Mangolo a halalelang
Helamane 5


Khaolo ea 5

Nefi le Lehi ba inehela boruting—Mabitso a bona a ba memela ho tsamaisa maphelo a bona mehlaleng ea baholoane ba bona—Kreste o lopolla ba bakang—Nefi le Lehi ba sokolla ba bangata ’me ba ea ts’oaroa, ’me mollo o oa ba likaliketsa—Leru la lefifi le koahela batho ba makholo a mararo—Lefats’e lea sisinyeha, ’me lentsoe le laela batho ho baka—Nefi le Lehi ba bua le mangeloi, ’me bongata bo likaliketsoa ke mollo. Ka bo 30 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sona sena, bonang, Nefi o ile a nehelana ka setulo sa boahloli ho monna eo mabitso a hae e neng e le Cetsorame.

2 Hobane joaloka ha melao le bona le mebuso ea bona e ne e thehiloe ka lentsoe la sechaba, ’me ba neng ba khetha bobe ba ne ba le bangata ho feta bao ba neng ba khetsa botle, ka baka leo ba ne ba butsoetsa bakeng sa timelo, hobane melao ea bona e ne e senyehile.

3 Ee, ’me sena e ne e se phetho; e ne e le sechaba se melala e thata, haholo hoo hore ba ne ba sitoa ho busoa ka molao kapa toka, ntle le hore e be e ne e le ho isa timelong ea bona.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi o ile a khathala ka lebaka la bokhopo ba bona; ’me o ile a nehelana ka setulo sa boahloli, ’me a inkela ho eena ho ruta lentsoe la Molimo karolong eohle e setseng ea bophelo ba hae, hape le moena oa hae Lehi, karolo eohle e setseng ea matsatsi a hae.

5 Hobane ba ile ba ile ba hopola mantsoe ao ntat’a bona Helamane a ileng a a bua ho bona. ’Me a na ke mantsoe ao a ileng a a bolela:

6 Bonang, bara ba ka, Ke lakatsa hore le tle le hopole ho boloka litaelo tsa Molimo; ’me ke lakatsa hore le tle le phatlalatse ho sechaba sena mantsoe a na. Bonang, ke le file mabitso a batsoali ba rona ba pele ba ileng ba tla ho tsoa lefats’eng la Jerusalema; ’me sena ke se entse hore ha le hopola mabitso a lona le ke le ba hopole; ’me ha le ba hopola le ke le hopole mesebetsi ea bona; ’me ha le hopola mesebetsi ea bona le ke le tsebe hore ke joang ho boletsoeng, hape le ho ngoloa, hore e ne e le metle.

7 Ka baka leo, bara ba ka, ke lakatsa hore le tle le etse seo se nepahetseng, hore ho tle ho boleloe ka lona, ’me hape ho ngoloe, esita le joaloka ha ho boletsoe ’me ho ngotsoe ka bona.

8 ’Me joale bara ba ka, bonang ke na le hanyane ho feta ho lakatsa ka lona, takatso eo e leng, hore le tle le se ke la etsa lintho tsena hore le tle le ithorise, empa hore le ke le etse lintho tsena ho ipehela bakeng sa lona letlotlo leholimong, ee, leo e leng la bosafeleng, ’me leo le sa hlakoheng; ee, hore le ke le be le mpho ena e bohlokoa ea bophelo ba bosafeleng, eo re nang le labaka la ho nahana hore e filoe bo ntat’a rona.

9 Oho hopolang, hopolang, bara ba ka, mantsoe ao morena Benjamine a ileng a a bolela ho sechaba sa hae; ee, hopolang hore ha hona tsela e ngoe kapa mokhoa oo ka ona motho a ka pholosoang, feela ka mali a lopollang a Jesu Kreste, ea tlang ho tla; ee, hopolang hore o tlela ho tla lopolla lefats’e.

10 ’Me hopolang hape mantsoe ao Amuleke a ileng a a bolela ho Zeezrome, motseng oa Ammoniha; hobane o ile a re ho eena Morena bonnete o tla tla ho lopolla sechaba sa hae, empa hore ha a na ho tla tlela ho ba lopolla ba le libeng tsa bona, empa ho ba lopolla ho tsoa libeng tsa bona.

