Khaolo ea 6
Ba-Lamane ba lokileng ba ruta Ba-Nefi ba khopo—Lichaba tse peli lia atleha nakong ea khotso le khora—Mohlasela-lichaba, mothehi oa sebe, o hlohleletsa lipelo tsa ba khopo le batlatlapi ba Gadiantone ka polao le bokhopo—Batlatlapi ba nka ’muso oa Ba-Nefi. Ka bo 29–23 B.C.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore ha selemo sa mashome a ts’eletseng le metso e ’meli sa puso ea baahloli se felile, lintho tsena tsohle li ne li ile tsa etsahala ’me Ba-Lamane ba ne ba fetohile, karolo e fetang ea bona, sechaba se lokileng, haholo hoo hore ho loka ha bona ho ile ha feta ha Ba-Nefi, ka lebaka la ho tiea ha bona le ho tsitsa ha bona tumelong.
2 Hobane bonang, ho ile ha eba le ba bangata ba Ba-Nefi ba ile ba fetoha ho thatafala le ho ba ba sa bakeng le ho ba khopo haholo, haholo hoo hore ba ile ba latola lentsoe la Molimo le thuto eohle le boporofeta bo ileng ba tla har’a bona.
3 Le ha ho le joalo, sechaba sa kereke se ile sa eba le nyakallo e kholo ka lebaka la ts’okoloho ea Ba-Lamane, ee, ka lebaka la kereke ea Molimo, e ileng ea theoa har’a bona. ’Me ba ile ba kopanela mmoho e mong le emong, ’me ba ile ba nyakalla e mong le emong, ’me ba ile ba fumana nyakallo e kholo.
4 ’Me ho ile ha etsahala hore bongata ba Ba-Lamane ba ile ba theohela tlase ho kena lefats’eng la Zarahemla, ’me ba ile ba phatlalatsa ho sechaba sa Ba-Nefi mokhoa oa ts’okoloho ea bona, ’me ba ile ba ba khothaletsa tumelong le pako.
5 Ee, ’me ba bangata ba ile ba ruta ka matla a maholo bo fetisisang le tokelo, ho tlisa tlase ba bangata ba bona botebong ba boikokobetso, ho fetoha balateli ba ikokobelitseng ba Molimo le Konyana.
6 ’Me ho ile ha etsahala hore bongata ba Ba-Lamane ba ile ba tsamaea ho ea kena lefats’eng le lebileng leboea; ’me hape Nefi le Lehi ba ile ba ea lefats’eng le lebileng leboea, ho ea ruta sechaba. ’Me ke joana e bileng pheletso ea selomo sa mashome a ts’eletseng a metso e meraro.
7 ’Me bonang, ho ne ho ena le khotso lefats’eng leo lohle, haholo hoo hore Ba-Nefi ba ile ba tsamaela ho kena karolong e fe kapa e fe ea lefats’e leo ba neng ba e batla, hore na ke har’a Ba-Nefi kapa Ba-Lamane.
8 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane le bona ba ile ba tsamaela hohle moo ba neng ba batla, hore na ke har’a Ba-Lamane kapa har’a Ba-Nefi; ’me ke joana ba ileng ba eba le ho kena kenana e mong le e mong, ho reka le ho rekisa, le ho fumana phaello, ho latela takatso ea bona.
9 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba fetoha barui ka ho fetisisa, ka bobeli Ba-Lamane le Ba-Nefi; ’me ba ile ba eba le khauta e ngata ka ho fetisisa, le silivera, le mekhoa eohle ea lits’epe tsa bohlokoa, ka bobeli lefats’eng le ka boroa le lefats’eng le ka leboea.
10 Joale lefats’e le ka boroa le ne le bitsoa Lehi, ’me lefats’e le leboea le ne le bitsoa Muleke, e leng kamor’a mora oa Zedekia; hobane Morena o ile a tlisa Muleke lefats’eng le leboea, le Lehi lefats’eng le boroa.
11 ’Me bonang, ho ne ho na le mekhoa eohle ea khauta mafats’eng a na ka bobeli, le ea silivera, le ts’epe e bohlokoa ea mefuta eohle; ’me hape ho bile le basebetsi ba seli, ba e ileng ba etsa mesebetsi ea mefuta eohle ea ts’epe ’me ba ile ba e hloekisa; me ke joana ba ile ba fetoha barui.
12 Ba ile ba hlahisa lijo thollo ka bongata, ka bobeli ka leboea le ka boroa; ’me li ile tsa tlokoma ka ho fetisisa, ka bobeli ka leboea le ka boroa. ’Me ba ile ba eketseha le ho ba matla ka ho fetisisa lefats’eng leo. ’Me ba ile ba holisa likhuts’oane tse ngata le mehlape, ee, tse ngata tse matlafalitsoeng.
13 Bonang basali ba bona ba ile ba sebetsa le ho harela, ’me ba ile ba etsa mekhoa eohle ea lesela, ea lesela le lohiloeng hantle le lesela la mefuta eohle, ho apesa bofela ba bona. ’Me ke joana selomo sa mashome a ts’eletseng a metso e mene se ileng sa feta ka khotso.
