Buka ea Helamane
Pale ea Ba-Nefi. Lintoa tsa bona le liqabang tsa bona, le liphapang tsa bona. ’Me hape le boporofeta ba baporofeta ba halalelang ba bangata, pele ho hotla ha Kreste, ho latela lingoliloeng tsa Helamane, eo e neng e le mora oa Helamane, ’me hape ho latela lingoliloeng tsa bara ba hae, esita le ho ea tlase ho isa ho hotla ha Kreste. ’Me hape ba bangata ba Ba-Lamane ba sokoloha. Pale ea ts’okoloho ea bona. Pale ea ho loka ha Ba-Lamane, le bokhopo le manyala a Ba-Nefi, ho latela lingoliloeng tsa Helamane le bara ba hae, esita le tlase ho isa ho hotla ha Kreste, eo e bitsoang buka ea Helamane,’me joalo joalo.
Khaolo ea 1
Pahorane oa bobeli o fetoha moahloli e moholo ’me o bolaoa ke Kishkumene—Pakumeni o tlatsa setulo sa boahloli—Koriantumere o etella mabotho a Ba-Lamane, o nka Zarahemla, ’me o bolaea Pakumeni—Moroniha o hlola Ba-Lamane ’me o khutlisa Zarahemla, ’me Koriantumere o ea bolaoa. Ka bo 52–50 B.C.
1 ’Me joale bonang, ho ile ha etsahala hore qalong ea selemo sa mashome a mane sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi, ho ile ha qala ho ba le bothata bo tebileng har’a sechaba sa Ba-Nefi.
2 Hobane bonang, Pahorane o ile a shoa, ’me a tsamaile tsela ea lefats’e lohle; ka baka leo ho ile ha qala ho ba le khang e tebileng malebana le hore ke mang ea tla nka setulo sa boahloli har’a baena, bao e neng e le bara ba Pahorane.
3 Joale a na ke mabitso a bao ba neng ba loanela setulo sa boahloli, bao hape ba ileng ba etsa hore sechaba se loane: Pahorane, Paanki, le Pakumeni.
4 Joale ba na ha se bara ba Pahorane bohle (hobane o ne a ena le ba bangata), empa ba na ke bona ba neng ba loanela setulo sa boahloli; ka baka leo ba ile ba baka likarohano tse tharo har’a sechaba.
5 Le ha ho le joalo, ho ile ha etsahala hore Pahorane o ile a khethoa ke lentsoe la sechaba ho ba moahloli e moholo le ’musisi holim’a sechaba sa Nefi.
6 ’Me ho ile ha etsahala hore Pakumeni, ha a bona hore o ne a sitoa ho fumana setulo sa boahloli, o ile a kopana le lentsoe la sechaba.
7 Empa bonang, Paanki, le karolo ea sechaba se neng se lakatsa hore e be ’musisi oa bona, se ne se halefile ka ho fetisisa; ka baka leo o ne a le haufi le ho thoholetsa sechaba seo hore se tsohele holimo ka phetohelo khahlanong le ba habo bona.
8 ’Me ho ile ha etsahala hore joalo ka ha a ne a le haufi le ho etsa sena, bonang, o ile a nkoa, ’me o ile a qosoa ho latela lentsoe la sechaba, ’me a ahloleloa lefu; hobane o ne a ile a tsohela holimo ka phetohelo le ho batla ho timetsa tokoloho ea sechaba.
9 Joale ha sechaba seo se neng se lakatsa hore e be ’musisi oa bona se bona hore o ne a ahloletsoe lefu, ka baka leo ba ne ba halefile, ’me bonang, ba ile ba romela e mong Kishkumene, esita le ho ea setulong sa boahloli sa Pahorane, ’me a bolaea Pahorane joaloka ha a ne a lutse holim’a setulo sa boahloli.
10 ’Me o ile a lelekisoa ke bahlanka ba Pahorane; empa bonang, e ne e le lebelo hoo paleho ea Kishkumene hore ho ne ho se na motho ea neng a ka mo ts’oara.
11 ’Me o ile a ea ho bao ba neng ba mo romile, ’me ba ile ba kena selekaneng, ee, ba ikana ka ’Mopi oa bona oa ka ho sa feleng, hore ba ke ke ba bolella motho hore Kishkumene o bolaile Pahorane.