11 ’Me o na le matla ao a a filoeng ho tsoa ho Ntate ho ba lopolla ho tsoa libeng tsa bona ka lebaka la pako; ka baka leo o ile a romela mangeloi a hae ho phatlalatsa litaba tsa lipehelo tsa pako, tse tlisang matla a molopolli, ho isa polokong ea meea ea bona.

12 ’Me joale, bara ba ka, hopolang, hopolang hore ke holim’a lefika la Molopolli oa rona, e leng Kreste, Mora oa Molimo, moo le tlamehang ho aha motheo oa lona; hore ha diabolose a romela meea ea hae e matla, ee, lifefo tsa hae ka har’a setsokotsane, ee, ha sefako sohle sa hae le sefefi sa hae se matla se oela holim’a lona, se tla hloka matla a ho le hulela tlase khohlong ea masoabi le lillo tse sa feleng, ka lebaka la lefika leo le ahiloeng holim’a lona, leo e leng motheo o tiileng, motheo oo ha batho ba aha holim’a ona ba tla sitoa ho oela.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore a na e ne e le ona mantsoe ao Helamane a ileng a ruta ho bara ba hae; ee, o ile a ba ruta lintho tse ngata tse sa ngoloang, le lintho tse ngata tse ngotsoeng.

14 ’Me ba ile ba hopola mantsoe a hae; ’me ka baka leo ba ile ba ea pele, ba bolokile litaelo tsa Molimo, ho ruta lentsoe la Molimo har’a sechaba sohle sa Nefi, ho qala ka motse oa Nala;

15 ’Me ho tloha moo ho ea motseng oa Gid; le ho tloha motseng oa Gid ho ea motseng oa Muleke;

16 ’Me esita le ho tloha motseng o mong ho ea ho a mong, hofihlela ba tsamaile har’a sechaba sohle sa Nefi se neng se le lefats’eng le lebileng ka boroa; le ho tloha moo ho kena lefats’eng la Zarahemla, har’a Ba-Lamane.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba ruta ka matla a moholo, haholo hoo hore ba ile ba hlola ba bangata ba bahanyetsi bao ba ileng ba tsamaea ho tloha ho Ba-Nefi, haholo hoo hore ba ile ba tla pele ’me ba ipolela libe tsa bona ’me ba ile ba kolobeletsoa pako, ’me hang hang ba khutlela ho Ba-Nefi ho ea leka ho lokisa ho bona liphoso tseo ba ileng ba li etsa.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi le Lehi ba ile ba ruta Ba-Lamane ka matla a makaalo le tokelo, hobane ba ne ba ena le matla le tokelo tseo ba li filoeng hore ba ke ba bue, ’me hape ba ne ba na le seo ba tlang ho se bua se fanoe ho bona—

19 Ka ba ka leo, ba ile ba bolela ho makaleng ho ho holo ha Ba-Lamane, ho ba kholiseng, haholo hoo hore ho bile le likete tse robeli tsa Ba-Lamane ba neng ba le lefats’eng la Zarahemla le ho potoloha ba ileng ba kolobeletsoa pako, ’me ba ne ba kholisehile ka bokhopo ba mekhoa ea bo ntat’a bona.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi le Lehi ba ile ba tsoelapele ho tloha moo ho ea lefats’eng la Nefi.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba nkoa ke lebotho la Ba-Lamane ’me ba lahleloa chankaneng; esita le chankaneng eona eane eo Ammone le bana babo ba ileng ba lahleloa ke bahlanka ba Limhi.

22 ’Me kamor’a hore ba lahleloe chankaneng matsatsi a mangata ntle le lijo, bonang, ba ile ba kena ka chankaneng ho ea ba nka hore ba tle ba ba bolae.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi le Lehi ba ne ba pota potiloe ke joaloka ha eka ke ka mollo, esita le haholo hoo hore ba ne ba sa qeke ho beha matsoho a bona holim’a bona ka lebaka la ts’abo ea hore e se re ba tla cha. Le ha ho le joalo, Nefi le Lehi ba ne ba sa tuke; ’me ba ne ba eme ka har’a mollo ’me ba ne ba sa tuke.