14 ’Me ka selemo sa mashome a ts’eletseng a metso e mehlano hape ba ile ba fumana nyakallo e kholo le khotso, ee, thuto e ngata le boporofeta bo bongata malebana le seo se tlang ho tla. ’Me ke joana ho ile ha feta selemo sa mashome a ts’eletseng a metso e mehlano.
15 ’Me ho ile ha etsahala ka selemo sa mashome a ts’eletseng a metso e ts’eletseng sa puso ea baahloli, bonang, Cetsorame o ile a bolaoa ke letsoho le sa tsejoeng ha a ntse a lutse setulong sa boahloli. ’Me ho ile ha etsahala hore ka sona selemo seo, hore mora oa hae, ea ileng a khethoa ke sechaba bakeng sa hae, le eena o ile a bolaoa. ’Me ke joana e bileng pheletso ea selomo sa mashome a ts’eletseng a metso e ts’eletseng.
16 ’Me ka qalong ea selemo sa mashome a ts’eletseng le metso e supileng sechaba se ile sa qala ho ba khopo ka ho fetisisa hape.
17 Hobane bonang, Morena o ne a ile a ba hlohonolofatsa nakong eo ka maruo a lefats’e hore ba ne ba so ka ba hlohleletsoa khalefong, lintoeng, kapa ts’ollong ea mali; kabaka leo ba ile ba qala ho beha lipelo tsa bona holim’a maruo a bona; ee, ba ile ba qala ho batla ho fumana phaello hore ba ke ba phahamisetsoe holimo e mong kaholima e mong; ka baka leo, ba ile ba qala ho etsa lipolao tsa lekunutu, le ho utsoa le ho tlatlapa hore ba tle ba fumane phaello.
18 ’Me joale bonang, bobolai bao le batlatlapi e ne e le sehlopha se ileng sa theoa ke Kishkumene le Gadiantone. ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba le bangata, esita le har’a Ba-Nefi, ba sehlopha sa Gadiantone. Empa bonang, ba ne ba le bangata ho feta har’a karolo e khopo ho feta ea Ba-Lamane. ’Me ba ile ba bitsoa batlatlapi le babolai ba Gadiantone.
19 ’Me e ne ele bona ba ileng ba bolaea moahloli e moholo Cetsorame, le mora oa hae, ha ba ne ba le setulong sa boahloli, ’me bonang, ha ba ka ba fumanoa.
20 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ba-Lamane ba fumana hore ho ne ho ena le batlatlapi har’a bona ba ile ba tlala masoabi ka ho fetisisa; ’me ba ile ba sebelisa mekhoa eohle e neng e le matleng a bona ho ba timetsa ho tloha sefahlehong sa lefats’e.
21 Empa bonang, Satane o ile a hlohleletsa lipelo tsa karolo e fetang ea Ba-Nefi, haholo hoo hore ba ile ba kopana le lihlopha tseo tsa batlatlapi, ’me ba ile ba kena lilekaneng tsa bona le likano, hore ba tla sireletsa le ho baballa emong le emong maemong a fe kapa a fe a thata ao ba tlang ho behoa ho ona, hore ba tle ba se ke ba sotleha bakeng sa lipolao tsa bona, le ho tlatlapa ha bona, le bosholu ba bona.
22 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba ena le mats’oao a bona, ee, mats’oao a bona a lekunutu, le mantsoe a bona a lekunutu; ’me sena ba se entse hore ba ke ba khetholle moholoane ea keneng selekaneng, hore bokhopo bo fe le bo fe boo ngoanabo a tlang ho bo etsa a tle a se ke a hlahisoa kotsi ke ngoana oa bo, le ha e le bao ba keneng sehlopheng sena, ba nkileng selekane sena.
23 ’Me ke joana ba ka bolaeang, le ho tlatlapa, le ho utsoa le ho etsa bofebe le mekhoa eohle ea bokhopo, khahlanong le melao ea naha ea habo bona, hape le ho melao ea Molimo oa bona.
24 ’Me mang kapa mang ea neng a kene sehlopheng sa bona ea tlang ho senolela lefats’e ka bokhopo ba bona le bofebe ba bona, o tla qosoa, e seng ho latela melao ea naha, empa ho latela melao ea bona ea bokhopo, eo e neng e fanoe ke Gadiantone le Kishkumene.
25 Jaole bonang, ke likano le lilekane tsena tsa lekunutu tseo Alma a ileng a laela mora oa hae hore li se ke tsa ea pele lefats’eng, e se re e tla ba mokhoa oa ho theolela tlase sechaba ho ea timelong.
26 Joale bonang, likano tseo tsa lekunutu le lilekane ha lia ka tsa tla ho Gadiantone ho tsoa lingoliloeng tseo li ileng tsa lokolleloa Helamane; empa bonang, li ile tsa behoa pelong ea Gadiantone ke sebopuoa sona se ileng sa hohela batsoali ba rona ba pele ho ja tholoana e thibetsoeng—
27 Ee, sona sebopuoa seo se ileng sa rera le Kaine, hore ha a ka bolaea ngoana’bo Abele e keke ea tsebahala ho lefats’e. ’Me o ile a rera le Kaine le balateli ba hae ho tloha ka nako eo ho ea pele.
