hohle.

29 Ka baka leo, ba ile ba kopana khahlanong le batho ba Morena, le ho kena selekaneng sa ho ba timetsa, le ho lokolla bao ba molato oa polao ho tsoa kutloisisong ea toka, eo e neng e le haufi le tsamaiso ho latela molao.

30 ’Me ba ile ba hana molao le litokelo tsa naha ea bona; ’me ba ile ba etsa selekane e mong le e mong ho timetsa’musi, le ho theha morena holim’a lefats’e leo, hore lefats’e leo le se hlole le eba le tokoloho empa le be tlasa taolo ea marena.