12 Ka baka leo, Kishkumene o ne a sa tsejoe har’a sechaba sa Nefi, hobane o ne a ikhakantse nakong eo a neng a bolaea Pahorane. ’Me Kishkumene le sehlopha sa hae se neng se entse selekane le eena, ba ile ba ikopanya har’a sechaba, ka mokhoa oo bohle ba neng ba sitoa ho fumaneha; empa ba bangata joalo ka ba neng ba fumanoa ba ne ba ahlolelloa lefu.
13 ’Me joale bonang, Pakumeni o ile a khethoa, ho latela lentsoe la sechaba, ho ba moahloli e moholo le ’musisi holim’a sechaba seo, ho busa sebakeng sa moholoane oa hae Pahorane; ’me e ne e le ho latela tokelo ea hae. ’Me sena sohle se entsoe ka selemo sa mashome a mane a puso ea baahloli; ’me se bile le pheletso.
14 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mane a motso o mong sa puso ea baahloli, hore Ba-Lamane ba ne ba bokelletse hammoho palo e sa baloeng ea lebotho la banna, ’me ba ba hlometse ka lisabole, le ka melamu le liqha le metsu, le ka lits’ireletso tsa hlooho, le ka lits’ireletso tsa sefuba, le ka mekhoa eohle ea lithebe tsa mefuta eohle.
15 ’Me ba ile ba theohela tlase hape hore ba tle ba hlome ntoa khahlanong le Ba-Nefi. ’Me ba ne ba eteletsoe pele ke monna eo lebitso la hae e neng e le Koriantumere; ’me e ne e le setloholo sa zarahemla, ’me e ne ele moikhaohanyi ho tsoa har’a Ba-Nefi; ’me e ne e le monna e moholo oa senatla.
16 Ka baka leo, morena oa Ba-Lamane, eo lebitso la hae e neng e le Tubalothe, eo e neng e le mora oa Ammorone, ka ho nahana hore Koriantumere, ka ho ba monna oa senatla, a ka khona ho ema khahlanong le Ba-Nefi, ka matla a ha e ’me le bohlale ba hae bo boholo, haholo hoo hore ka ho mo romela o tla fumana matla holim’a Ba-Nefi—
17 Ka baka leo o ile a ba hlohleletsa khalefong, ’me o ile a bokella hammoho mabotho a hae, ’me oile a khetha Koriantumere ho ba moetapele oa bona, ’me o ile a etsa hore ba tle ba hoantele tlase ho ea lefats’eng la Zarahemla ho ea loana khahlanong le Ba-Nefi.
18 ’Me ho ile ha etsahala hore ka lebaka la khang e ngata le bothata bo boholo hakaalo ka pusong, hore ba ne ba sa boloka balebeli ba lekaneng lefats’eng la Zarahemla; hobane ba ne ba nahanne hore Ba-Lamane ba ne ba sa qeke ho kena botebong ba mafats’e a bona ho hlasela motse oo o moholo oa Zarahemla.
19 Empa ho ile ha etsahala hore Koriantumere o ile a haonta ka pele ho bongata ba hae bo boholo, ’me a tla holim’a baahi ba motse oo, ’me mohoanto oa bona o ne o le ka lebelo le leholo ka hofetisisa hoo ho neng ho se na nako bakeng sa Ba-Nefi ho bokella hammoho mabotho a bona.
20 Ka baka leo Koriantumere o ile a khaola bolebeli bo neng bo le khorong ea motse, ’me a hoantela pele ka lebotho lohle la hae ho kena motseng, ’me ba ile ba bolaea e mong le e mong ea neng a ba khahlanong le bona, haholo hoo ba ileng ba nka taolo ea motse oo kaofela.
21 ’Me ho ile ha etsaha hore Pakumeni, eo e neg e le moahloli e moholo, o ile a baleha ka pele ho Koriantumere, esitsa le ho ea marakong a motse oo. ’Me ho ile ha etsahala hore Koriantumere o ile a mo otlella khahlanong le lerako leo, hoholo hoo a ileng a shoa. ’Me ke joana ho ileng ha fela matsatsi a Pakumeni.
