Mangolo a halalelang
Helamane 13


Boporofeta ba Samuele, oa Mo-Lamane, ho Ba-Nefi.

Ho kenyeletsa likhaolo 13 ho isa ho 15.

Khaolo ea 13

Samuele oa Mo-Lamane o porofeta timelo ea Ba-Nefi ntle le hore ba bake—Bona le maruo a bona ba rohakehile—Ba latola le ho tlepetsa baporofeta ka majoe, ba potapotile ke bademona, ’me ba batla thabo ka ho etsa bokhopo. Ka bo 6 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a robeli a metso e ts’eletseng, Ba-Nefi ba ile ba nna ba sala bokhopong, ee, bokhopong ba boholo, ha Ba-Lamane ba ile ba ela hloko ka tieo ho boloka litaelo tsa Molimo, ho latela molao oa Moshe.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sena ho ne ho ena le emong Samuele, Mo-Lamane, ea ileng a tla lefats’eng la Zarahemla, ’me a qala ho ruta sechaba seo. ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a ruta, matsatsi a mangata, pako ho sechaba seo, ’me ba ile ba mo lahlela kantle, ’me o ne a le makhatheng a ho khutlela lefats’eng la habo.

3 Empa bonang, lentsoe la Morena le ile la tla ho eena, hore a tle a khutle hape, ’me a porofete ho sechaba seo eng kapa eng ea lintho tse tla tla pelong ea hae.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba sa lumele hore a tle a kene ka har’e ho motse; ka baka leo o ile a tsamea ’me a hloella holim’a lebota la teng, ’me a otlollela letsoho la hae pele ’me a hoelehetsa ka lentsoe le phahameng, ’me a porofeta ho sechaba seo eng kapa eng eo Morena a e behang pelong ea hae.

5 ’Me o ile a re ho bona: Bonang, ’na, Samuele, Mo-Lamane, ke bolela mantsoe a Morena ao a a behileng pelong eaka; ’me bonang o behile pelong eaka hore ke bolele ho sechaba sena hore sabole ea toka e leketlile holim’a sechaba sena; ’me lilemo tse makholo a mane ha li na ho feta ntle le hore sabole ea toka e oele holim’a sechaba sena.

6 Ee, timelo e boima e emetse sechaba sena, ’me kannete e ea tla holim’a sechaba sena, ’me ha hona letho le ka pholosang sechaba sena ntle le hore e be pako le tumelo ho Morena Jesu Kreste, eo kannete a tlang ho tla lefats’eng, ’me o tla sotlehella lintho tse ngata ’me o tla bolaoa bakeng sa sechaba sena.

7 ’Me bona, lengeloi la Morena le phatlalalitse ho ’na, ’me o ile a tlisa litaba tse molemo moeeng oaka. ’Me bonang, ke ile ka rongoa ho lona ho tla e phatlalatsa le ho lona, hore le ke le be le litaba tse molemo; empa bonang ha le na takatso ea ho nkamohela.

8 Ka baka leo, ke joana ho bolela Morena: Ka lebaka la bothata ba lipelo tsa sechaba sa Ba-Nefi, ntle le hore ba bake ke tla nka lentsoe la ka ho tsoa ho bona, ’me ke tla hula Moea oaka ho bona, ’me ha ke sa tla ba lumella ho ea pele, ’me ke tla fetolela lipelo tsa bana ba bona khahlanong le bona.

9 ’Me lilemo tse makholo a mane ha li na ho feta pele ke tla etsa hore ba otloe; ee, ke tla ba etela ka sabole le ka tlala le ka lefu la seoa.

10 Ee, ke tla ba etela ka khalefo eaka e bohale, ’me ho tla ba le bao ba moloko oa bone ba tlang ho phela, ba lira tsa lona, ho bona timelo ea lona ka botlalo; ’me sena kannete se tla tla ntle le hore le bake, ho bolela Morena; ’me bao ba moloko oa bone ba tla etela timelo ea lona.

11 Empa haeba le tla baka ’me le khutlele ho Morena Molimo oa lona ke tla furalatsa khalefo eaka, ho bolela Morena; ee, ke joana ho bolela Morena, ho lehlohonolo bao ba tlang ho baka ’me ba khutlele ho ’na, empa ho malimabe eo a sa bakeng.

12 Ee, ho malimabe motse ona o moholo oa Zarahemla; hobane bonang, ke ka lebaka la bao ba lokileng hore e be o pholositsoe; ee, ho malimabe motse ona o moholo, hobane kea lemoha, ho bolela Morena, hore ho na le ba bangata, ee, esita le karolo e fetang ea motse ona o moholo, eo e tlang ho thatafatsa lipelo tsa bona khahlanong le ’na, ho bolela Morena.

