Khaolo ea 10
Morena o fa Nefi matla a ho tiisa—O fuao matla a ho tlama le ho lo lokolla lefats’eng le leholimong—O laela sechaba ho baka kapa ho timela—Moea o oa mo jara ho tloha ho bongata ho ea ho bongata. Ka bo 21–20 B.C.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha tsoha karohano har’a sechaba, haholo hoo hore ba ile ba aroha mona le mane ’me ba ile ba tsamaea ka litsela tsa bona, ho siile Nefi a le mong, joaloka ha a ne a eme ka har’a bona.
2 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi o ile a itsamaela ho lebana le ntlo ea hae, ke nahana ke botebo lintho tseo Morena a li banahalitseng ho eena.
3 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a ntse a nahanisisa—o ne nyahamisitsoe haholo ke bokhopo ba sechaba seo sa Ba-Nefi, mesebetsi ea bona ea sephiri ea lefifi, le lipolao tsa bona, le ho tlatlapa ha bona, le mekhoa eohle ea bokhopo—’me ho ile ha etsahala hore ha a ntse a nahanisisa joana ka pelong ea hae, bonang, lentsoe le ile latla ho eena le re:
4 Ho lehlohonolo uena, Nefi, ka lebaka la lintho tseo u li entseng; hobane ke bone kamoo ka ho hloka mokhathala o ileng oa phatlalatsa lentsoe, leo ke u fileng lona, ho sechaba sena. ’Me ha u ka ua ba ts’aba, ’me ha u ua batla bophelo ba hau, empa u batlile thato ea ka, le ho boloka litaelo tsa ka.
5 ’Me joale, hobane u entse sena ka ho hloka mokhathala ho ho kaalo, bona, ke tla u hlohonolofatsa ka ho sa feleng; ’me ke tla u etsa hore u be matla ka lentsoe le ka ketso, ka tumelo le ka mesebetsi; ee, esita le hore lintho tsohle li tla etsoa ho latela lentsoe la hau, hobane ha u na ho kopa seo se leng khahlanong le thato ea ka.
6 Bona, uena u Nefi, ’me ke Molimo. Bona, ke e phatlalatsa ho uena ponts’eng ea mangeloi a ka, hore u tla ba le matla holim’a sechaba sena, ’me u tla ba otla ka tlala, le ka lefu la seoa, le ts’enyeho, ho latela bokhopo ba sechaba sena.
7 Bona, ke u fa matla, hore eng kapa eng eo u tlang ho e tiisa lefats’eng e tla tiisoa leholimong; ’me eng kapa eng eo u tlang ho e lokolla lefats’eng e tla lokolloa leholimong, ’me ke joana u tlang ho ba le matla har’a sechaba sena.
8 ’Me ke joana, haeba u tla re ho tempele ena e tla khaoha likoto tse peli, ho tla ba joalo.
9 ’Me haeba u tla ho re thaba eena, Helehela fats’e ’me o fetohe boreleli, ho tla ba joalo.
10 ’Me bona, haeba u tla re hore Molimo o tla otla sechaba se, ho tla etsahala joalo.
11 ’Me joale bona, kea u laela, hore u tsamaee le ho phatlalatsa ho sechaba sena, hore ke joana ho bolelang Morena Molimo, ea matla ohle: Ntle le hore le bake le tla otloa, esita le ho isa timelong.
12 ’Me bonang, joale ho ile ha etsahala hore ha Morena a se a boletse mantsoe a na ho Nefi, o ile a emisa ’me a se ke a ea ntlong ea hae, empa o ile a khutlela ho bongata bo neng bo hasane hoohle holim’a sefahleho sa lefats’e leo, ’me a qala ho phatlalatsa ho bona lentsoe la Morena leo le ileng la boleloa ho eena, malebana le timelo ea bona haeba ba sa bake.
13 Joale bonang, ho sa tsotellehe mohlolo o moholo oo Nefi a neng a o entse ka ho ba bolella malebana le lefu la moahloli e moholo, ba ile ba thatafatsa lipelo tsa bona ’me ba sa mamele mantsoe a Morena.
14 Ka baka leo, Nefi o ile a phatlalatsa ho bona lentsoe la Morena, a re: Ntle le hore le bake, ke joana ho bolelang Morena, le tla otloa esita le ho isa timelong.
15 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Nefi a se a phatlalalitse ho bona lentsoe, bonang, ba ile ba nna ba thatafatsa lipelo tsa bona ’me ba ne ba sa mamele mantsoe a hae; ka baka leo ba ile ba nyefola khahlanong le eena, ’me ba ile ba batla ho beha matsoho a bona holim’a hae hore ba ke ba mo lahlele chankaneng.
16 Empa bonang, matla a Molimo a ne a ena le eena, ’me ba ne ba sitoa ho mo nka ba mo lahlele chankaneng, hobane o ne a nkiloe ke Moea ’me a fetiselitsoe hole ho tsoa har’a bona.
17 ’Me ho ile ha etsahala hore ke joana a ileng a tsamaea ka Moea, ho tloha ho bongata ho ea ho bongata, a phatlalatsa lentsoe la Molimo, esita le hofihlela a phatlalalitse ho bona kaofela, kapa a rometse ho ea pele har’a sechaba sohle.
18 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba sa mamele mantsoe a hae; ’me ho ile ha qala ho ba le likhang, haholo hoo hore ba ne ba arohane khahlanong le ka bobona ’me ba qala ho bolaeana ka sabole.
19 ’Me ke joana e bileng pheletso ea selemo sa mashome a supileng le motso o le mong sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.