Khaolo ea 8
Baahloli ba bolileng ba batla ho hlohleletsa sechaba khahlanong le Nefi—Abrahama, Moshe, Zenose, Zenock, Esia, Esaia, Jeremia, Lehi, le Nefi kaofela ba ile ba pakahatsa ka Kreste—Ka susumetso Nefi o phatlalatsa polao ea moahloli e moholo. Ka bo 23–21 B.C.
1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Nefi a se a boletse mantsoe a na, bonang, ho ne ho ena le banna bao e neng e le baahloli, bao le bona ba ne ba kene sehlopha sa Gadiantone, ’me ba ne ba halefile, ’me ba ile ba hoelehetsa khahlanong le eena, ba re ho sechaba seo: Hobaneng le sa ts’oare monna eo le mo tlise, hore a ke a ahloloe ho latela tlolo eo a e entseng?
2 Hobaneng le bona monna eo, ’me le mo utloa a nyefola khahlanong le sechaba se le khahlanong le molao oa rona?
3 Hobane bonang, Nefi o ne a buile le bona malebana le ho senyeha ha molao oa bona; ee, lintho tse ngata o ile a li bua Nefi tseo ho sitang ho li ngola; ’me ha ho letho leo a ileng a le bua le neng le le khahlanong le litaelo tsa Molimo.
4 ’Me baahloli bao ba ne ba mo halefetse hobane o ne a buile ka ho hlaka ho bona malebana le mesebetsi ea bona ea sephiri ea lefifi; le ha ho le joalo, ba ne ba sa qeke ho beha matsoho a bona holim’a hae, hobane ba ne ba ts’aba sechaba seo e se re ba tle ba hoelehetse khahlanong le bona.
5 Ka baka leo ba ile ba hoelehetsa ho sechaba, ba re: Hobaneng le lumella monna eo ho nyefola khahlanong le rona? Hobane bonang o fela a ahlola sechaba sena sohle, esita le ho isa ts’enyehong; ee, hape le hore ena metse ea rona e meholo re tla e tsekisoa, hore ha re na ba le sebaka ka ho eona.
6 ’Me joale rea tseba hore sena ha se khonehe, hobane bonang, re tletse matla, le metse ea rona e meholo, ka baka leo lira tsa rona li ke ke tsa eba le matla holim’a rona.
7 ’Me ho ile ha etsahala hore ke joana ba ileng ba hlohleletsa sechaba ho halefa khahlanong le Nefi, ’me ba tsosa likhang har’a bona; hobane ho ne ho ena le ba bang ba ileng ba hoelehetsa: Tloheleng monna enoa, hobane ke monna ea lokileng, ’me lintho tseo a boletseng kannete li tla tla li etsahala ntle le hore re bake.
8 Ee, bonang, likahlolo tsohle li tla tla holim’a rona tseo a li pakahalitseng ho rona; hobane rea tseba hore o pakahatsa ka nepo ho rona malebana le bokhopo ba rona. ’Me bonang li ngata, ’me o tseba lintho tsohle tseo li tlang ho re oela joaloka ha a tseba bokhopo ba rona;
9 Ee, ’me bonang, haeba e ne e se moporofeta o ne a ka sitoa ho pakahatsa malebana le lintho tseno.
10 ’Me ho ile ha etsahala hore batho bao ba neng ba batla ho timetsa Nefi ba ile ba qobelleha ka lebaka la ts’abo ea bona, hore ha ba ka ba beha matsoho a bona ho eena; ka baka leo o ile a qala ho bua le bona, a bona hore o fumane mohau mahlong a ba bang, haholo hoo hore karolo e setseng ea bona e ile ea ts’aba.
11 Ka baka leo o ile a susumetseha ho bua le bona ho feta a re: Bonang, bana beso, na ha le so bale hore Molimo o ile a fana ka matla ho monna a le mong, esita le Moshe, ho otla holim’a metsi a Leoatle le Lefubelu, ’me a ile a aroha koana le koana, haholo hoo hore Ba-Iseraele, bao e neng e le bo ntat’a rona, ba ile ba tla holim’a mobu o ommeng, ’me metsi a ile a koalla holim’a mabotho a Ba-Egepeta ’me a ba koenya?
12 ’Me joale bonang, haeba Molimo o ile a fana ho monna enoa ka matla a joalo, joale hobaneng le tsekisana har’a lona, ’me le re ha a fana ka matla a joalo ho ’na malebana le likahlolo tse tlang ho tla holim’a lona ntle le hore le bake?
13 Empa, bonang, ha le latole matsoe a ka feela, empa hape le latola mantsoe ao a ileng a boleloa ke bo ntat’a rona, hape le mantsoe a ileng a boleloa ke monna enoa, Moshe, ea neng a ena le matla a maholo joalo a fanoeng ho eena, ee, mantsoe ao a a boletseng malebana le ho tla ha Messia.
