Mangolo a halalelang
Helamane 7


Boporofeta ba Nefi, Mora oa Helamane—Molimo o ts’osa sechaba sa Nefi hore o tla ba etela ka khalefo ea hae, ho isa timelong ea bona eohle ntle le hore ba bake bokhopong ba bona. Molimo o otla sechaba sa Nefi ka lefu la seoa; ba ea baka ’me ba khutlela ho eena. Samuele, Mo-Labane, o porofeta ho Ba-Nefi.

Ho kenyeletsa likhaolo 7 ho isa ho 16.

Khaolo ea 7

Nefi o ea latoloa leboea ’me o khutlela Zarahemla—O rapella holim’a tora ea serapa sa hae ’me o hoelehetsa ho sechaba hore se bake kapa se tla timela. Ka bo 23–21 B.C.

1 Bonang, joale ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a ts’eletseng a metso e robong sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi, Nefi, mora oa Helamane, o ile a khutlela lefats’eng la Zarahemla ho tsoa lefats’eng le ka leboea.

2 Hobane o ile a ba har’a sechaba se neng se le lefats’eng le ka leboea, ’me o ile a ruta lentsoe la Molimo ho bona, ’me o ile a porofeta lintho tse ngata ho bona;

3 ’Me ba ile ba latola mantsoe oohle a hae, haholo hoo hore o ne a sitoa ho lula har’a bona, empa o ile a khutlela lefats’eng la tsoalo ea hae.

4 ’Me ha a bona sechaba sa habo se le boemong bo ts’abehang joalo ba bokhopo, ’me le linokoane tseo tsa Gadiantone li ne li tlatsitse litulo tsa boahlali—ba ne ba qhekelletse matla le tokelo ea lefats’e leo; ba behelletse ka thoko litaelo tsa Molimo, ’me le hanyane feela ba sa etse ka toka ka pele ho eena, ba sa etse toka ho bana ba batho;

5 Ba ahlola ba lokileng ka lebaka la ho loka ha bona; ba lumella ba molato le ba khopo ho tsamaea ba sa ahloloe ka lebaka la chelete ea bona; le ho feta moo ba bolokoa ofising e ka hloohong ea puso, ho busa le ho etsa ho latela litakatso tsa bona, hore ba ke ba etse bohlola ha bobebe ho feta, le ho utsoa, le ho bolaea, le ho etsa ho latela litakatso tsa bona—

6 Joale bokhopo bona bo boholo bo ile ba tla holim’a Ba-Nefi, ka sebaka sa lilemo tse seng ngata; ’me ha Nefi a bona seo, pelo ea hae e ile ea ruruha ka bohloko ka sefubeng sa hae; ’me o ile a hoelehetsa ka bohloko ba moea hae:

7 Oho, hore e be nka be ke ile ka ba le matsatsi a ka matsatsing a ha ntate oaka Nefi a ne a qala ho tsoela kantle ho lefats’e la Jerusalema, hore e be ke ile ka nyakalla le eena lefats’e la pallo; nakong eo batho ba habo ba ne ba le bobebe ho ruteha, ba tsitsitse ho boloka litaelo tsa Molimo, ’me ba ea butle ho etelloa ho etsa bokhopo; ’me ba ne ba potlaka ho mamela mantsoe oa Morena—

8 Ee, haeba matsatsi a ka a ne a kile ea eba matsatsi ao, teng moea oaka o ka be o ile oa fumana nyakallo ho lokeng ha bana beso.

9 Empa bonang, ke khethetsoe hore a na ke ona matsatsi a ka, ’me hore moea oaka o tla tlala ka masoabi ka lebaka la bokhopo ba bana beso.

10 ’Me bonang, joale ho ile ha etsahala hore e ne e le holim’a tora, eo e neng e le serapeng sa Nefi, seo se neng se le pel’a tsela e kholo e lebisang ho ea ’marakeng o moholo, oo o neng o le motseng oa Zarahemla; ka baka leo, Nefi o ne a ile a inama holim’a tora eo e neng e le serapeng sa hae, tora eo e neng e le pela khoro ea serapa eo e neng e lebisa tseleng e kholo.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho na le banna ba itseng ba neng ba feta pela teng ’me ba bona Nefi joaloka ha a ne a ntse a ts’ollela moea oa hae ho Molimo holim’a tora; ’me ba ile ba matha ’me ba bolella sechaba seo ba se boneng, ’me sechaba se ile sa tla hammoho ka bongata hore ba ke ba tsebe lebaka la sesosa sa sello se seholo hakaalo bakeng sa bokhopo ba sechaba seo.

