Mangolo a halalelang
Helamane 9


Khaolo ea 9

Barumuoa ba fumana moahloli e moholo a shoele setulong sa boahloli—Ba ea ts’oaroa ’me hamorao ba ea lokolloa—Ka susumetso Nefi o tsebahatsa Seantume e le eena ’molai—Nefi o amaheloa ke ba bang joaloka moporofeta. Ka bo 23–21 B.C.

1 Bonang, joale ho ile ha etsahala hore ha Nefi a se a boletse mantsoe a na, banna ba itseng ba neng ba le har’a bona ba ile ba mathela setulong sa boahloli; ee, esita le hore e ne e le banna ba bahlano ba ileng ba ea, ’me ba ile ba re har’a bona ha ba ntse ba ea:

2 Bonang, joale re tla tseba e le kannete hore na monna enoa ke moporofeta ’me Molimo o mo laetse ho porofeta lintho tse tsotehang hakaana ho rona. Bonang, ha re lumele hore ho joalo; ee, ha re lumele hore ke moporofeta; le ha ho le joalo, haeba ntho ena eo a e boletseng malebana le moahloli e moholo e le ’nete, hore o shoele, joale re tla lumela mantsoe a mang ao a a boletseng ho rona.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba matha ka matla a bona, ’me ba tla setulong sa boahloli; ’me bonang, moahloli e moholo o ne a oetse fats’e, ’me o ne a robetse maling a hae.

4 ’Me joale bonang, ha ba bona sena ba ne ba maketse ka ho fetisisa, haholo hoo hore ba ile ba oela fats’e; hobane ba ne ba sa lumela mantsoe ao Nefi a ileng a a bolela malebana le moahloli e moholo.

5 Empa joale, ha ba bona ba ile ba lumela, ’me ts’abo e ile ea tla holim’a bona e se re likahlolo tseo Nefi a li boletseng li tla tla holim’a sechaba seo; ka baka leo ba ile ba thohomela, ’me ba ne ba oetse fats’e.

6 Joale, hanghang ha moahloli a se a bolailoe—eena a ne a hlabiloe ke ngoan’abo ka boikhakanyo ba sephiri, ’me o ile a baleha, ’me bahlanka ba ile ba matha ’me ba bolella sechaba, ba tsosa sello sa polao har’a bona;

7 ’Me bonang sechaba se ile sa ipokella hammoho sebakeng sa setulo sa boahloli—’me bonang, ho makaleng ha bona ba ile ba bona banna bane ba bahlano ba ileng ba oela fats’e.

8 ’Me joale bonang, sechaba seo se ne se sa tsebe letho malebana le bongata bo neng bo bokane hammoho serapeng sa Nefi; ka baka leo ba ile ba re har’a bona: Banna bana ke bona ba bolaileng moahloli, ’me Molimo o ba otlile hore ba sitoa ho re baleha.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba ba ts’oara, ’me ba ba fasa ’me ba ba lahlela chankeneng. ’Me ho ile ha eba le phatlalatso e romeloang kantle hore moahloli eo o bolailoe, le hore babolai ba nkiloe ’me ba lahletsoe chankanang.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ka hosasane sechaba se ile sa ipokella hammoho ho lla le ho itima, lepatong la moahloli e moholo ea ileng a bolaoa.

11 ’Me ke joana hape baahloli bao ba neng ba le serapeng sa Nefi, ’me ba ileng ba utloa mantsoe a hae, le bona ba ne ba bokane hammoho lepatong.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba botsa har’a sechaba ba re: Ba bahlano ba kae bao ba ileng ba rongoa ho ea batla malebana le moahloli e moholo hore na o ne a shoele? ’Me ba ile ba araba ba re: Malebana le bana ba bahlano bao le reng le ba romme, ha re tsebe; feela hona le ba bahlano bao e leng babolai, bao re ba lahletseng chankaneng.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore baahloli bao ba ile ba lakatsa hore ba tlisoe; ’me ba ile ba tlisoa, ’me bonang e ne e le bane ba bahlano ba ileng ba rongoa; ’me bonang baahloli bao ba ile ba batla ho tseba ka bona malebana le taba eno, ’me ba ile ba ba bolella tsohle tseo ba ileng li etsa, ba re:

14 Re ile ra matha ’me ra tla sebakeng sa setulo sa boahloli, ’me ha re bona lintho tsohle esita le joaloka ha Nefi a ile a pakahatsa, re ne re maketse haholo hoo hore re oele fats’e; ’me ha re se re hlaphohetsoe ho makaleng ha rona, bonang ba ile ba re lahlela chankaneng.

15 Joale, haele bakeng sa polao ea monna enoa, ha re tsebe ke mang a entseng joalo; ’me ke hakana feela re tsebang, re ile ra matha ’me ra tla holatela kamoo le neng le lakalitse, ’me bonang o ne a shoele, ho latela mantsoe a Nefi.

16 ’Me joale ho ile ha etsahala hore baahloli bao ba ile ba hlalosa taba ena ho sechaba, ’me ba hoelehetsa khahlanong le Nefi, ba re: Bonang, rea tseba hore Nefi enoa o tlameha a lumellane le e mong ho bolaea moahloli, ’me joale a tle a phatlalatse ho rona, hore a tle a re sokollele tumelong ea hae, hore a tle a iphahamisetse ho ba monna oa bohlokoa, ea khethiloeng ke Molimo, ’me moporofeta.

