Mangolo a halalelang
Helamane 11


Khaolo ea 11

Nefi o susumetsa Morena ho nkela sebaka sa ntoa ea bona ka tlala—Batho ba bangata ba ea timela—Ba ea baka, ’me Nefi o kopa pula ho Morena—Nefi le Lehi ba amohela lits’enolelo tse ngata—Linokoane tsa Gadiantone li tiisa metheo ea tsona lefats’eng leo. Ka bo 20–6 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a supileng a metso e ’meli sa puso ea baahloli hore likhang li ile tsa eketseha, haholo hoo hore ho ne ho na le lintoa hohle lefats’eng lohle har’a sechaba sa Nefi.

2 ’Me e ne e le sehlopha sena sa linokoane sa sephiri se ileng sa etsa mosebetsi ona oa ts’enyo le bokhopo. ’Me ntoa ena e ile ea ts’oarella selemo seo sohle; le ka selemo sa mashome a supileng a metso e meraro e ile ea nna ea ts’oarella.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sena Nefi o ile a hoelehetsa ho Morena, a re:

4 Oho Morena, se ke oa lumella hore sechaba sena se tle se timetsoe ka sabole; empa Oho Morena, o mpe o etse hore ho be le tlala lefats’eng lena, ho ba sisinyetsa ho hopola Morena Molimo oa bona, ’me mohlomong ba tla baka ’me ba khutlele ho uena.

5 ’Me joalo ho ile ha etsahala, ho latela mantsoe a Nefi. ’Me ho ile ha ba le tlala e kholo holim’a lefats’e leo, har’a sechaba sohle sa Nefi. ’Me ke joana ka selemo sa mashome a supileng a metso e mene tlala e ile ea tsoelapele, ’me mosebetsi oa ts’enyo o ile oa emisa ka sabole empa oa fetoha bohloko ka tlala.

6 ’Me mosebetsi ona oa ts’enyo le ona o ile oa tsoelapele selemong sa mashome a supileng a metso e mehlano. Hobane lefats’e le ne le otluoe ’me le ne le omme, ’me le ne le sitoa ho hlahisa lijo thollo ka nako ea lijo thollo; ’me lefats’e lohle le ne le otluoe, esita le har’a Ba-Lamane ’moho le har’a Ba-Nefi, joalo hore ba ne ba otluoe hore e be ba ile ba shoa ka likete likarolong tse khopo ho feta tsa lefats’e leo.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore sechaba se ile sa bona hore ba ne ba le haufi le ho timela ka tlala, ’me ba ile ba qala ho hopola Morena Molimo oa bona; ’me ba qala ho hopola mantsoe a Nefi.

8 ’Me sechaba se ile sa qala ho kopa baahloli ba bona ba baholo le baetapele ba bona, hore ba ke ba re ho Nefi: Bona, rea tseba hore uena o monna oa Molimo, ’me ka baka leo hoelehetsa ho Morena Molimo oa rona hore a furallise tlala ena ho tloha ho rona, e se re mantsoe oohle ao u a boletseng malebana le timelo ea rona a phethahala.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore baahloli ba ile ba bolela ho Nefi, ho latela mantsoe a neng a lakalitsoe. ’Me ho ile ha etsahala hore ha Nefi a bona hore sechaba seo se bakile ’me se ikokobelitse ka lesela le mahoashe, o ile a hoelehetsa ho Morena a re:

10 Oho Morena, bona sechaba sena se bakile; ’me ba fielletse hore sehlopha sa Gadiantone ho tsoa ha bona haholo hoo hore e be ba felile, ’me ba patile meralo ea bona ea sephiri ka mobung.

11 Joale, Oho Morena, ka lebaka la bona boikokobetso ba bona ke kopa u tlose khalefo ea hau, ’me u etse hore khalefo ea hau e khotsofalle timetsong ea banna bao ba khopo bao u seng u ba timelitse.

12 Oho Morena, ke kopa u tlose khalefo ea hau, ee, khalefo ea hau e bohale, ’me u etse hore tlala ena e ke e fele lefatse’ng lena.

