Khaolo ea 16
Ba-Nefi ba lumelang Samuele ba kolobetsoa ke Nefi—Samuele o sitoa ho bolaoa ke metsu le majoe a Ba-Nefi ba sa bakeng—Ba bang ba thatafatsa lipelo tsa bona, ’me ba bang ba bona mangeloi—Ba sa lumeleng ba re ha ho utloahale ho lumela ho Kreste le ho ho tla ha hae Jerusalema. Ka bo 6–1 B.C.
1 ’Me joale, ho ile ha etsahala hore ba ne ba le bangata ba ileng ba utloa mantsoe a Samuele, Mo-Lamane, ao a a boletseng holim’a mabota a motse oo. ’Me ba bangata joaloka ba lumetseng lentsoe la hae ba ile ba tsamaea ’me ba batle Nefi; ’me ha ba se ba tlile ’me ba mo fumane ba ile ba ipolela ho eena libe tsa bona ’me ba sa latole, ba lakatsa hore ba ke ba kolobelletsoe ho Morena.
2 Empa ba bangata joaloka ka ba neng ba sa lumele mantsoeng a Samuele ba ne ba mo halefetse; ’me ba ile ba lahlela majoe ho eena holim’a lebota, ’me hape ba bangata ba ile ba thunyetsa metsu ho eena ha a eme holim’a lebota; empa Moea oa Morena o ne o ena le eena, haholo hoo hore ba ne ba sitoa ho mo otla ka majoe a bona le ha e se ele ka metsu ea bona.
3 Joale ha ba bona hore ba ne ba sitoa ho mo otla, ho bile le ba bangata ho feta ba ileng ba lumela mantsoeng a hae, haholo hoo hore ba ile ba ea hole ho Nefi ho ea kolobetsoa.
4 Hobane bonang, Nefi o ne a kolobetsa, ’me a porofeta, le ho ruta, a hoelehetsa pako sechabeng seo, a bonts’a mats’oao le limakatso, a sebetsa mehlolo har’a sechaba, hore ba ke ba tsebe hore Kreste o tlameha ha khuts’oane a tle—
5 A ba bolella ka lintho tseo hakhuts’oane li tlamehang ho tla, hore ba ke ba tsebe le ho hopola ka nako ea ho tla ha tsona hore li ile tsa etsoa hore li tsebahale ho bona esale pele, ka morero oa hore ba ke ba lumele; ka baka leo ba bangata joaloa ka ba ileng ba lumela mantsoeng a Samuele ba ile ba tsamaea ho ea ho eena ho kolobetsoa, hobane ba tlile ba ntse ba baka le ho ipolela libe tsa bona.
6 Empa karolo e fetang ea bona e ne e sa lumele mantsoeng a Samuele; ka baka leo ha ba bona hore ba ne ba sitoa ho mo otla ka majoe a bona le metsu ea bona, ba ile ba hoelehetsa ho balaoli ba bona ba re: Nkang thaka lena le mo tlame, hobane bonang o na le diabolose; ’me ka lebaka la matla a diabolose a ka ho eena re sitoa ho mo otla ka majoe a rona le ka metsu ea rona; ka baka leo monkeng le mo tlame, ’me hole ka eena.
7 ’Me joalo ka ha ba tsamaea ho ea beha matsoho a bona ho eena, bonang, o ile a itahlela fats’e ho tsoa leboteng, ’me o ile a baleha ho tsoela kantle ho mafats’e a bona, esita le ho ea naheng ea ha habo, ’me a qala ho ruta le ho porofeta har’e sechaba sa habo.
8 ’Me bonang, ha ho ha hlola ho utlohala ka eena ho feta har’a Ba-Nefi; ’me ke joana li neng li le ka teng litaba tsa sechaba seo.
9 ’Me ke joana e bileng pheletso ea selemo sa mashome a robeli le metso e ts’eletseng sa puso ea baahloli holima sechaba sa Nefi.
10 ’Me ke joana hape e bileng pheletso ea selemo sa mashome a robeli le metso e supileng sa puso ea baahloli, karolo e fetang ea sechaba e setse boikhohomosong ba bona le bokhopo, ’me karolo e nyane e ne e tsamaea ka tsela e hlokolosi ho feta ka pele ho Molimo.