28 ’Me hape ke sona sebopuoa se ts’oanang se ileng sa beha lipelong tsa batho ho aha tora e phahameng ho lekana hore ba ke ba fihlele maholimo. ’Me e ne e le sebopuoa se ts’oanang se ileng sa etella sechaba se neng se tsoa toreng eo ho kena lefats’eng lena; ea jalang mesebetsi ea lefifi le manyala holim’a sefahleho sohle sa lefats’e, hofihlela a hulela sechaba tlase ho timelo ka botlalo, le ho ea liheleng tse sa feleng.
29 Ee, ke sona sebopuoa se ts’oanang se ileng sa beha pelong ea Gadiantone ho nts’etsa pele mosebetsi oa lefifi, le oa polao ea lekunutu; ’me o e tlisitse ho tloha ts’imolohong ea motho esita le tlase ho tla nakong ena.
30 ’Me bonang, ke eena eo e leng mothehi oa sebe sohle. ’Me bonang, o nts’etsa pele mesebetsi ea hae ea lefifi le polao ea lekunutu, ’me o fetisetsa tlase meralo ea teng, le likano tsa teng, le lilekane tsa teng, le meralo ea teng ea bokhopo bo ts’abehang, ho tloha molokong ho ea molokong ho latela ka moo a susumetsang lipelo tsa bana ba batho.
31 ’Me joale bonang, o ts’oere ts’usumetso e kholo holim’a lipelo tsa Ba-Nefi; ee, haholo hoo hore ba fetohile ho ba khopo ka ho fetisisa; ee, karolo e fetang ea bona e fetoletse kantle tsela ea ho loka, ’me ba hatiketse tlasa maoto a bona litaelo tsa Molimo, ’me ba ile ba fetohela litseleng tsa bona, ’me ba ile ba iketsetsa melingoana ea khauta ea bona le silivera sa bona.
32 ’Me ho ile ha etsahala hore bokhopo bona kaofela bo ile ba tla ho bona ka sebaka sa lilemo tse seng ngata, haholo hoo hore karolo e fetang ea teng e ile ea tla ho bona ka selemo sa mashome a ts’eletseng a metso e supileng sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.
33 ’Me ba ile ba hola bokhopong ba bona ka selemo sa mashome a ts’eletseng a metso e robeli hape, ho masoabi a maholo le lillo tsa ba lokileng.
34 ’Me ke joana rea bona hore Ba-Nefi ba ile ba qala ho fela ke ho se lumele, ’me ba hola bokhopong le manyala, ha Ba-Lamane ba qala ho hola ka ho fetisisa tsebong ea Molimo oa bona; ee, ba ile ba qala ho boloka melao ea hae le litaelo, le ho tsamaea ka ’nete le ho otloloha ka pele ho eena.
35 ’Me ke joana rea bona hore Moea oa Morena o ile oa qala ho ikhula ho tsoa ho ba-Nefi, ka lebaka la bokhopo le ho thatafala ha lipelo tsa bona.
36 ’Me ke joana re bonang hore Morena o ile a qala ho ts’ollela Moea oa hae holim’a Ba-Lamane, ka lebaka la bobebe le boikemisetso ho lumela mantsoeng a hae.
37 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba tsoma sehlopha seo sa batlatlapi ba Gadiantone; ’me ba ile ba ruta lentsoe la Molimo har’a karolo e khopo ho feta ea bona, haholo hoo hore sehlopha sena sa batlatlapi se ileng sa timetsoa ka botlalo ho tsoa har’a Ba-Lamane.
38 ’Me ho ile ha etsahala hore ka letsohong le leng, hore Ba-Nefi ba ile ba ba aha le ho ba ts’ehetsa, ho qala ka karolo e khopo ho feta ea bona, ho fihlela ba jalehile ho feta lefats’eng lohle la Ba-Nefi, ’me ba ile ba thetsa karolo e fetang ea ba lokileng ho fihlela ba ile ba theohela tlase ho lumela mesebetsi ea bona le ho ja tse tlatlapuoeng, le ho kopana le bona lipolaong tsa bona tsa lekunutu le liketsong tsa sekhukhu.
39 ’Me ke joana ba ileng ba fumana ba le bang botsamaisi ba puso, haholo hoo hore ba ile ba hatikela tlasa maoto a bona le ho otla le ho hlokofatsa le ho furalla bafutsana le ba mosa, le balateli ba Molimo ba ikokobelitseng.
40 ’Me ke joana re bonang hore ba ne ba le boemong bo ts’abehang, ’me ba butsoetsa bakeng sa timetso e sa feleng.
41 ’Me ho ile ha etsahala hore e bile joana pheletso ea selemo sa mashome a ts’eletseng a metso e robeli ea puso a baahloli holim’a sechaba sa Nefi.