Mangolo a halalelang
Helamane 2


Khaolo ea 2

Helamane, mora oa Helamane, o fetoha moahloli e moholo—Gadiantone o etella sehlopha sa Kishkumene—Mohlanka oa Helamane o bolaea Kishkumene, ’me sehlopha sa Gadiantone se balehela lefelleng. Ka bo 50–49 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mane a metso e ’meli sa puso ea baahloli, kamor’a hore Moroniha a thehe khotso lipakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane, bonang ho ne ho se na mang ea ka tlatsang setulo sa boahloli; ka baka leo ho ile ha qala ho ba le khang har’a sechaba malebana le hore na ke mang ea tla tlatsa setulo sa boahloli.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore Helamane, eo e neng e le mora oa Helamane, o ile a khethoa ho tlatsa setulo sa boahloli, ka lentsoe la sechaba.

3 Empa bonang, Kishkumene, eo a ileng a bolaea Pahorane, o ile a loha lemena la ho timetsa Helamane le eena; ’me o ne a ts’ehelitsoe ke sehlopha sa hae, se ileng sa kena selekaneng hore ha se ke ha eba le mang ea tsebang bokhopo ba hae.

4 Hobane ho ne ho ena le emong Gadiantone, eo e neng e le setsibi se fetisisang ka mantsoe a mangata, ’me hape le mosebetsing oa hae, ho nts’etsa pele mesebetsi ea lekunutu ea polao le ho tlatlapa; ka baka leo o ile a fetoha moetapele oa sehlopha sa Kishkumene.

5 Ka baka leo o ile a ba thoholetsa, hape le Kishkumene, hore haeba ba ka mo beha setulong sa boahloli o tla etsa hore bohle bao e leng karolo ea sehlopha sa hae ba tle ba behoe maemong a matla le tokelo har’a sechaba seo; ka baka leo Kishkumene o ne a batla ho timetsa Helamane.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore joaloka ha a ntse a ea pele ho leba setulong sa boahloli ho timetsa Helamane, bonang e mong oa bahlanka ba Helamane, ka ha a ne a tsoetse kantle bosiu, ’me a fumane, ka ho ikhakanya, tsebo ea merero eo e behiloeng ke sehlopha sena ho timetsa Helamane—

7 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a kopana le Kishkumene, ’me a mo fa lets’oao; ka baka leo Kishkumene o ile a etsa hore ho tsebahale ho eena sepheo sa takatso ea hae, a lakatsa hore a mo tataisetse setulong sa boahloli hore a ke a bolaee Helamane.

8 ’Me ha mohlanka oa Helamane a se a tsebile pelo eohle ea Kishkumene, le kamoo e neng e le sepheo sa hae ho bolaea, hape le hore e ne e le sepheo sa bohle bao e neng e le karolo ea sehlopha sa hae ho bolaea, le ho tlatlapa, le ho fumana matla, (’me oona e ne ele ona morero oa bona oa lekunutu, le sekhukhu sa bona) mohlanka oa Helamane o ile a re ho Kishkumene: Ha re tsamaee ho ea setulong sa boahloli.

9 Joale sena se ile sa thabisa Kishkumene ka ho fetisisa, hobane o ile a nahana hore o tla fihlela morero oa hae; empa bonang, mohlanka oa Helamane, ha ba ntse ba tsamaea ho ea setulong sa boahloli, o ile a hlaba Kishkumene esita le ho isa pelong, hore a oele a shoe ntle le ho bobola. ’Me o ile a mathela ho ea bolella Helamane lintho tsohle tseo a ileng a li bona, le ho li utloa, le ho li etsa.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore Helamane o ile a romela hore ho ts’oaroe sehlopha sena sa batlatlapi le babolai ba lekunutu, hore ba ke ba bolaoe ho latela molao.

11 Empa bonang, ha Gadiantone a se a fumane hore Kishkumene ha a ka a khutla o ile a ts’oha hore e se re o timelitsoe; ka baka leo o ile a etsa hore sehlopha sa hae se mo latele. ’Me ba ile ba nka paleho ea bona ho tsoa lefats’eng leo, ka tsela ea lekunutu, ho ea lefelleng; ’me ke joana ha Helamane a romela hore ba ts’oaroe ha ho moo ba ileng ba fumaneha.

12 ’Me ho feta mona ka Gadiantone enoa ho tla boleloa kamorao ho mona. ’Me ke joana e bileng pheletso ea selemo sa mashome a mane a metso e ’meli sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.

13 ’Me bonang, ka qetellong ea buka ena le tla bona hore Gadiantone enoa o ile a netefatsa ho ketola, ee, hoo e ka bang timetso eohle ea sechaba sa Nefi.

14 Bonang ha ke bolele qetello ea buka ea Helamane, empa ke bolela qetello ea buka ea Nefi, moo ke nkileng pale eohle eo ke ngotseng ka eona.