Mangolo a halalelang
Helamane 14


Khaolo ea 14

Samuele o bolela esale pele khanya nakong ea bosiu le naleli e ncha ka tsoalo ea Kreste—Kreste o lopolla batho ho tsoa lefung la nameng le la moeeng—Mats’oao a lefu la hae a kenyeletsa matsatsi a mararo a lefifi, ho aroha ha mafika, le likoluoa tse kholo tsa tlholeho. Ka bo 6 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore Samuele, oa Mo-Lamane, o ile a porofeta haholo tse ngata ho feta lintho tse sitang ho ngoloa.

2 ’Me bonang, o ile a re ho bona: Bonang, ke fana ho lona lets’oao; hobane lilemo tse hlano ho feta lia tla, joale e be ho tla, ’me joale bonang, joale ho tla Mora oa Molimo ho lopolla bohle bao ba tlang ho lumela ho lebitso la hae.

3 ’Me bonang, sena ke tla u fa sona bakeng sa lets’oao ka nako ea ho tla ha hae; hobane bona, ho tla ba le mabone a maholo leholimong, haholo hoo hore bosiung ba pele a tla ha hona ho ba le lefifi, haholo hoo hore ho tla hlaha ho batho joaloka ha eka ke mots’eare.

4 Ka baka leo, ho tla ba le mots’eare o le mong le bosiu le mots’eare, joalo ka ha eka e ne e le letsatsi le leleng ’me ho ne ho se na bosiu; ’Me sena e tla ba lets’oao ho lona; hobane le tla tseba ka ho chaba ha letsatsi hape le ho likela ha lona; ka baka leo ba tla tseba e le kannete hore ho tla ba le matsatsi a mabeli le bosiu; le ha ho le joalo bosiu bo ke ke ba fifala; ’me e tla ba bosiu ba pele a tsoaloa.

5 ’Me bonang, ho tla ba le naleli e cha e hlahang, e joalo e le ngoe joaloka eo le so kang le e bona; le sena hape e tla ba lets’oao ho lona.

6 ’Me bonang sena ha se phetho, ho tla ba le mats’oao a mangata le limakatso leholimong.

7 ’Me ho tla etsahala hore le tla makala, le ho tsota, haholo hoo hore le tla oela fats’e.

8 ’Me ho tla etsahala hore mang kapa mang ea tla lumela ho Mora oa Molimo, ea ts’oanang o tla ba le bophelo bo sa feleng.

9 ’Me bonang, ke joana Morena a ntaetseng, ka lengeloi la hae, hore ke tle ke tle ’me ke bolele ntho ena ho lona; ee, o laetse hore ke tle ke porofete lintho tsena ho lona; ee, o itse ho ’na, Hoelehetsa ho sechaba sena, bakang ’me le hleke tsela ea Morena.

10 ’Me joale, hobane ke Mo-Lamane, ’me ke boletse ho lona mantsoe ao Morena a ntaetseng ona, le hobane e ne e le thata khahlanong le lona, le nkhalefetse ’me le batla ho ntimetsa, ’me le ntahletse kantle ho tsoa har’a lona.

11 ’Me le tla utloa mantsoe a ka, hobane, ke ka lebaka lena ke tlileng holim’a mabota a motse ona, hore le ke le utloe le ho tseba ka likahlolo tsa Molimo tse li le emetseng ka lebaka la bokhopo ba lona, hape le hore le ke le tsebe ka lipehelo tsa pako.

12 ’Me hape hore le ke le tsebe ka ho tla ha Jesu Kreste, Mora oa Molimo, Ntat’a leholimo le lefats’e, ’Mopi oa lintho tsohle ho tloha ts’imolohong; le hore le ke le tsebe ka mats’oao a ho tla ha hae, ho isa maikemisetsong a hore le ke le lumele ho lebitso la hae.

13 ’Me haeba le lumela lebitsong la hae le tla bakela libe tsohle tsa lona, hore ka hona le tle le be le ts’oarelo ea tsona ka melemo ea hae.

14 ’Me bonang, hape, le leng lets’oao ke le fa lona, ee, lets’oao la lefu la hae.

15 Hobane bonang, kannete o tlameha ho shoa hore poloko e tle e tle; ee, ho ea hlokahala ho eena ’me ho fetoha molemo hore a shoe, ho etsa hore ho tle ho be le tsoho bafung ha bafu, hore ka hona batho ba ke ba tlisoe ponts’eng ea Morena.

16 Ee, bonang, lefu lena le tlisa hore ho etsahale tsoho ea bafu, le ho lopolla batho bohle ho tsoa lefung la pele—lefu leo la moea; bakeng sa batho bohle, ka ho oa ha Adama ba ne ba khaotsoe ho tloha ponts’eng ea Morena, ba nkoa ba shoele, ka bobeli joaloka linthong tsa nama le linthong tsa moea.