14 Ee, na ha ka a paka hore Mora oa Molimo o tla tla? ’Me joaloka ha a ile a phahamisetsa holimo noha ea koporo lefelleng, esita le joalo o tla phahamisetsoa holimo ea tlang ho tla.
15 ’Me joaloka ha ba bangata ba tla sheba ho noha eo ba tla phela, esita le joalo joaloka ha ba bangata ba tla sheba ho Mora oa Molimo ka tumelo, ba na le moea o robehileng, ba ka phela, esita le ho isa bophelong bane ba bosafeleng.
16 ’Me joale bonang, Moshe ha se eena feela a ileng a pakahatsa ka lintho tsena, empa hape le baporofeta bohle ba halalelang, ho tloha matsatsing a hae esita le ho isa matsatsing a Abrahama.
17 Ee, ’me bonang, Abrahama o ile a bona ho tla ha hae, ’me o ile a tlala ka nyakallo ’me o ile a nyakalla.
18 Ee, ’me bonang ke re ho lona, hore Abrahama o ne a sa tsebe ka lintho tsena feela, empa ho bile le ba bangata pele ho Abrahama ba neng ba bitsitsoe ka mokhoa oa Molimo; ee, esita le ka mokhoa oa Mora oa hae; ’me sena ke hore ho tle ho bonts’oe ho sechaba, lilemo tse likete li ngata haholo pele ho ho tla ha hae, hore esita le topollo e tla tla ho bona.
19 ’Me joale ke lakatsa hore le tsebe, hore esita le ho tloha matsatsing a Abrahama ho ile ha eba le baporofeta ba bangata ba pakahalitseng lintho tsena; ee, bonang, moporofeta Zenose o ile a pakahatsa ka tieo; bakeng sa seo a ileng a se bolaeloa.
20 ’Me bonang, hape Zenock, le hape Esia, le hape Esaia, le Jeremia, (Jeremia e leng moporofeta eane ea ts’oanang ea ileng a porofeta ka timetso ea Jerusalema) ’me joale rea tseba hore Jerusalema e ile ea timetsoa ho latela mantsoe a Jeremia. Oho joale hobaneng e ke ke ea eba Mora oa Molimo ea tlang, ho latela boporofeta ba hae?
21 ’Me joale na le tla latola hore Jerusalema e ile ea timetsoa? Na le tla re bara ba Zedekia ha ba ka ba bolaoa, bohle ntle le Muleke? Ee, ’me na ha le bone peo ea Zedekia ba na le rona, ’me ba ile ba khanneloa kantle ho lefats’e la Jerusalema? Empa bonang, sena ha se phetho—
22 Ntat’a rona Lehi o ile a khanneloa kantle ho Jerusalema hobane o ile a pakahatsa ka lintho tsena. Nefi hape o ile a pakahatsa ka lintho tsena, hape le hoo e ka bang bo ntat’a rona bohle, esita le ho ea tlase ho isa nakong ena; ee, ba ile ba pakahatsa ka ho tla ha Kreste, ’me ba shebetse pele, ’me ba nyakalletsa letsatatsing la hae le tlang ho tla.
23 ’Me bonang, ke Molimo, ’me o na le bona, ’me o ile a iponahatsa ho bona, hore ba lopollotsoe ke eena; ’me ba ile ba mo fa khanya, ka lebaka la seo se tlang ho tla.
24 ’Me joale, ka ho bona hore lea li tseba lintho tsena ’me le sitoa ho li latola ntle le hore le tla bua leshano, ka baka leo ka sena le entse sebe, hobane le latotse lintho tsena tsohle, ho sa tsotellehe mapaki a mangata ao le a fumaneng; ee, esita le hore le fumane lintho tsohle, bobeli lintho tse leholimong le lintho tsohle tse lefats’eng, e le bopaki ba hore ke ’nete.
25 Empa bonang, le latotse ’nete, ’me la fetohela khahlanong le ea halalelang oa lona Molimo; ’me esita le ka nako ena, ho ena le ho ipehela maruo a lona leholimong, moo ho se nang letho le tla senya, le moo ho seng letho leo le ka tlang le sa hloekang, le ntse le bokella bakeng sa lona khalefo khahlanong le letsatsi la kahlolo.
26 Ee, esita le ka nako ena le ntse le butsoa, ka lebaka la lipolao tsa lona le bofebe ba lona le bokhopo, bakeng sa ts’enyeho e sa feleng; ee, ’me ntle le hore le bake e tla tla ho lona haufi.
27 Ee, bonang joale esita le menyako ea lona; ee, tsamaeang le eeng setulong sa boahloli, le fuputse; ’me bonang, moahloli oa lona o bolailoe, ’me o letse maling a hae; ’me o bolailoe ke ngoan’a bo, ea batlang ho lula setulong sa boahloli.
28 ’Me bonang, ka bobeli ba kene sehlopha sa lona sa sephiri, seo mothehi oa sona e leng Gadiantone le e mobe ea batlang ho timetsa meea ea batho.