Khaolo ea 4
Baikhaohanyi ba Ba-Nefi le Ba-Lamane ba kopanya mabotho ho hapa lefats’e la Zarahemla—Tlholo ea Ba-Nefi e tla ka lebaka la bokhopo ba bona—Kereke e ea fokotseha, le sechaba se fetoha bafokoli joalo ka Ba-Lamane. Ka bo 38–30 B.C.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mene ho ile ha eba le liphapang tse ngata ka kerekeng, ’me hape ho bile le khang har’a sechaba, haholo hoo hore ho bile le ts’ollo e ngata ea mali.
2 ’Me karolo e fetohetseng e ile ea bolaoa le ho khanneloa kantle ho lefats’e leo, ’me ba ile ba ea ho morena oa Ba-Lamane.
3 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba leka ho hlohleletsa Ba-Lamane ho loana khahlanong le Ba-Nefi; empa bonang, Ba-Lamane ba ne ba ts’aba ka ho fetisisa, haholo hoo hore ba ne ba sa lakatse ho mamela mantsoe a baikarohanyi bao.
4 Empa ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mahlano a metso e ts’eletseng sa puso ea baahloli, ho ile ha eba le baikarohanyi ba ile ba nyoloha ho tsoa ho Ba-Nefi ho ea ho Ba-Lamane; ’me ba ile ba atleha le bane ba bang ho ba hlohleletsa ho halefa khahlanong le Ba-Nefi; ’me selemo seo sohle ba ne ba lokisetsa ntoa.
5 ’Me ka selemo sa mashome a mahlano a metso e supileng ba ile ba tla tlase khahlanong le Ba-Nefi ho loana, ’me ba ile ba qala mosebetsi oa lefu; ee, haholo hoo hore ka selemo sa mashome a mahlano a metso e robeli sa puso ea baahloli ba ile ba atleha ho fumana ho rua lefats’e la Zarahemla; ee, le hape mafats’e oohle, esita le lefats’eng le neng le le pela lefats’e la Nala.
6 ’Me Ba-Nefi le mabotho a Moronihaa a ile a khanneloa esita le ho kena lefats’eng la Nala;
7 ’Me moo ba ile ba matlafatsa khahlanong le Ba-Lamane, ho tloha leoatleng le ka bophirima, esita le ho isa le ka bochabela; e ne e le leeto la letsatsi bakeng sa Mo-Nefi, moleng oo ba ileng ba beha mabotho a bona ho sireletsa naha ea bona ea leboea.
8 ’Me baikarohanyi bao ba Ba-Nefi, ka thuso ea lebotho le lengata la Ba-Lamane, ba ile ba fumana leruo la Ba-Nefi leo le neng le le lefats’eng le lebileng boroa. ’Me sena se entsoe ka selemo sa mashome a mahlano a metso e robong sa puso ea baahloli.
9 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a ts’eletseng sa puso ea baahloli, Moroniha o ile a atleha ka mabotho a hae ho fumana likarolo tse ngata tsa lefats’e leo; ee, ba ile ba khutlisa metse e mengata e ileng ea oela matsohong a Ba-Lamane.
10 ’Me ho ile ha etsahala hore selemo sa mashome a mabeli a metso e mmeli ea puso ea baahloli le sona se ile sa fela ka khotso; ee, hape le selemo sa mashome a mabeli a metso e meraro.
11 Joale tahlehelo ena e kholo ea Ba-Nefi, le lipolao tse kholo tseo li neng li le har’a bona, li ka be li sa etsahala ha e ne e se ka lebaka la bokhopo ba bona le manyala a bona a neng a le har’a bona; ee, ’me e ne e le har’a bao hape ba neng ba ipolela ba kena kereke ea Molimo.
12 ’Me e ne e le ka lebaka la boikhohomoso ba lipelo tsa bona, ka lebaka la maruo a bona a fetisisang, ee, e ne e le ka lebaka la khatello ea bona ho mafutsana, ba thibela ka lijo tsa bona ho ba lapileng, ba thibela ka liaparo tsa bona ho ba hlobotseng, ’me ba otla ba habo bona ba ikokobelitseng lerameng, ba etsa sesomo ka ka seo se neng se halalela, ba latola moea oa boporofeta le oa ts’enolo, ba bolaea, ba tlatlapa, ba le leshano, ba utsoa, ba feba, ba tsoha ka likhang tse kholo, le ho furallela hole ho kena lefats’eng la Nefi, har’a Ba-Lamane—
13 ’Me ka baka la sena bokhopo bona ba bona bo boholo, le ho ithorisa ka matla a bona, ba ile ba siuoa matleng a bona; ka baka leo ba ile ba sitoa ho atleha, empa ba ile ba hlokofatsoa le ho otloa, le ho khanneloa ka pele ho Ba-Lamane, ho fihlela ba batlile ba lahlehetsoe ke mafats’e oohle a bona.
