Mangolo a halalelang
3 Nefi 3


Khaolo ea 3

Giddianhi, moetapele oa Gadiantone, o batla hore Lachoneas le Ba-Nefi ba inehele le mafats’e a bona—Lachoneas o khetha Gidgiddoni e le molaoli e moholo oa mabotho—Ba-Nefi ba ipokella Zarahemla le Nala ho its’ereletsa. Ka bo A.D. 16–18.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ka selemo sa leshome le metso e ts’eletseng ho tloha ho ho tla ha Kreste, Lachoneas, ’musi oa lefats’e leo, o ile a fumana lengolo le tsoang ho moetapele le ’musi oa sehlopha sena sa masholu; ’me ana ke mantsoe a neng a ngotsoe, a re:

2 Lachoneas, ea khabane ka ho fetisa le ’musi e moholo oa lefats’e leo, bona, ke ngolla lengolo lena uena, ’me ke u fa thoriso e kholo ka lebaka la ho tiea ha hau, le ho tiea ha sechaba sa hau, ka ho boloka se le nahanang hore ke tokelo ea lona le tokoloho; ee, le eme hantle, joaloka ha eka le ts’ehelitsoe ke molingoana, ts’ireletsong ea tokoloho ea lona, le thepa ea lona, le naha ea lona, ka seo le se bitsang joalo.

3 ’Me ekare ke qenehelo ho ’na, Lachoneas ea khabane, hore u be bothoto hakaalo le lefeela joaloka ho nahana hore u ka ema khahlanong le banna ba sebete ba bangata hakaalo ba taolong ea ka, bao joale ka nako ena ba emeng ka lihlomo tsa bona, ’me ba eme ka ho ts’oenyeha bakeng sa lentsoe—Theohelang tlase holim’a Ba-Nefi ’me le ba timetse.

4 ’Me ’na, ka ho tseba moea oa bona o sa kholoeng, ke ile ka ba netefatsa lepatlelong la ntoa, ’me ke tseba lehloeo la bona le sa feleng malebana le lona ka lebaka la liphoso tse ngata tseo le li entseng ho bona, ka baka leo haeba ba tla tlase khahlanong le lona ba ne ba ka le etela ka timetso e felletseng.

5 Ka baka leo ke ngotse lengolo lena, ke le tiisa ka letsoho la ka, ke utloela boiketlo ba lona, ka lebaka la ho tiea ha lona ho seo le lumelang se nepahetse, le moea oa lona o khabane lepatlelong la ntoa.

6 Ka baka leo kea u ngolla, ke lakatsa hore u ka inehela ho sena sechaba sa ka, metse ea lona, mafats’e a lona, le maruo a lona, ho ena le hore ba tle ba le etele ka sabole le hore timelo e tle e tle holim’a lona.

7 Kapa ka mantsoe a mang, ineheleng ho rona, ’me le ikopanye le rona ’me le tloaelane le mesebetsi ea rona ea lekunutu, ’me le fetohe ba habo rona hore le ke le ts’oane le rona—e seng makhoba a rona, empa ba habo rona le balekane ba tsohle tsa rona.

8 ’Me bona, kea u hlapanyetsa, ha le ka etsa sena, ka kano, le keke la timetsoa; empa haeba le keke la etsa sena, ke u hlapanyetsa ka kano, hore ka khoeli ea hosane ke tla laela hore mabotho a ka a tla theohela tlase khahlanong le lona, ’me ha bana ho thiba letsoho la bona ’me ha ba na ho qenehela, empa ba tla le bolaea, ’me ba tla lumella hore ho oele sabole holim’a lona hofihlela le tla fetohela ho letho.

9 ’Me bona, ke Giddianhi; ’me ke ’musi oa oona mokhatlo ona oa lekunutu oa Gadiantone; mokhatlo oo le mesebetsi ea teng ke e tsebang ka ho ba metle; ’me ke tsa nako ea mehla ea khale ’me e fetiselitsoe tlase ho rona.

10 ’Me ke ngolla lengolo lena ho uena, Lachoneas, ’me kea ts’epa hore u tla nehelana ka mafats’e a lona le maruo a lona ntle le ts’ollo ea mali, hore bana sechaba sa ka ba ke ba khutlise litokelo tsa bona le ’muso, bao ba ileng ba ikarohanya ho tsoa ho lona ka lebaka la bokhopo ba lona ka ho ba hanela ka litokelo tsa bona tsa ’muso, ’me ntle le hore le etse sena, ke tla phetetsa liphoso tsa bona. Ke Giddianhi.

11 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Lachoneas a fumana lengolo lena o ne a maketse ka ho fetisisa, ka lebaka la sebete sa Giddianhi ho batla borui ba lefats’e la Ba-Nefi, ’me hape le ka ho ts’osa sechaba seo le ho phetetsa liphoso tsa bao ba sa fumang liphoso, ntle le hore e be ba iphositse ka ho ikarohanya ho ea ho masholu ao a khopo le manyala.

12 Joale bonang, enoa Lachoneas, ’musi, e ne e le monna ea lokileng, ’me o ne a keke a ts’osoa ke litlhoko le lits’oso tsa lesholu; ka baka leo ha a ka a mamela lengolo la Giddianhi, ’musi oa masholu, empa o ile a etsa hore sechaba sa habo ba hoelehetse ho Morena bakeng sa matla khahlanong le nako eo mashalu ao a tlang ho tla khahlanong le bona.