22 ’Me joale ha Koriantumere a bona hore o ne a ruile motse oa Zarahemla, ’me a bona hore Ba-Nefi ba balehile ka pele ho bona, ’me ba bolailoe, le ho nkoa, ’me ba lahletsoe chankaneng, le hore o ne a fumane borui ba qhobosheane lefats’eng leo lohle, pelo ea hae e ile ea e ba sebete haholo hoo hore o ne a le haufi le ho ea khahlanong le lefats’e leo lohle.
23 ’Me joale ha a ka a lula lefats’eng la Zarahemla, empa o ile a hoantela pele ka lebotho le leholo, esita le ho leba motseng oa Nala; hobane e ne e le boikemisetso ba hae ho ea pele le ho ikhapela ka sabole, hore a tle a fumane likarolo tse ka leboea tsa lefats’e leo.
24 ’Me, ka ho nahana hore matla a bona a maholo a ne a le bohareng ba lefats’e leo, ka baka leo o ile a hoantela pele, a sa ba fe nako a ho ipokella mmoho ntle le hore e be ka lihlopha tse nyenyane; ’me ka mokhoa ona ba ile ba oela holim’a bona ’me ba ba khaolela tlase lefats’eng.
25 Empa bonang, mohoanto ona oa Koriantumere ho kena bohareng ba lefats’e leo ho ile ha fa Moroniha monyetla o moholo holim’a bona, ho sa tsotellehe boholo ba palo ea Ba-Nefi ba neng ba bolailoe.
26 Hobane bonang, Moroniha o ne a nahanne hore Ba-Lamane ba ne ba sa qeke ho tla bohareng ba lefats’eng leo, empa ba tla hlasela metse e potapotileng meeling joalo ka ha ba ile ba etsa pele; ka baka leo Moroniha o ne a entse hore mabotho a bona a matla a boloke likarolo tseo tse potapotileng pela meeli.
27 Empa bonang, Ba-Lamane ba ne ba sa ts’oha ho latela takatso ea hae, empa ba ile ba kena bohareng ba lefats’e leo, ’me ba ne ba nkile motse-moholo oo e neng e le motse oa Zarahemla, ’me ba ne ba hoanta ha’ra likarolo tsa motse-moholo tse kholo tsa lefats’e leo, ba bolaea sechaba ka polao e kholo, ’moho banna, basali, le bana, ba nka borui ba metse e mengata le liqhobosheane tse ngata.
28 Empa ha Moroniha a se a fumane sena, hang hang o ile a romela Lehi le lebotho ho potoloha ho ba thibela pele ba ka tla lefats’eng la Nala.
29 ’Me ke joana a ileng a etsa; ’me o ile a ba etella pele ba tla lefats’eng la Nala, ’me a ba fa ntoa, haholo hoo hore ba qale ho khutlela morao ho leba lefats’eng la Zarahemla.
30 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroniha o ile a ba etella ho khetleng ha bona, ’me a ba fa ntoa, haholo hoo hore e ile ea fetoha ntoa e mali ka ho fetisisa; ee, ba bangata ba ile ba bolaoa, ’me har’a palo ea ba ileng ba bolaoa Koriantumere le eena o ile a fumanoa.
31 ’Me joale, bonang, Ba-Lamane ba ne ba sitoa ho khutlela morao ka tsela e fe kapa e fe, le haele ka leboea, kapa ka boroa, kapa ka bochabela, kapa ka bophirima, hobane ba ne ba potapotiloe ka letsohong le leng le le leng ke Ba-Nefi.
32 ’Me ke joana Koriantumere a neng a ile a lahlela Ba-Lamane ka har’a Ba-Nefi, haholo hoo hore ba ne ba le matleng a Ba-Nefi, le eena ka bo-eena o ile a bolaoa, ’me Ba-Lamane ba ile ba inehela matsohong a Ba-Nefi.
33 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroniha o ile a nka borui ba motse oa Zarahemla hape, ’me a etsa hore Ba-Lamane ba neng ba nkiloe e le bats’oaruoa ba falle ho tsoela kantle ho lefats’e leo ka khotso.
34 ’Me ke joana e bileng pheletso ea selemo sa mashome a mane a motso o mong sa puso ea baahloli.