24 ’Me e itse ha ba bona hore ba ne ba potapotiloe ke ts’iea ea mollo, le hore o ne o sa ba chese, lipelo tsa bona li ile tsa khothala.

25 Hobane ba ile ba bona hore Ba-Lamane ba ne ba sa qeke ho beha matsoho a bona holim’a bona; le ha e le ho ba atamela, empa ba ile ba ema joaloka ha eka ba otluoe ka bomumu ke ho makala.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi le Lehi ba ile ba ema ’me ba qala ho bua le bona, ba re: Le se ke la ts’aba, hobane bonang, ke Molimo a le bonts’itseng ntho ena e tsotehang, eo ka ho eona le bonts’itsoeng hore le tla sitoa ho beha matsoho a lona ho rona ho re bolaea.

27 ’Me bonang, e itse ha ba bolela mantsoe a na, lefats’e le ile la sisinyeha ka ho fetisisa, ’me mabota a chankana a ile a sisinyeha joaloka ha eka a haufi le ho heleela fats’e; empa bonang, a ile a sitoa ho oela. ’Me bonang, bao ba neng ba le ka chankaneng e ne e le Ba-Lamane le Ba-Nefi bao e neng e le bahanyetsi.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba koaheloa ke leru la lefifi, ’me ts’abo e tebileng e ts’abehang e ile ea tla holim’a bona.

29 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha tla lentsoe joaloka ha eka le ne le le ka holima leru leo la lefifi, le re: Lona bakang, lona bakang, ’me le se hlole le batla ho timetsa bahlanka ba ka bao ke ba rometseng ho lona ho patlalatsa litaba tse molemo.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba utloa lentsoe lena, ’me bonang hore e ne e se lentsoe la lehalima, le ha ele lentsoe la lerata le hlolianang haholo, empa bonang, e ne e le lentsoe le khutsitseng la bonolo bo phethehileng, joalo ka ha eka e ne e le ho sebela, ’me le ile hlaba esita le haholo moeeng—

31 ’Me ho sa tsotellehe bonolo ba lentsoe leo, bonang lefats’e le ile la sisinyeha ka ho fetisisa, le mabota a chankana a ile a thothomela hape, joaloka ha eka a haufi le ho heleela fats’e; ’me bonang leru la lefifi le neng le ba koahetse, ha le ea ka la phetleha—

32 ’Me bonang lentsoe le ile la tla hape, le re: Lona bakang, lana bakang, hobane muso oa maholimo o haufi; ’me le se hlole le batla ho bolaea bahlanka ba ka. ’Me ho ile ha etsahala hore lefats’e le ile la sisinyeha hape, le mabota a thothomela.

33 ’Me hape lekhetlo la boraro lentsoe le ile la tla, ’me le ile la bua ho bona mantsoe a tsotehang ao a kekeng a boleloa ke motho; le mabota a ile a thothomela hape, le lefats’e la sisinyeha joalo ka ha eka le haufi le ho aroha.

34 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba sitoa ho baleha ka lebaka la leru la lefifi le ileng la ba koahela; ee, ’me hape ba ne ba sa sisinyehe ka lebaka la letsoalo le ileng la tla holim’a bona.

35 Joale ho ne ho ena le e mong har’a bona eo e neng e le Mo-Nefi ka tsoalo, eo a kileng a kena kereke ea Molimo empa a ile a hanyetsa ho tsoa ho bona.

36 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a reteleha ho potoloha, ’me bonang o ile a bona ka har’a leru la lefifi lifahleho tsa Nefi le Lehi; ’me bonang, li ne li khanya ka ho fetisisa, esita le joaloka lifahleho tsa mangeloi. ’Me o ile a bona hore ba ne ba phahamiselitse mahlo a bona maholimong; ’me ba ne ba le boits’oarong joaloka ha e ka ba ea bua kapa ho phahamisetsa mantsoe a bona ho motho eo ba mo bonang.