13 Oho Morena, ke kopa u ’mamele, ’me u etse hore sena se etsoe ho latela mantsoe a ka, ’me u romele pula holim’a sefahleho sa lefats’e lena, hore le ke le hlahise tholoana ea lona, le lijo thollo tsa lona, ka nako ea lijo thollo.

14 Oho Morena, u ile oa mamela mantsoe a ka ha ke re, etsa hore ho be le tlala, hore lefu la seoa la sabole le ke le emise; ’me kea tseba hore u tla etsa, esita le ka nako ena, hore u mamele mantsoe a ka, hobane u boletse hore: haeba sechaba sena se baka ke tla ba qenehela.

15 Ee, Oho Morena, ’me o oa bona hore ba bakile, ka lebaka la tlala le lefu la seoa le timelo eo e tlileng har’a bona.

16 ’Me joale Oho Morena, ke kopa u tlose khalefo ea hau, ’me u leke hape haeba ba tla u sebeletsa na? ’Me haeba ho le joalo, Oho Morena, uena u ka ba hlohonolofatsa ho latela mantsoe a hau ao u a boletseng.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a supileng a metso e ts’eletseng Morena o ile a tlosa khalefo ea hae ho tsoa sechabeng, ’me a etsa hore pula e ne holim’a lefats’e, haholo hoo hore le ile la hlahisa tholoana ea lona ka nako ea tholoana ea lona. ’Me ho ile ha etsahala hore le ile la hlahisa lijo thollo tsa lona ka nako ea lijo thollo tsa lona.

18 ’Me bonang, sechaba se ile sa nyakalla le ho tlotlisa Molimo, ’me sefahleho sohle sa lefats’e leo se ne se tletse ka ho nyakalla; ’me ha ba ka ba hlola ba batla ho timetsa Nefi, empa ba ile ba mo hlonepha joaloka moporofeta e moholo, le monna oa Molimo, ea nang le matla le tokelo tse fanoeng ho eena ho tsoa ho Molimo.

19 ’Me bonang, Lehi, ngoan’a bo, le hanyane feela o ne a se morao ho eena haele malebana le ho loka.

20 ’Me ke joana ho ileng ha etsahala hore sechaba sa Nefi se ile sa qala ho atleha hape lefats’eng leo, ’me ba qala ho aha libaka tsa bona tseo e neng e le lesupi, ’me ba qala ho ngatafala le ho jaleha, esita le hofihlela ba apesa sefahleho sohle sa lefats’e leo, ’moho ka ho leba leboea le ka ho leba boroa, ho tloha leoatleng ka bophirima ho ea leoatleng ka bochabela.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore selemo sa mashome a supileng le metso e ts’eletseng se ile sa fela ka khotso. ’Me selemo sa mashome a supileng a metso e supileng se ile sa qala ka khotso; ’me kereke e ile ea jaleha hohle sefahlehong sa lefats’e leo; ’me karolo e fetang ea sechaba, ’moho Ba-Nefi le Ba-Lamane, ba ile ba kena kereke; ’me ba ile ba eba le khotso e fetisisang lefats’eng leo; ’me ke joana e bileng pheletso ea selemo sa mashome a supileng a metso e supileng.

22 ’Me hape ba ile ba eba le khotso selemong sa mashome a supileng a metso e robeli, ntle le hore e ne e le likhang tse fokolang malebana le lintlha tsa thuto ea tumelo e ileng ea behoa fats’e ke baporofeta.

23 ’Me selemong sa mashome a supileng a metso e robong ho ile ha qala ho ba le khang e ngata. Empa ho ile ha etsahala hore Nefi le Lehi, le ba bangata ba habo bona ba neng ba tseba malebana le lintlha tsa ’nete tsa thuto ea tumelo, ba ne ba eba le lits’enolelo tse ngata letsatsi le letsatsi, ka baka leo ba ile ba ruta sechaba seo, haholo hoo hore ba beha pheletso ea khang ea bona ka sona selemo se ts’oanang.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a robeli sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi, ho ne ho ena le palo e itseng ea bahanyetsi ho tsoa sechabeng sa Nefi, bao ba neng ba ile lilemo tse ling pele ba ea ho Ba-Lamane, ’me ba ne ba inketse ho bona lebitso la Ba-Lamane, ’me hape le palo e itseng ea bao e neng e le litloholo tsa ’nete tsa Ba-Lamane, ba ne ba hlohlelelitsoe ho halefa ke bona, kapa ke bahanyetsi bao, ka baka leo ba ile ba qala ntoa le ba habo bona.