13 Ee, o ile a romela phatlalatso har’a sechaba sohle, hore ba tle ba bokelle hammoho basali ba bona, le bana ba bona, likhuts’oane tsa bona le mehlape ea bona, le maruo oohle a bona, sebakeng se le seng, ntle le lefats’e la bona.

14 ’Me o ile a etsa hore liqhobosheane li ahoe ho potoloha le bona, le matla a teng a be maholo ka ho fetisisa. ’Me o ile a etsa hore mabotho, bobeli a Ba-Nefi le Ba-Lamane, kapa bohle ba neng ba balloa har’a Ba-Nefi, ba behoe e le balebeli ho potoloha ho ba sheba, le ho ba lebela ho tsoa ho masholu ao bosiu le mots’eare.

15 Ee, o ile a re ho bona: Ka Morena a phelang, ntle le hore le bakele bokhopo bohle ba lona, ’me le hoelehetse ho Morena, ha ho kamoo le ka lopolloang ho tsoa liatleng tsa masholu ao a Gadiantone.

16 ’Me a ne a le maholo a makatsa hoo mantsoe a boporofeta ba Lachoneas hore a ile a etsa hore ts’abo e tle holim’a sechaba seo sohle; ’me ba ile ba ikitlaetsa ka matla a bona ho etsa ho latela mantsoe a Lachoneas.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore Lachoneas o ile a khetha balaoli ba baholo holim’a mabotho a Ba-Nefi, ho a laola ka nako eo masholu a tlang ho theohela tlase ho tsoa lefelleng khahlanong le bona.

18 Joale ea moholoholo har’a balaoli bohle ba baholo le molaoli e moholo oa mabotho ohle a Ba-Nefi o ile a khethoa, ’me lebitso la hae e ne e le Gidgiddoni.

19 Joale e ne e le tloaelo har’a Ba-Nefi ho khetha bakeng sa balaoli ba bona ba baholo, (ntle le ha e le ka linako tsa bona tsa bokhopo) motho eo a neng a ena le moea oa ts’enolo’me hape le boporofeta; ka baka leo, enoa Gidgiddoni e ne e le moporofeta e moholo har’a bona, hape joaloka moahloli e moholo.

20 Joale sechaba se ile sa re ho Gidgiddoni: Rapela ho Morena, ’me re lumelle re nyolohele lithabeng le ho ea lefelleng, hore re ke re oele holim’a masholu ao le ho ba timelletsa mafats’eng a bona.

21 Empa Gidgiddoni o ile a re ho bona: Morena o oa e thibela; hobane haeba re tla ea holimo khahlanong le bona Morena o tla re nehela matsohong a bona; ka baka leo re tla itokisetsa khubung ea mafats’e a rona, ’me re tla bokella mabotho a rona oohle hammoho, ’me re keke ra ea khahlanong le bona, empa re tla ema hofihlela ba tla tla khahlanong le rona; ka baka leo ka Morena a phelang, haeba re etsa sena o tla ba nehela matsohong a rona.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa leshome le metso e supileng, pheletsong ea morao ea selemo seo, phatlalatso ea Lachoneas e ne e tsamaile kahohle sefahlehong sohle sa lefats’e leo, ’me ba ne ba nkile lipere tsa bona, le likoloi tsa bona, le likhomo tsa bona, le likhuts’oane tsohle tsa bona, le mehlape ea bona, le lijo thollo tsa bona, le leruo lohle la bona, ’me ba ile ba hoantela pele ka likete le ka mashome a likete, hofihlela bohle ba ile sebakeng se ileng sa khethoa hore ba tle ba ipokelle hammoho, ho its’ereletsa khahlanong le lira tsa bona.

23 ’Me lefats’e le neng le khethiloe e ne e le lefats’e la Zarahemla, ’me lefats’e le neng le le lipakeng tsa lefats’e la Zarahemla le lefats’e la Nala, ee, moeeling o neng o le lipakeng tsa lefats’e la Nala le lefats’e la Ts’enyeho.

24 ’Me ho ne ho ena le boholo ba likete tse ngata tsa batho ba neng ba bitsoa Ba-Nefi, ba ileng ba ipokella hammoho lefats’eng lena. Joale Lachoneas o ile a etsa hore ba ipokelle hammoho lefats’eng le ho ea ka boroa, ka lebaka la thohako e kholo e neng e le holim’a lefats’e le ho ea ka leboea.

25 ’Me ba ile ba imatlafatsa khahlanong le lira tsa bona; ’me ba ile ba lula lefats’eng le le leng, ka sehlopha se le seng, ’me ba ile ba ts’aba mantsoe a ileng a boleloa ke Lachoneas, haholo hoo hore ba ile ba bakela libe tsohle tsa bona; ’me ba ile ba beha lithapelo tsa bona ho Morena Molimo oa bona, hore a ke a ba lopolle ka nako eo lira tsa bona li tlang ho theohela tlase khahlanong le bona ho loana.

26 ’Me ba ne ba tletse masoabi ka ho fetisisa ka lebaka la lira tsa bona. ’Me Gidgiddoni o ile a etsa hore ba etse libetsa tsa ntoa tsa mefuta eohle, ’me ba be matla ka lihlomo, le ka lithebe, le ka lithejana, ho latela mokhoa oa taelo ea hae.