13 Empa ho lehlohonolo ba tlang ho baka, hobane bona ke tla ba qenehela. Empa bonang, haeba e ne e se bakeng sa ba lokileng ba motseng oo o moholo, bonang, ke ne ke tla etsa hore mollo o tle tlase ho tsoa leholimong ’me o o timetse.

14 Empa bonang, ke ka lebaka la ba lokileng hore e be o qenehetsoe. Empa bonang, nako e eatla, ho bolela Morena, hore ha le tla lahlela kantle ba lokileng ho tsoa ho lona, joale le tla be le butsoitse bakeng sa timelo; ee, ho malimabe motse ona o moholo, ka lebaka la bokhopo le manyala a ka ho eena.

15 Ee, ’me ho malimabe motse oa Gideone, ka lebaka la bokhopo le manyala a ka ho eena.

16 Ee, ’me ho malimabe metse eohle e lefats’eng le potapotileng, eo e ruiloeng ke Ba-Nefi, ka lebaka la bokhopo le manyala a ka ho eona.

17 ’Me bonang, thohako e tla tla holim’a lefats’e leo, ho bolela Morena oa Makhotla, ka lebaka la liketso tsa sechaba se holim’a lefats’e leo, ee, ka lebaka la bokhopo ba bona le manyala a bona.

18 ’Me ho tla etsahala hore, ho bolela Morena oa Makhotla, ee, Molimo oa rona e moholo oa ’nete, hore mang kapa mang ea tlang ho pata matlotlo lefats’eng a ke ke a hlola a a fumana hape, ka lebaka la thohako e kholo ea lefats’e leo, ntle le hore e be motho ea lokileng ’me a tle a a pate ho Morena.

19 Hobane ke batla, ho bolela Morena, hore ba tle ba patele matlotlo a bona ho ’na; ’me ho rohakehile bao ba sa pateng matlotlo a bona ho ’na; hobane ha hona mang ea patelang matlotlo a bona ho ’na ntle le ba lokileng; ’me ea sa patelang matlotlo a hae ho ’na, o rohakehile, hape le matlotlo ao, ’me ha hona ea tlang ho a lopolla ka lebaka la thohako ea lefats’e leo.

20 ’Me letsatsi le tla tla la hore bao ba tlang ho pata matlotlo a bona, hobane ba behile lipelo tsa bona maruong; ’me ka lebaka la hore ba behile lipelo tsa bona maruong a bona, ’me ba tla pata maruo a bona ha ba tla baleha ka pele ho lira tsa bona; hobane ba ke ke ba a pata ho ’na, ho malimabe bona hape le matlotlo a bona; ’me ka letsatsi leo ba tla otloa, ho bolela Morena.

21 Bonang lona, sechaba sa motse oona o moholo, ’me le mamele mantsoe a ka; ee, mamelang mantsoe ao Morena a a boletseng; hobane bonang, o boletse hore le malimabe ka lebaka la maruo a lona, ’me hape le maruo a lona a malimabe hobane le behile lipelo tsa lona ho oona, ’me ha lea mamela mantsoe a eo a faneng ka oona ho lona.

22 Ha le hopole Morena Molimo oa lona linthong tseo ka tsona a le hlohonolofalitseng, empa kamehla le hopola maruo a lona, e seng ho leboha Morena Molimo oa lona bakeng sa oona; ee, lipelo tsa lona ha lia huleloa kantle ho Morena, empa li kokomoha ka boikhohomoso bo boholo, ho isa boithorisong, le ho kokomoha ho ho holo, mohono, likhang, lonya, lihloriso, le lipolao, le mekhoa eohle ea bokhopo.

23 Hobane ke ka lebaka lena Morena Molimo a entseng hore thohako e tle holim’a lefats’e lena, hape le holim’a maruo a lona, ’me sena ka lebaka la bokhopo ba lona.

24 Ee, ho malimabe sechaba sena, ka lebaka la nako ena e fihlileng, hore le lahlela kantle baporofeta, ’me lea ba nyefola, le ho ba betsa ka majoe, ’me lea ba bolaea, le ho etsa mekhoa eohle ea bokhopo ho bona, esita le joaloka ba ile ba etsa ba nakong ea khale.

25 ’Me joale ha le bua, le re: Haeba matsatsi a rona a ne a ile ea ba matsatsing a bontat’a rona ba khale, re ka be re sa ka ra bolaea baporofeta; re ka be re sa ba tlepetsa ka majoe, le ho ba lahlela kantle.