12 ’Me joale, ha Nefi a phahama o ile a bona bongata ba sechaba se ileng sa bokana hammoho.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a bula molomo oa hae ’me a re ho bona: Bonang, hobaneng le ipokelletse hammoho? Na ke hore ke tle ke le bolelle ka bokhopo ba lona?

14 Ee, hobane ke hloelletse holim’a tora ea ka hore ke tle ke ts’ollele moea oaka ho Molimo oaka, ka lebaka la masoabi a fetisisang a pelo eaka, ao e leng ka lebaka le bokhopo ba lona!

15 ’Me ka lebaka la ho lla ha ka le sello le ipokelletse hammoho, ’me lea makala;ee, ’me le na le tlhoko e kholo ea ho makala; ee, le ts’oanela ho makala hobane le itumelletse hore e be diabolose o na le matla a maholo hakaalo lipelong tsa lona.

16 Ee, ke joang le itumelletseng ts’usumetsong ea eo a batlang ho romela meea ea lona tlase ho ea tlokotsing e sa feleng le malimabe a senang pheletso?

17 Oho bakang lona, bakang lona! Hobaneng le tla shoa? Khutlang lona, khutlelang lona ho Morena Molimo oa lona. Hobaneng a le furaletse?

18 Ke hobane le thatafalitse lipelo tsa lona; ee, le keke la mamela lentsoe la molisa ea molemo; ee, le mo qhololitse ho halefa khahlanong le lona.

19 ’Me bonang, ho ena le ho le bokella, ntle le hore le bake, bonang, o tla le qhala hohle hore le tle le fetohe nama bakeng sa lintja le libata tse hlaha.

20 Oho, ke joang le lebetseng Molimo oa lona ka lona letsatsi leo a le lopollotseng ka lona?

21 Empa bonang, ke ho fumana phaello, ho rorisoa ke batho, ee, le hore le ke le fumane khauta le silevera. ’Me le le behile lipelo tsa lona holim’a maruo le lintho tsa lefeela tsa lefats’e lena, bakeng sa tseo le bolaeang, le ho tlatlapa, le ho utsoa, le ho etseletsa ba habo lona, le ho etsa mekhoa eohle ea bokhopo.

22 ’Me ka lebaka lena bomalimabe bo tla tla holim’a lona ntle le hore le bake. Hobane haeba ha le na ho baka, bonang, motse ona o moholo, ’me hape le metse eo eohle e meholo e potapotileng, eo e leng mafats’e a borui ba rona, a tla nkeloa hole hore ha le na ba le sebaka ho ona; hobane bonang, Morena a ke ke a le fa matla, joaloka hofihlela mona a entse, ho mamella khahlanong le lira tsa lona.

23 Hobane bonang, joana ho bolela Morena: Nke ke ka bonts’a matla a ka ho ba khopo, ho e mong ho feta e mong, ntle le hore e be ho bao ba bakelang libe tsa bona, ’me ba mamela mantsoe a ka. Joale ka baka leo, ke lakatsa hore le tle le bone, bana beso, hore ho tla ba betere bakeng sa Ba-Lamane ho le feta ntle le hore le tle le bake.

24 Hobane bonang, ba lokile ho le feta, hobane ha ba etsa sebe khahlanong le tsebo eo e kholo eo le e fumaneng; ka baka leo Morena o tla tlala mohau ho bona; ee, o tla lelefatsa matsatsi a bona le ho eketsa peo ea bona, esita le ha lona le tla timetsoa ka botlalo ntle le hore le tle le bake.

25 Ee, malimabe a tla ba holim’a lona ka lebaka la manyala a maholo a tlileng har’a lona; ’me le ikopantse ho ona, ee, sehlopheng seo sa sephiri se thehiloeng ke Gadiantone!

26 Ee, malimabe a tla tla holim’a lona ka lebaka la boikhohomoso boo le bo lumeletseng ho kena lipelong tsa lona, boo bo le phahamiselitseng holimo ho feta seo se molemo ka lebaka la maruo a lona a maholo ka ho fetisisa!

27 Ee, le malimabe ka lebaka la bokhopo ba lona le manyala!

28 ’Me ntle le hore le bake le tla timela; ee, esita le mafats’e a lona le tla a tsekisoa, ’me le tla timetsoa ho tloha sefahlehong sa lefats’e.

29 Bonang joale, ha ke re lintho tsena li tla ba joalo, ka bo ’na, hobane ha se ka bo ’na ke tsebang lintho tsena; empa bonang, kea tseba hore lintho tsena ke ’nete hobane Morena Molimo o entse hore li tsebahale ho ’na, ka baka leo, kea pakahatsa hore li tla ba joalo.