37 ’Me ho ile ha etsahala hore monna enoa o ile a hoelehetsa ho bongata, hore ba retelehe ’me ba shebe. ’Me bonang, ho ile ha eba le matla ao ba a fuoang hore ba ile ba reteleha ’me ba sheba; ’me ba ile ba bona lifahleho tsa Nefi le Lehi.

38 ’Me ba ile ba re ho monna eo; Bona, lintho tsee tsohle li bolelang, ’me ke mang eo a ntseng a bua le banna ba?

39 Joale lebitso la monna eo e ne e le Aminadabe. ’Me Aminadabe o ile a re ho bona: Ba ntse ba bua le mangeloi a Molimo.

40 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba re ho eena: Re tla etsa joang, hore leru le na la lefifi le ke le tlosoe ho re koahela?

41 ’Me Aminadabe o ile a re ho bona: Le tlameha ho baka, ’me le hoelehetse ho lentsoe leo, esita le hofihlela le ba le tumelo ho Kreste, eo le ileng la mo rutoa ke Alma, le Amuleke, le Zeezrome; ’me ha le etsa tsena, leru la lefifi le tla tlosoa ho tloha ho le koahela.

42 ’Me ho ile ha etsahala hore bohle ba ile ba qala ho hoelehetsa ho lentsoe la eo a ileng a sisinya lefats’e; ee, ba ile ba hoelehetsa esita le ho fihlela leru la lefifi le phetleha.

43 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba lahlela mahlo a bona ho potoloha, ’me ba bona hore leru la lefifi le ile la phetleha ho tloha ho ba koahela, bonang, ba ile ba bona hore ba ne ba potapotile hohle, ee esita le moea o mong le o mong, ke ts’iea ea mollo.

44 ’Me Nefi le Lehi ba ne ba le har’a bona; ee, ba ne ba potapotile hohle, ee, ba ne ba le joaloka ha eka ba ka har’a mollo o tukang, feela o ne o sa ba lematse, le ha e le ho ts’oara mabota a chankana, ’me ba ile ba tlatsoa ka nyakallo e sa boleloeng ’me e tletseng khanya.

45 ’Me bonang, Moea o Halalelang oa Molimo o ile oa theoha maholimong, ’me oa kena lipelong tsa bona, ’me ba ne ba tlatsitsoe joaloka ha eka ka mollo, ’me ba ne ba bua mantsoe a tsotehang.

46 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha fihla lentsoe ho bona, ee, lentsoe le monate, joaloka ha eka e ne e le le sebelang, le re:

47 Khotso, khotso e be le lona, ka lebaka la tumelo ea lona ho oa ka ea Ratoang Haholo, ea bileng teng ho tloha motheong oa lefats’e.

48 ’Me joale, ha ba utloa sena ba ile ba lahlela mahlo a bona holimo joaloka ha eka ba bona moo lentsoe le tsoang; ’me bonang, ba ile ba bona maholimo a phetleha; ’me mangeloi a theohela tlase ho tsoa maholimong ’me a ba sebeletsa.

49 ’Me ho ne ho ka ba le makholo a mararo a meea e ileng ea bona le ho utloa lintho tsena; ’me ba ile ba laeloa ho tsamaea le ho se makale, le ha e le hore ba belaele.

50 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba tsamaea, ’me ba ile ba tsebahatsa ho sechaba, ba phatlalatsa hohle likarolong tsohle ho potoloha lintho tsohle tseo ba li utloileng le ho li bona, hahoholo hoo hore karolo e kholo ea Ba-Lamane e ile ea kholisoa ke bona, ka lebaka la boholo ba bopaki boo ba bo fumaneng.

51 ’Me ba bangata joaloka ba ileng ba kholiseha ba ile ba beha fats’e libetsa tsa bona tsa ntoa, ’me hape le lehloea la bona le mekhoa ea bo ntat’a bona.

52 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba nehelana ho Ba-Nefi mafats’e a leruo a bona.