Mangolo a halalelang
3 Nefi 5


Khaolo ea 5

Ba-Nefi ba ea baka le ho furalla libe tsa bona—Mormone o ngola nalane ea sechaba sa habo ’me o phatlalatsa lentsoe le sa feleleng ho bona—Iseraele o tla bokelloa ho tsoa ho qhalaneng ho ho lelele ha hae. Ka bo A.D. 22–26.

1 ’Me joale bonang, ho ne ho se na moea o phelang har’a sechaba sohle sa Ba-Nefi ba neng ba belaela le hanyane mantsoe oohle a baporofeta ba halalelang ba ileng ba bolela; hobane ba ne ba tseba hore a tlamaha hore a phethahatsoe.

2 ’Me ba ne ba tseba hore ho ne ho le molemo hore e be Kreste o tlile, ka lebaka la mats’oao a mangata a ileng a fanoa, ho latela mantsoe a baporofeta; le ka lebaka la lintho tse li seng li ileng tsa etsahala ba ne ba tseba hore ho tlameha hore lintho tsohle li etsahale ho latela seo se ileng sa boleloa.

3 Ka baka leo ba ile ba furalla libe tsohle tsa bona, le manyala a bona, le bofebe ba bona, ’me ba ile ba sebeletsa Molimo ka mafolofolo oohle bosiu le mots’eare.

4 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha ba se ba nkile masholu ohle ho ba bats’oaruoa, haholo hoo hore ho ne ho se na ea ileng a phonyoha a sa kang a bolaoa, ba ile ba lahlela bats’oaruoa ba bona chankaneng, ’me ba etsa hore lentsoe la Molimo le rutoe ho bona; ’me ba bangata joaloka ba neng ba bakela libe tsa bona ’me ba kena selekaneng hore ha ba sa tla hlola ba bolaea ba ne ba behoa tokolohong.

5 Empa ba bangata joaloka ba neng ba sa kene selekaneng, ’me bao ba ileng ba tsoelapele ho ba le lipolao tseo tsa lekunutu lipelong tsa bona, ee, ba bangata joaloka ba neng ba fumanoa ba hema lits’oso khahlanong le ba habo bona ba ne ba ahloloa le ho otloa ho latela molao.

6 ’Me ke joana ba ileng ba beha pheletso ho bohle ba khopo, le lekunutu, le liketso tsa manyala, tseo ho neng ho ena le bokhopo bo bongata, le lipolao tse ngata tse entsoeng.

7 ’Me ke joana selemo sa mashome a mabeli a metso e ’meli se ileng sa feta, le selemo sa mashome a mabeli a metso e meraro hape, le sa mashome a mabeli a metso e mene, le sa mashome a mabeli a metso e mehlano; ’me ke joana lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano li ileng tsa feta.

8 ’Me ho ne ho ile ha etsahala lintho tse ngata tseo, mahlong a ba bang, li neng li tla ba kholo le ho makatsa; le ha ho le joalo, li tla sitoa hore kaofela li ngoloe ka bukeng ena; ee, buka ena e sitoa ho ts’ela esita le karolo ea lekholo feela ea se ileng sa etsoa har’a sechaba se sengata hakaalo ka sebaka sa lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano.

9 Empba bonang ho na le lingoliloeng tse ts’etseng liketso tsa sechaba sena; ’me pale e khuts’oane empa ea ’nete e fanoe ke Nefi.

10 Ka baka leo ke entse lingoliloeng tsa ka tsa lintho tsena ho latela lingoliloeng tsa Nefi, tse neng li ngotsoe matlapeng ao a neng a bitsoa matlapa a Nefi.

11 ’Me bonang, ke etsa lingoliloeng matlapeng ao ke a entseng ka matsoho a ka.

12 ’Me bonang, ke bitsoa Mormone, ke bitsoa ka lefats’e la Mormone, lefats’eng leo Alma a ileng a theha kereke har’a sechaba, ee, kereke ea pele e ileng ea thehoa har’a bona kamorao ho tlolo ea bona.

13 Bonang, Ke morutuoa oa Jesu Kreste, Mora oa Molimo. Ke bitsitsoe ke eena ho phatlalatsa lentsoe har’a sechaba sa hae, hore ba ke ba fumane bophelo bo sa feleng.

14 ’Me ho bile molemo hore ’na, ho latela thato ea Molimo, hore lithapelo tsa bao ba seng be fetile, bao e neng e le ba halalelang, li tlameha hore li phethahatsoe ho latela tumelo ea bona, ke etse lingoliloeng tsa lintho tsena tse entsoeng—

15 Ee, lingoliloeng tse nyane tsa se nkileng sebaka ho tloha nakong eo Lehi a tlohang Jerusalema, esita le tlase hofihlela nakong ena.

16 Ka baka leo ke etsa lingoliloeng tsa ka ho tsoa lipaleng tseo li ileng tsa fanoa ke bao ba tlileng pele ho ’na, ho fihlela qaleho ea letsatsi la ka;

17 ’Me joale ke etsa lingoliloeng tsa lintho tseo ke li boneng ka mahlo a ka.

18 ’Me kea tseba hore lingoliloeng tseo ke li etsang ke lingoliloeng tse lokileng tsa ’nete; le ha ho le joalo ho na le lintho tse ngata tseo, ho latela puo ea rona, ha re khone ho li ngola.

19 ’Me joale ke etsa pheletso ea lipolelo tsa ka, tseo e leng tsa ka. ’me ke tsoelapele ho fana ka pale ea lintho tse bileng ka pele ho ’na.

20 Ke Mormone, setloholo se otlolohileng sa Lehi. Ke na le labaka la ho rorisa Molimo oa ka le Mopholosi oa ka Jesu Kreste, hore o tlisitse bo ntat’a rona ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, (’me ho ne ho se ea tsebang ntle le eena le bao a ileng a ba tlisa ho tsoa lefats’eng leo) le hore o file ’na le sechaba sa heso tsebo e ngata hoo ho isa polokong ea meea ea rona.

21 Kannete o hlohonolofalitse ntlo ea Jakobo, ’me o ile a tlala mohau ho peo ea Josefa.

22 ’Me haholo hoo joalaka ha bana ba Lehi ba bolokile litaelo o ile a ba hlohonolofatsa le ho ba atlehisa ho latela lentsoe la hae.

23 Ee, ’me kannete hape o tlisitse karolo ea peo ea Josefa tsebong ea Morena Molimo oa bona.

24 ’Me joaloka ha kannete ka Morena a phelang, o tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’ne tsa lefats’e bohle karolo ea peo ea Jakobo, ba ileng ba hasanngoa hole holim’a sefahleho sa lefats’’e lohle.

25 ’Me joaloka ha a entse selekane le ntlo eohle ea Jakobo, esita le joalo selekane seo a entseng selekane le ntlo ea Jakobo se tla phethahatsoa ka nako ea hae, ho isa tsosolosong ea ntlo eohle ea Jakobo ho isa tsebong ea selekane seo a entseng selekane le bona.

26 ’Me joale ba tla tseba Molopolli oa bona, eo e leng Jesu Kreste, Mora oa Molimo; ’me joale ba tla bokelloa ho tsoa likhutlong tse ’ne tsa lefats’e ho ea mafatse’ng a bona, ho tsoa moo ba ileng ba qhaloa; ee, ka Morena a phelang ho tla ba joalo. Amen.