11 ’Me a na e ne e le maemo hape, selemong sa mashome a robeli a metso e robeli ea puso ea baahloli.
12 ’Me ho ne ho ena le phetoho empa e nyane litabeng tsa sechaba seo, ntle le hore e be sechaba se ile sa qala ho thatafala le ho feta bokhopong, ’me ba etse ho feta le ho feta seo se neng se le khahlanong le litaelo tsa Molimo, selemong sa mashome a robeli a metso e robong sa puso ea baahloli.
13 Empa ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a robong sa puso ea baahloli, ho ne ho ena le mats’oao a maholo a ileng a fanoa ho sechaba, le limakatso; ’me mantsoe a baporofeta a ile a qala ho phethahala.
14 ’Me mangeloi a ile a hlaha ho batho, batho ba bohlale, ’me a ile a phatlalatsa ho bona litaba tse molemo tsa nyakallo e kholo; ke joana selomong sena mangolo a halalelalng a ileng a qala ho phethahala.
15 Le ha ho le joalo, sechaba seo se ile sa qala ho thatafatsa lipelo tsa bona, bohle ntle le karolo ea ba neng ba lumela ka ho fetisa ea bona, bobeli Ba-Nefi hape le Ba-Lamane, ’me ba qala ho its’etleha ka matla a bona le holim’a bohlale ba bona, ba ntse ba re:
16 Lintho tse ling e ka nna eaba ba li lohothile ka nepo, har’a tse ngata hakaalo; empa bonang, rea tseba hore ena eohle e meholo e tsotehang mesebetsi e sitoa ho etsahala, e leng se boletsoeng.
17 ’Me ba ile ba qala ho beha mabaka le ho loants’ana har’a bona ba ntse ba re:
18 Hore ha ho utloahale hore motho ea joaloka Kreste o tla tla; haeba ho le joalo, ’me eba ke Mora oa Molimo, Ntat’a leholimo le lefats’e, joaloka ha e boletsoe, hobaneng a keke a iponahatsa ho rona le rona joaloka bona ba tlang ho ba Jerusalema?
19 Ee, hobaneng a keke a iponahatsa lefats’eng le joaloka lefats’eng la Jerusalema?
20 Empa bonang, rea tseba hore hona ke mokhoa o khopo, o ileng oa nelehetsoa tlase ho rona ke bontat’a rona, ho re etsa hore re tle re lumele ho ntho e ngoe e kholo e tsotehang e tlang ho etsahala, empa e seng har’a rona, empa lefats’eng le hole sebakana, lefats’e leo re sa le tsebeng; ka baka leo ba re boloka re hloka tsebo, hobane re sitoa ho paka ka mahlo a rona hore tsona ke ’nete.
21 ’Me ba tla etsa, ka masene le maqheka a mohlolo a e mobe, ba sebetse o mong mohlolo o moholo oo re sitoang ho o utloisisa, o tlang ho re bolokela fats’e ho ba bahlanka ba mantsoe a bona, le ho ba bahlanka ho bona, hobane re its’etlehile ka bona ho re ruta lentsoe; ’me ke joana ba tlang ho re boloka re hloka tsebo haeba re ka inehela ho bona, matsatsi oohle a maphelo a rona.
22 ’Me tse ngata ho feta lintho sechaba se ileng sa li nahana ka lipelong tsa bona, tse neng e le bothoto le lefeela; ’me ba ne ba khathatsehile haholo, hobane Satane o ile a ba hlohleletsa ho etsa bokhopo ka ho tsoelapele; ee, o ile a tsamaea a jala menyenyetsi le likhang holim’a sefahleho sohle sa lefats’e leo, hore a tle a thatafatse lipelo tsa sechaba khahlanong le seo se neng se le molemo le khahlanong le seo se tlang ho tla.
23 ’Me ho sa tsotellehe mats’oao le limakatso tse ileng tsa sebetsoa har’a sechaba sa Morena, le mehlolo e mengata eo ba e entseng, Satane o ile a ts’oara ka matla lipelo tsa sechaba holim’a sefahleho sohle sa lefats’e leo.
24 ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa mashome a robong a puso ea baahloli holim’a sechaba sa Ba-Nefi.
25 ’Me ke joana e bileng pheletso ea buka ea Helamane, ho latela lingoliloeng tsa Helamane le bara ba hae.