Mangolo a halalelang
Helamane 15


Khaolo ea 15

Morena o khalemetse Ba-Nefi hobane o ne a ba rata—Ba-Lamane ba sokolohileng ba tiile le ho tsitsa tumelong—Morena o tla ba mohau ho Ba-Lamane matsatsing a bona a ho qetela. Ka bo 6 B.C.

1 ’Me joale bana beso, bonang, ke phatlalatsa ho lona hore ntle le hore le bake matlo a lona a tla sala ho lona e le lesupi.

2 Ee, ntle le hore le bake, basali ba lona ba tla ba le lebaka le leholo la ho lla ka letsatsi leo ba tlang ho anyesa; hobane le tla leka ho baleha ’me ha ho na ho ba le sebaka sa bots’abeli bakeng sa lona; ee, ’me ho malimabe bao ba nang le bana, hobane ba tla ba boima ’me ba sitoe ho baleha; ka baka leo ba tla hatikeloa tlase ’me ba tla salla ho timela.

3 Ee, ho malimabe sechaba sena se bitsoang sechaba sa Nefi ntle le hore ba bake, mohlang ba tla bona mats’oao a na oohle le limakatso tse tlang ho bonts’oa ho bona; hobane bonang, ba bile sechaba se khethiloeng ke Morena; ee, sechaba sa Nefi o se ratile, hape le ho ba khalemela; ee, matsatsing a bona a bokhopo o ile a ba khalemela hobane o ne a ba rata.

4 Empa bonang bana beso, Ba-Lamane o ile a ba hloea ka hobane liketso tsa bona e bile tsa bokhopo ho tsoelapele, ’me sena ka lebaka la bokhopo ba mekhoa ea bo ntat’a bona. Empa bonang, poloko e tlile ho bona ka ho ruta ha Ba-Nefi; ’me ke ka lebaka le morero ona Morena a ekelitseng matsatsi a bona.

5 ’Me ke lakatsa hore le tle le bone hore karolo e fetang ea bona e tseleng ea mosebetsi oa bona, ’me ba tsamaea ka tsela e hlokolosi ka pele ho Molimo, ’me ba ela hloko ho boloka litaelo tsa hae le likahlolo tsa hae ho latela molao oa Moshe.

6 Ee, ke re ho lona, hore karolo ea bona e fetang e ntse e etsa sena, ’me ba ntse ba loana ka mafolofolo a sa khathaleng hore ba ke ba tlise karolo e setseng ea bana ba bo bona tsebong ea ’nete; ka baka leo ba bangata ba ntseng ba eketseha lipalong tsa bona letsatsi le letsatsi.

7 ’Me bonang, lea tseba ka bo lona, hobane le e pakile, hore ba bangata ba bona joaloka ba tlisitsoeng tsebong ea ’nete, le ho tseba ka bokhopo le manyala a mekhoa ea bo ntat’a bona, ’me ba etelletsoe ho lumela mangolo a halalelang, ee, boporofeta ba baporofeta ba halalelang, bo ngotsoeng, bo ba etellang ho tumelo ho Morena, le ho pako, tumelo eo le pako li tlisang ho fetoha ha pelo ho bona—

8 Ka baka leo, ba bangata joaloka ba tlileng ho sena, lona lea tseba ka bo lona ba tiile le ho tsitsa tumelong, ’me nthong ena ka eona ba entsoe hore ba lokolohe.

9 ’Me lea tseba hape hore ba patile libetsa tsa bona tsa ntoa, ’me ba ts’aba ho li nka hape e se re ka mokhoa o mong ba tle ba etse sebe; ee, le ka bona hore ba ts’aba sebe—hobane bonang ka tla itumella hore ba hatikeloe fats’e ’me ba bolaoe ke lira tsa bona, ’me ba keke ba phahamisa lisabole tsa bona khahlanong le bona, ’me sena ka lebaka la tumelo ea bona ho Kreste.

10 ’Me joale, ka lebaka la ho tsitsa ha bona ha ba feela ba lumela ho seo ba felang ba se lumela, hobane ka lebaka la ho tiia ha bona ha hang ha ba fumants’oa leseli, bonang, Morena o tla ba hlohonolofatsa le ho eketsa matsatsi a bona, ho sa tsotellehe bokhopo ba bona—

11 Ee, esita le haeba ba tla fela ke ho se lumele Morena o tla eketsa matsatsi a bona, hofihlela nako e tlang ho tla eo e boletsoeng ke bontat’a rona, hape le ke moporofeta Zenose, le baporofeta ba bang ba bangata, malebana le tsosoloso ea bahabo rona, Ba-Lamane, hape tsebong ea ’nete—

12 Ee, ke re ho lona, hore linakong tsa ho qetela lits’episo tsa Morena li otlolletsoe bana ba bo rona, Ba-Lamane; ’me ho sa tsotellehe mahlomola a mangata oa ba tlang ho ba le ona, ’me ho sa tsotellehe hore ba tla khanneloa koa le koa holim’a sefahleho sa lefats’e, ’me ba tsongoe, ’me ba tle ba otloe le ho hasanngoa kantle, ba hloka sebaka sa bots’abeli, Morena o tla tlala mohau ho bona.

13 ’Me sena ho latela boporofeta, hore hape ba tla tlisoa tsebong ea ’nete, eo e leng tsebo ea Molopolli oa bona, le molisa oa bona e moholo oa ’nete, ’me ba boaloe har’a linku tsa hae.

14 Ka baka leo ke re ho lona, ho tla ba betere bakeng sa bona ho feta bakeng sa lona ntle le hore le bake.

15 Hobane bonang, haeba mesebetsi e moholo e ne e ile ea bonts’oa ho bona eo e bonts’itsoeng ho lona, ee, ho bona bao ba felileng ke ho se lumele ka lebaka la mekhoa ea bo ntat’a bona, le ka bona ka bo lona hore ba ne ba keke ba fela ke ho se lumele ka mohla hape.

16 Ka baka leo, ho bolela Morena: Nkeke ka ba timetsa ka botlalo, empa ke tla etsa hore ka letsatsi la bohlale ba ka, ba tla khutlela hape ho ’na, ho bolela Morena.

17 ’Me joale bonang, ho bolela Morena, malebana le sechaba sa Ba-Nefi; Haeba ba keke ba baka, le ho ela hloko ho etsa thato eaka, ke tla ba timetsa ka botlalo, ho bolela Morena, ka lebaka la ho se lumele ha bona ho sa tsotellehe mesebetsi e mengata e meholo eo ke e entseng har’a bona; ’me joaloka ha kannete ka Morena a phelang lintho tsena li tla ba joalo, ho bolela Morena.