26 Bonang le mpefetse ho ba feta; hobane joaloka Morena a phelang, haeba moporofeta a tla har’a lona ’me a phatlalatsa ho lona lentsoe la Morena, le pakahatsang ka libe tsa lona le bokhopo, lea mo halefela, ’me le mo lahlela kantle ’me le batla mekhoa ea litsela tsohle tsa ho mo timetsa; ee, le tla re ke moporofeta oa bohata, le hore ke moetsa libe, le oa diabolose, hobane a pakahatsa hore mesebetsi ea lona e mebe.

27 Empa bonang, haeba motho o tla tla har’a lona ’me a re: Etsang sena, ’me ha hona bokhopo; etsa hoane ’me ha le na ho sotleha; ee, o tla re: Tsamaeang kamor’a boikhohomoso ba lipelo tsa lona; ee, tsamaeang kamor’a boikhohomoso ba mahlo a lona, ’me o etse eng kapa eng eo pelo ea hau e se lakatsang—’me haeba motho o tla tla har’a lona ’me a bolele sena, le tla mo amohela, ’me le re ke moporofeta.

28 Ee, le tla mo phahamisa, ’me le tla mo fa karolo ea leruo la lona; le tla mo fa ea khauta ea lona, le ea silevera sa lona, ’me le tla mo apesa ka liaparo tse theko e kholo; ’me hobane o bua mantsoe a thoholetsang ho lona, ’me o re tsohle li lokile, joale ha le na ho fumana molato ka eena.

29 Oho lona ba khopo ’me lona moloko o khelohileng; lona ba thatafetseng le lona batho ba melala e sataletseng, ke halelele joang le nahanang hore Morena o tla le lumella? Ee, ke halelele ha kae le tlang ho itumella ho etelloa ke batataise ba bothoto le ho foufala? Ee, ke halelele ha kae le tlang ho khetha lefifi ho feta khanya?

30 Ee, bonang, khalefo ea Morena e se ntse e tuka khahlanong le lona; bonang, o rohakile lefats’e lena ka lebaka la bokhopo ba lona.

31 ’Me bonang, nako e eatla ea hore a rohake maruo a lona, hore a tle a fetohe ho thellang, hore le sitoe ho a ts’oara; ’me matsatsing a bofuma ba lona le tla sitoa ho a boloka.

32 ’Me matsatsing a bofuma ba lona le tla hoelehetsa ho Morena; ’me le tla llela lefeela, hobane ts’enyeho ea lona e se ntse e tlile holima lona, ’me timelo ea lona e netefalitsoe; ’me joale le tla lla le ho bokolla ka letsatsi leo, ho bolela Morena oa Makhotla. ’Me joale le tla lla, ’me le re:

33 Oho hore hoja e be ke ile ka baka, ’me e be ha kea bolaea boporofeta, le ho ba tlepetsa ka majoe, le ho ba lahlela kantle. Ee, ka letsatsi leo le tla re: Oho hore e be re ile ra hopola Morena Molimo oa rona letsatsing leo a re fileng maruo a rona, ’me joale a ka be a sa fetoha ho thella hore a re lahlehele; hobane bonang, maruo a rona a tsamaile ho tloha ho rona.

34 Bona, re beha sesebelisoa mona ’me hosesane se tsamaile; ’me bona, lisabole tsa rona li nkiloe ho rona ka letsatsi leo re li batlileng bakeng sa ntoa.

35 Ee, re patile matlotlo a rona ’me a thelletse ho tloha ho rona, ka lebaka la thohako ea lefats’e lena.

36 Oho hore re ka be re bakile letsatsing leo lentsoe la Morena le tlileng ho rona; hobane bona lefats’e lena le rohakiloe, ’me lintho tsohle li fetohile tse thellang, ’me re sitoa ho li ts’oara.

37 Bona, re potapotile ke bademona,ee, re likalikelitsoe ke mangeloi a eena eo a batlileng ho timetsa meea ea rona. Bona, bokhopo ba rona bo boholo. Oho Morena, na u ke ke ua khutlisa khalefo ea hau ho tloha ho rona? ’Me ena e tla ba eona puo ea lona matsatsing ao.

38 Empa bonang, matsatsi a lona a nako ea teko a fetile; le chechisitse letsatsi la poloko ea lona hofihlela ho se ho le morao haholo ka ho sa feleng, ’me timelo ea lona e ea netefatsoa; ee, hobane le le batlile ka matsatsi oohle a maphelo a lona bakeng sa seo le neng le sitoa ho se fumana; ’me le batlile thabo ka ho etsa bokhopo, eo ntho e leng khahlanong le tlholeho ea ho loka ho leng ka ho Hlooho ea rona e kholo ea Bosafeleng.

39 Oho lona sechaba sa lefats’e lena, hore le ke le utloe mantsoe a ka! ’Me ke rapela hore khalefo ea Morena e ke e khutlisoe ho tloha ho lona, le hore le tla baka le pholosoe.