14 Empa bonang, Moroniha o ile a ruta lintho tse ngata ho sechaba ka lebaka la bokhopo ba bona, ’me le Nefi le Lehi, bao e neng e le bara ba Helamane, ba ile ba ruta lintho tse ngata ho sechaba, ee, ’me ba porofeta lintho tse ngata ho bona malebana le bokhopo ba bona, le se tlang ho tla holim’a bona haeba ba sa bakele libe tsa bona.
15 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba baka, ’me haholo hoo joalo ka ha ba ile ba baka ba ile ba qala ho atleha.
16 Hobane ha Moroniha a bona hore ba ile ba baka o ile a itlama ho ba etella pele ho tloha sebakeng le sebakeng, le ho tloha motse ho motse, esita le ho fihlela ba khutlisitse halofo ea thepa ea bona le halofo ea Mafats’e oohle a bona.
17 ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa mashome a ts’eletseng a motso o mong sa puso ea baahloli.
18 ’Me ho ile ha etsahala ka selemo sa mashome a ts’eletseng a metso e ’meli sa puso ea baahloli, hore Moroniha o ne a sitoa ho fumana leruo le fetang holim’a Ba-Lamane.
19 Ka baka leo ba ile ba nyahlatsa morero oa bona oa ho fumana karolo e setseng ea mafats’e a bona, hobane Ba-Lamane ba ne ba le bangata hoo hore ho ne ho sa khonehe ho Ba-Nefi ho fumana matla a fetang holim’a bona; ka baka leo Moroniha o ile a sebelisa mabotho a hae ho boloka likarolo tseo a li nkileng.
20 ’Me ho ile ha etsahala hore ka lebaka la boholo ba palo ea Ba-Lamane Ba-Nefi ba ne ba le ts’abong e kholo, e se re ba tle ba hloloe, ’me ba hatikeloe fats’e, ’me ba bolaoe, ’me ba timetsoe.
21 Ee, ba ile ba qala ho hopola boporofeta ba Alma, le hape mantsoe a Mosaia; ’me ba ile ba bona hore e bile sechaba se melala e thata, le hore ba ile ba beha lefeela litaelo tsa Molimo.
22 ’Me hore ba fetotse le ho hatikela tlas’a maoto a bona melao ea Mosaia, kapa hore seo Morena a neng a mo laetse hore a se fe sechaba; ’me ba ile ba bona hore melao ea bona e senyehile, le hore ba fetohile sechaba se khopo, haholo hoo hore ba ne ba le khopo ho ts’oana le Ba-Lamane.
23 ’Me ka lebaka la bokhopo ba bona kereke e ile ea qala ho fokotseha; ’me ba ile ba qala ho se lumele ho moea oa boporofeta le moea oa ts’enolo; ’me likahlolo tsa Molimo li ile tsa ba tjamela ka mahlong.
24 ’Me ba ile ba bona hore ba fetohile ba fokolang, joalo ka ba habo bona, Ba-Lamane, le hore Moea oa Morena o ne o sa hlole o ba baballa; ee, o ne o ikhutse ho tsoa ho bona hobane Moea oa Morena ha o lule litempeleng tse sa halaleleng—
25 Ka baka leo Morena o ile a emisa ho ba baballa ka matla a hae a sa lekangoeng a mohlolo, hobane ba ne ba oetse boemong ba ho se lumele le bokhopo bo ts’abehang; ’me ba ile ba bona hore Ba-Lamane ba ne ba le bangata ho ba feta, ’me ntle le hore ba its’oaraletse ka Morena Molimo oa bona ba tlameha ho timela ka ho sa qobeheng.
26 Hobane bonang, ba ile ba bona hore matla a Ba-Lamane a ne a le maholo joaloka matla a bona, esita le monna bakeng sa monna. ’Me ke joana ba ileng ba oela tlolong ena e kholo; ee, ke joana ba ileng ba fetoha ba fokolang, ka lebaka la tlolo ea bona, ka sebaka sa lilemo tse seng ngata.