17 Empa bonang, ho tsoha bafung ha Kreste ho lopolla batho, ee, esita le batho bohle, ’me ho ba khutlisetsa ponts’eng ea Morena.

18 Ee, ’me ho tlisa pehelo ea pako, hore mang kapa mang ea bakang ea ts’oanang a ke ke a renngoa a akheloe mollong; empa mang kapa mang ea sa bakeng o ea renngoa a akheloe mollong; ’me teng ho tla tla ho bona lefu la moea, ee, lefu la bobeli, hobane ba ea khaoloa hape ha ele ho ts’oana le lintho tse amanang le ho loka.

19 Ka baka leo lona bakang, bakang lona, e se re ka ho tseba lintho tsena ’me le sa li etse le tla itumella ho tla tlasa kahlolo, ’me le tlisoa tlase ho isa lefung lena la bobeli.

20 Empa bonang, Joaloka ha ke boletse ho lona malebana le lets’oao le leng, lets’oao la lefu, bonang, ka letsatsi leo a tlang ho hlokofatsoa ke lefu letsatsi le tla fifala ’me le hane ho fana ka khanya ea hae ho lona; hape le khoeli le linaleli; ’me ha hona hoba le khanya holima sefahleho sa lefats’e lena, esita le ho tloha nakong eo a tlang ho hlokofatsoa ke lefu, bakeng sa sebaka sa matsatsi a mararo, ho ea nakong eo a tlang ho tsoha hape ho tsoa bafung.

21 Ee, ka nako eo a tlang ho nehela moea ho tla ba le lialuma le mahalima nakong ea lihora tse ngata, le lefats’e le tla sisinyeha le ho thothomela; ’me mafika a holim’a sefahleho sa lefats’e lena, ao a leng bobeli ka holim’a lefats’e le ka tlase, ao lea tsebang ka nako ena a tiile, kapa karolo e kholo ea teng e le boima bo le bong bo tiileng, a tla choatleha;

22 Ee, a tla khaoha likoto tse peli. ’me kamor’a moo a se a tla fumanoa ka likarolo le mapatso, le ka likarolo tse choatlehileng holim’a sefahleho sa lefats’e lohle, ee, bobeli ka holimo le ka tlase.

23 ’Me bonang, ho tla ba le lifefo tse kholo, ’me ho tla ba le lithaba tse ngata tse behoang tlase, joalo ka phula, ’me ho tla ba le libaka tse ngata tseo hajoale li bitsoang liphula tse tlang ho fetoha lithaba, tseo bolelele ba tsona bo leng boholo.

24 ’Me litsela tse kholo tse ngata li tla khaoha, le metse e mengata e tla fetoha lesupi.

25 ’Me mabitla a mangata a tla ahlama, ’me a tla nehelana ka bafu ba ona ba bangata; ’me bahalaleli ba bangata ba tla hlaha ho ba bangata.

26 ’Me bonang, ke joana lengeloi le ileng la bua ho ’na; hobane o ile a re ho ’na hore ho tla ba le lialuma le mahalima nakong ea lihora tse ngata.

27 ’Me o ile a re ho ’na hore ha sealuma le lehalima li ntse li ts’oarelletse, le sefefo, hore lintho tsena li tla ba joalo, le hore lefifi le tla aparela sefahleho sa lefats’e lohle nako eo ea matsatsi a mararo.

28 ’Me lengeloi le ile la re ho ’na hore ba bangata ba tla bona lintho tse kholo ho feta tsena, morerong oa hore ba ke ba lumele hore mats’oao a na le limakatso tsena li tla etsahala holim’a sohle sefahleho sa lefats’e lena, morerong oa hore ho se ke ha ba le lebaka la ho se lumele har’a bana ba batho.

29 ’Me sena ke morerong oa hore mang kapa mang ea tlang ho lumela a ke a pholosoe, le hore mang kapa mang ea ke keng a lumela, kahlolo e lokileng e ka tla holim’a hae; hape le haeba ba ahloloa ba itlisetsa holim’a bona kahlolo ea bona.

30 ’Me joale hopolang, hopolang, bana beso, hore mang kapa mang ea timelang, o timella eena; ’me mang kapa mang ea etsang bokhopo, o bo etsetsa eena; hobane bonang, le lokolohile; le lumelletsoe ho iketsetsa; hobane bonang, Molimo o le file tsebo ’me o entse hore le lokolohe.

31 O le file hore le ke le tsebe botle ho bobe, ’me o fane ho lona hore le ke le khethe bophelo kapa lefu; ’me le ka etsa botle ’me le tsosolosetsoe ho seo se setle, kapa le fumane seo se setle se tsosolosetsoa ho lona; kapa le ka etsa bobe, ’me le fumane seo se sebe se tsosolosetsoa ho lona.