25 ’Me ba ile ba etsa lipolao le litlatlapo; ’me e be ba khutlela morao lithabeng, le ho ea lefelleng le libakeng tsa sephiri, ba ipatela hore ba sitoe ho fumanoa, ba amohela letsatsi le letsatsi keketseho ea lipalo tsa bona, haholo hoo joaloka ha ho ne ho ena le bahanyetsi ba neng ba ea ho bona.

26 ’Me ke joana ka nako, ee, esita le sebaka sa lilemo tse seng ngata, ba ile ba fetoha sehlopha se seholo ka ho fetisisa sa linokoane; ’me ba ile ba fuputsa meralo eohle ea sephiri ea Gadiantone; ’me ke joana ba ileng ba fetoha linokoane tsa Gadiantone.

27 Joale bonang, linokoane tsena li ile tsa etsa moferefere o moholo, ee, esita le ts’enyo e kholo har’a sechaba sa Nefi, hape le har’a sechaba sa Ba-Lamane.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho le molemo hore ho tle ho be le ho emisa ho etsoang mosebetsing ona oa ts’enyo; ka baka leo ba ile ba romela lebotho la banna ba matla ho ea lefelleng le holim’a lithaba ho batlana le sehlopha sena sa linokoane, le ho ba timetsa.

29 Empa bonang, ho ile ha etsahala hore ka selemo sona seo se ts’oanang ba ile ba khanneloa morao esita le ho kena mafats’eng a bona. ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa mashome a robeli a puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore qalong ea selemo sa mashome a robeli a motso o mong ba ile ba ea hape khahlanong le sehlopha sena sa linokoane, ’me ba ile ba timetsa ba bangata; ’me le bona ba ile ba eteloa ka ts’enyeho e ngata.

31 ’Me hape ba ile ba tlameha ho khutla ho tsoa lefelleng le ho tsoa lithabeng ho ea mafats’eng a bona, ka lebaka la boholo bo fetisisang ba lipalo tsa linokoane tseo tse neng li tletse lithaba le lefella.

32 ’Me ho ile ha etsahala hore e bile joana pheletso ea selemo sena. ’Me linokoane tseo li ile tsa nna tsa eketseha le ho ba matla, haholo hoo hore e be li ile tsa nyenyefatsa mabotho ohle a Ba-Nefi, hape le a Ba-Lamane; ’me li ile tsa etsa hore ts’abo e kholo e tle holim’a sechaba holim’a sefahleho sohle sa lefats’e leo.

33 Ee, hobane ba ile ba etela likarolo tse ngata tsa lefats’e leo, ’me ba ile ba etsa ts’enyo e kholo ho bona; ee, ba bolaea ba bangata, ’me ba jarela ba bang hole botso’aruoeng lefelleng, ee, ’me ho feta ka ho khetholoha basali ba bona le bana ba bona.

34 Joale bobe bona bo boholo, bo ileng ba tla holim’a sechaba ka lebaka la bokhopo ba bona, bo ile ba ba sisinyetsa ho hape khopolong ea Morena Molimo oa bona.

35 ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa mashome a robeli a motso o mong sa puso ea baahloli.

36 ’Me selemong sa mashome a robeli a metso e ’meli ba ile ba qala hape ho lebala Morena Molimo oa bona. ’Me selemong sa mashome a robeli a metso e meraro ba ile ba qala ho ba matla bokhopong. ’Me selemong sa mashome a robeli a metso e mene ha ba ka ba lokisa litsela tsa bona.

37 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a robeli a metso e mehlano ba ile ba eba matla le ho ba matla boikhohomosong ba bona, le bokhopong ba bona; ’me ke joana ba neng ba boetse ba butsoetsa timelo.

38 ’Me ke joana e bileng pheletso ea selemo sa mashome a robeli a metso e mehlano.