Mangolo a halalelang
Helamane 12


Khaolo ea 12

Batho ha ba tsitsa ’me ba bothoto le ho potlaka ho etsa bobe—Morena o khalemela sechaba sa hae—Ho se be letho ha batho ho bapisoa le matla a Molimo—Ka letsatsi la kahlolo, batho ba tla fumana bophelo bo sa feleng kapa tsuo e sa feleng. Ka bo 6 B.C.

1 ’Me ke joana re ka bonang na li bohata joang, hape le ho se tsitse ha lipelo tsa bana ba batho; ee, re ka bona hore Morena ka molemo oa hae o moholo o sa lekanngoeng o etsa ka ho hlohonolofatsa le ho atlehisa bao ba behang ts’epo ea bona ho eena.

2 Ee, ’me re ka bona ka eona nako eo a etsang ho atlehisa batho ba hae, ee, ka keketso ea masimo a bona, likhuts’oane tsa bona le mehlape, ka khauta, le ka silevera, le mekhoa eohle ea lintho tsa bohlokoa tsa mefuta eohle le bonono; a qenehela maphelo a bona, le ho ba lopolla ho tsoa matsohong a lira tsa bona; a nolofatsa lipelo tsa lira tsa bona hore ba se ke ba phatlalatsa ntoa khahlanong le bona;ee, ’me ha ke phethela, a etsa lintho tsohle bakeng sa boiketlo le thabo ea batho ba hae; ee, joale ke nako eo ba thatafatsang lipelo tsa bona, ’me ba lebala Morena Molimo oa bona, ’me ba hatikela tlasa maoto a bona ea Halalelang—ee, ’me sena ka lebaka la bobebe, le katleho ea bona e kholo bo fetisisang.

3 ’Me ke joana rea bona hore ntle le hore Morena a etse ho khalema batho ba hae ka mahlomola a mangata, ee, ntle le hore a etse ka ho ba etela ka lefu le ka ts’oso, le ka tlala le ka mekhoa eohle ea lefu la seoa, ba ke ke ba mo hopola.

4 Oho ke joang ba leng bothoto, le joang lefeela, le joang bobe, le botemona, le kapele joang ho etsa bokhopo, ’me ke ha butle joang ho etsa botle, bana ba batho ba leng ka teng; ee, ke kapele joang ho mamela mantsoe a e mobe, le ho beha lipelo tsa bona linthong tsa lefeela tsa lefats’e!

5 Ee, ke kapele joang ho phahamisetsoa holimo ka boikhohomoso; ee, kapele joang ho ithorisa, le ho etsa mekhoa eohle ea seo e leng bokhopo; ’me ke ha butle joang ba hopolang Morena Molimo oa bona, le ho fa likeletso tsa hae tsebe, ee, ke ha butle joang ho tsamaea litseleng tsa bohlale!

6 Bonang, ha ba lakatse hore Morena Molimo oa bona, eo a ba bopileng, a tle a buse le ho busa holim’a bona; ho sa tsotellehe molemo oa hae o moholo le mohau ho lebana le bona, ba nyefola likeletso tsa hae, ’me ha ba lumele hore e tle e be tataiso ea bona.

7 Oho ho hoholo joang ho se be letho ha bana ba batho; ee, esita le hore ba banyane ho feta lerole la lefats’e.

8 Hobane bonang, lerole la lefats’e le tsamaea ho ea mona le mane, ho aroleng ka lehare, ka taelo ea Molimo oa rona ea moholo oa ka ho sa feleng.

9 Ee, bonang ka lentsoe la hae maralla le lithaba lia thothomela le ho sisinyeha.

10 ’Me ka matla a lentsoe la hae lia heleha, ’me li fetoha boreleli, ee, esita le joaloka phula.

11 Ee, ka matla a lentsoe la hae lefats’e lohle lea sisinyeha;

12 Ee, ka matla a lentsoe la hae, metheho e ea sisinyeha, esita le ho ea botebong.

13 Ee, ’me haeba a re ho lefats’e—sutha—le suthile.

14 Ee, haeba a re ho lefats’e—U tla khutlela morao, hore le lelefatse kantle letsatsi bakeng sa lihora tse ngata—e ea etsahala;

15 ’Me kejoana, ho latela lentsoe la hae lefats’e le khutlela morao, ’me ho hlahella ho motho hore letsatsi le eme; ee, ’me bonang sena se joalo; hobane kannete le lefats’e le tsamaeang e se letsatsi.

16 ’Me bonang, hape, haeba a re ho metsi a botebo bo boholo—Uena omella—e ea etsahala.

17 Bonang, haeba a re ho thaba ena—phahamisetsoa holimo, ’me o tle ho oele holim’a motse oane, hore o tle o patoe—bonang e ea etsahala.

18 ’Me bonang, haeba motho a pata letlotlo ka mobung, ’me eba Morena o tla re—etsa hore le rohakehe ka lebaka la bokhopo ba eena ea le patileng—bonang le tla rohakeha.

19 ’Me haeba Morena o tla re—Rohakeha, hore ha hona motho ea tlang ho u fumana ho tloha nakong ena ho ea pele le ka ho sa feleng—bonang, ha hona motho ea le fumanang ho tloha mona ho ea pele le ka ho sa feleng.

20 ’Me bonang, haeba Morena o tla re ho motho—Ka lebaka la bokhopo ba hau, u tla rohakeha ka ho sa feleng—e tla etsahala.

21 ’Me haeba Morena o tla re—Ka lebaka la bokhopo ba hau u tla khaoloa ho tsoa ponts’eng ea ka—o tla etsa hore ho tle ho be joalo.

22 ’Me ho malimabe eena eo ho eena a tlang ho bolela sena, hobane e tla ba ho eena ea tlang ho etsa bokhopo, ’me o sitoa ho pholosoa; ka baka leo, ke ka lebaka lena, hore motho a tle a pholosoe, pako e phatlalalitsoeng.

23 Ka baka leo, ho lehlohonolo bao ba tlang ho baka le ho mamela lentsoe la Morena Molimo oa bona; hobane bana ke bona ba tlang ho pholosoa.

24 ’Me e se eka Molimo a ka fana, ka botlalo ba hae bo boholo, hore batho ba ke ba tlisoe pakong le masebetsing e metle, hore ba ke ba tsosolosetsoe mohaung bakeng sa mohau, ho latela mesebetsi ea bona.

25 ’Me ke lakatsa hore batho bohle ba ka pholosoa. Empa rea bala hore ka letsatsi le leholo la ho qetela ho na le ba bang ba tlang ho lahleloa kantle, ee, ba tlang ho khaoloa ho tloha ponts’eng ea Morena;

26 Ee, ba tlang ho neheloa boemong ba tlokotsi e sa feleng, ho phethatsa mantsoe a reng: Ba entseng botle ba tla ba le bophelo bo sa feleng; ’me ba entseng bobe ba tla ba le tsuo e sa feleng. ’Me ke joana ho leng joalo. Amen.