17 ’Me joale bonang, re tla lemoha monna enoa, ’me o tla ipolela molato le ho etsa hore ho tsebahale ho rona ’molai oa nete oa moahloli.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore ba bahlano ba ile ba lokolloa ka letsatsi la lepato. Le ha ho le joalo, ba ile ba nyatsa baahloli ka mantsoe ao ba ileng ba a bolela khahlanong le Nefi, ’me ba ile ba loants’ana le bona ka bo ’ngoe, haholo hoo hore ba ile ba ba hlola.

19 Le ha ho le joalo, ba ile ba etsa hore Nefi a tle a nkoe le ho tlanngoa ’me a tlisoe ka pele ho bongata, ’me ba ile ba qala ho mo botsa ka litsela tse fapaneng hore ba tle ba mo hlahlobe, hore ba tle ba mo qose ka lefu—

20 Ba re ho eena: U molotsana; ke mang motho eo a entseng polao ee? Joale re bollele, ’me u amohele molato oa hau; ba re; bona ke ena chelete; ’me hape re tla u fa bophelo ba hau haeba u tla re bolella, ’me u amohele tumellano eo u e entseng le eena.

21 Empa Nefi o ile a re ho bona: Oho lona lithotho, lona ba sa bolotsoang lipelo, lona ba foufetseng, le lona sechaba se melala e sataletseng, na lea tseba hore na ke ha lelele ha kae Morena Molimo oa lona a tlang ho le lumella hore le tle le nne le ee pele ka tsela ee ea lefu?

22 Oho le ts’oanenela ho qala ho bokolla le ho lla, ka lebaka la ts’enyo e kholo eo ka nako ena e felang e le emetse, ntle le hore le tle le bake.

23 Bonang le re ke lumellane le monna hore a tle a bolaee Seetsorame, moahloli e moholo oa rona. Empa bonang, ke re ho lona, hore sena ke ka lebaka la hore ke pakahalitse ho lona hore le tle le tsebe malebana le ntho ena; esita le bakeng sa bopaki ho lona, hore ke ile ka tseba ka bokhopo le manyala ao a leng har’a lona.

24 ’Me hobane ke entse sena, le re ke lumellane le monna hore a etse ntho ena; ee, hobane le bonts’itse ho lona lets’oao lena le halefile ka ’na, ’me le batla ho timetsa bophelo ba ka.

25 ’Me joale bonang, ke tla le bonts’a lets’oao le leng, ’me bonang haeba ka ntho ena le tla batla ho ntimetsa.

26 Bonang ke re ho lona: E eang ntlong ea Seantume, eo e leng ngoan’a bo Seetsorame, ’me le re ho eena—

27 Na Nefi, moporofeta oa boikaketsi, eo a porofetang haholo hakaalo bobe malebana le sechaba sena, o lumellane le uena, ka hore u bolaile Seetsorame, eo e leng ngoaneno?

28 ’Me Bonang, o tla re ho lona, Che.

29 ’Me le tla re ho eena: Na u bolaile ngoaneno?

30 ’Me o tla ema ka ts’abo, ’le ho se tsebe hore na a reng. ’Me bonang, o tla latola ho lona; ’me o tla etsa joaloka ha eka o ne a maketse; le ha ho le joalo, o tla phatlalatsa ho lona hore ha a na molato.

31 Empa bonang, le tla mo hlahloba, ’me le tla fumana mali holim’a mosehla oa kobo ea hae.

32 ’Me ha le se le bone sena, le tla re: A tsoa kae mali a? Na ha re tsebe hore ke mali a ngoaneno?

33 ’Me joale o tla thothomela, ’me o tla shebahala a le lerootho, esita le joaloka ha eka lefu le se le mo oetse.

34 ’Me joale le tla re: Ka lebaka la ts’abo ena le lerootho leo le oetseng sefahlehong sa hau, bona, rea tseba hore o molato.

35 ’Me joale ts’abo e kholo e tla tla holim’a hae; ’me joale o tla ipolela ho lona, ’me a se hlole a latola hore o entse polao ena.

36 ’Me joale o tla re ho lona, hore, ’na, Nefi, ha ke tsebe letho malebana le taba eo ntle le hore e ne e fanoe ho ’na ka matla a Molimo. ’Me joale le tla tseba hore ke monna ea ts’epahalang, ’me ke rometsoe ho lona ho tsoa ho Molimo.

37 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba tsamaea le ho etsa, esita le ho latela joaloka ha Nefi a ile a bolela ho bona. ’Me bonang, mantsoe ao a ile a a bolela e ne e le ’nete; hobane ho latela mantsoe ao o ile a latola; ’me hape ho latela mantsoe o ile a ipolela.

38 ’Me o ile a tlisoa ho tla netefatsa hore eena ka bo eena e ne e le eena ’molai, haholo hoo hore ba bahlano ba ile ba lokolloa, hape le Nefi.

39 ’Me ho ne ho ena le Ba-Nefi ba bang ba neng ba lumela mantsoeng a Nefi; ’me ho ne ho ena le ba bang hape, ba neng ba lumela ka lebaka la bopaki ba bahlano, hobane ba ne ba ile ba sokoloha ha ba ntse ba le chankaneng.

40 ’Me joale ho ne ho ena le ba bang har’a sechaba, ba boletseng hore Nefi e ne e le moporofeta.

41 ’Me ho ne ho ena le ba bang ba neng ba re: Bonang, ke molimo, hobane ntle le hore e be ke molimo o ne a ke ke a tseba lintho tsohle. Hobane bonang, o re boleletse mehopolo ea lipelo tsa rona, ’me hape o re boleletse lintho; ’me esita le hore o tlisitse tsebong ea rona ’molai oa nete oa moahloli e moholo oa rona.