Khaolo ea 3
Ba-Nefi ba bangata ba fallela lefats’eng le lebang leboea—Ba aha matlo a samente ’me ba boloka lingoliloeng tse ngata—Mashome a likete a sokoloha le ho kolobetsoa—Lentsoe la Molimo le etella batho polokong—Nefi mora oa Helamane o tlatsa setulo sa boahloli. Ka bo 49–39 B.C.
1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mane a metso e meraro sa puso ea baahloli, ho ne ho se na khang har’a sechaba sa Nefi ntle le hore e be boikhohomoso bo bonyenyane bo neng bo le ka kerekeng, bo ileng ba baka liphapang tse nyane har’a sechaba, litaba tseo li ileng tsa rarolloa pheletsong ea selemo sa mashome a mane a metso e meraro.
2 ’Me ho ne ho se na khang har’a sechaba selemong sa mashome a mane a metso e mene; le ha ho le joalo ho ne ho se na khang le ka selemo sa mashome a mane a metso e mehlano.
3 ’Me ho ile ha etsahala hore ka sa mashome a mane a metso e ts’eletseng, ee, ho bile le khang tse ngata le liphapang; tseo ka ho tsona ho bileng le ba bagata ka ho fetisisa haholo ba ileng ba falla ho tsoa lefats’eng la Zarahemla, ’me ba tsamaea ho ea lefats’eng le lebileng ka leboea ho ea ja lefa lefats’e leo.
4 ’Me ba ile ba tsamaea ho ea bohole bo boholo ka ho fetisisa, haholo hoo hore ba ile ba tla likarolong tse kholo tsa metsi le linoka tse ngata.
5 Ee, ’me esita le hore ba ile ba jaleha ho ea pele likarolong tsohle tsa lefats’e leo, ho kena likarong li feng kapa li feng tse neng li fetohile lesupi ’me li hloka lifate, ka lebaka la baahi ba bangata bao pele ba ileng ba ja lefats’e leo lefa.
6 ’Me joale ho ne ho se na karolo ea lefats’e leo e neng e le lesupi ha e se bakeng sa lifate; empa ka lebaka la boholo ba timelo ea sechaba seo pele se ileng sa aha lefats’eng leo le ne le bitsoa lesupi.
7 ’Me ho ne ho ena le feela lifate tse nyenyane holim’a sefahleho sa lefats’e leo, le ha ho le joalo sechaba se ileng sa ea se ile sa fetoha litsibi tse fetisisang mosebetsing oa samente; ka baka leo ba ile ba aha matlo a samente, ao ka ho ona ba neng ba lula.
8 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba eketseha le ho jaleha, ’me ba ile ba tsamaea ho tloha lefats’eng le lebileng ka boroa ho ea lefats’eng le lebileng ka leboea, ’me ba jaleha haholo hoo hore ba ile ba qala ho koahela sefahleho sa lefats’e leo lohle, ho tloha leoatle boroa ho ea leoatle leboea, ho tloha leoatle bophirima ho ea leoatle bochabela.
9 ’Me sechaba se neng se le lefats’eng le lebileng ka leboea se ile ba lula ka litenteng, le ka matlong a samente, ’me ba ile ba lumella hore sefate se fe kapa se fe se hlomang holim’a sefahleho sa lefats’e leo hore se hole, hore ka nako ba ke ba be le lifate ho aha matlo a bona, ee, metse ea bona, le litempele tsa bona, li lisinagoge tsa bona, le lihalalelo tsa bona, le mekhoa eohle ea meaho ea bona.
10 ’Me ho ile ha etsahala hore joaloka ha lifate li ne li fokola ka ho fetisisa lefats’eng le lebileng leboea, ba ile lata ka tsela ea likepe.
11 ’Me ke joana ba ileng ba nolofaletsa sechaba se neng se le lefats’eng le lebileng leboea hore ba ke ba ahe metse e mengata, bobeli ka patsi le ka samente.
12 ’Me ho ile ha etsahala hore ba bangata ba sechaba sa Ammone, bao e neng e le Ba-Lamane ka tsoalo, le bona ba ile ba ea lefats’eng lena.
13 ’Me joale li teng lingoliloeng tse ngata tse bolokiloeng tsa liketso tsa batho bana, ke ba bangata ba batho bana, tse khethehileng ’me tse kholo haholo malebana le bona.
14 Empa bonang, karolo ea lekholo ea liketso tsa batho bana, ee, pale ea Ba-Lamane le ea Ba-Nefi, le lintoa tsa bona, le likhang, le liphapang, le ho ruta ha bona, le boporofeta ba bona, le tsela ea bona ea likepe le ho aha likepe ha bona, le ho aha litempele ha bona, le lisinagoge le lihalalelo tsa bona, le ho loka ha bona, le bokhopo ba bona, le ho bolaea ha bona, le litlatlapo tsa bona, le bosholu ba bona, le mekhoa eohle ea manyala le bofebe, li sitoa ho ba teng ka bukeng ena.
15 Empa bonang, ho na le libuka tse ngata le lingoliloeng tsa mefuta eohle, ’me li bolokiloe ke boholo ke Ba-Nefi.
16 ’Me li ile tsa neheletsoa ho tloha ho moloko o mong ho ea ho a mong ke Ba-Nefi, esita le hofihlela ba oela tlolong ’me ba ile ba bolaoa, ba utsoetsoa, le ho tsongoa, le ho khanneloa pele, le ho bolaoa, le ho qhaloa holim’a sefahleho sa lefats’e, ’me ba kopana le Ba-Lamane ho filela ba se ba sa hlole ba bitsoa Ba-Nefi, ba fetohile ba khopo, le hlaha, le bohale, ee, esita le ho fetoha Ba-Lamane.
17 ’Me joale ke khutlela hape paleng eaka; ka baka leo, seo ke se buileng se ile sa etsahala kamor’a hore ho be le likhang tse kholo, le liqabang, le lintoa, le liphapang, har’a sechaba sa Nefi.
18 Selemo sa mashome a mane a metso e ts’eletseng sa puso ea baahloli se ile sa fela;
19 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho ntse ho ena le likhang lefats’eng leo, ee, esita le ka selemo sa mashome a mane a metso e supileng, hape le ka selemo sa mashome a mane a metso e robeli.
20 Le ha ho le joalo Helamane o ile a tlatsa setulo sa boahloli ka toka le tekano; ee, o ile a ela hloko ho boloka melao le likahlolo, le litaelo tsa Molimo; ’me o ile a etsa seo se neng se nepahetse mahlong a Molimo ka ho tsoelapele; ’me o ile a tsamaea ka litsela tsa ntat’ae, haholo hoo hore o ile a atleha lefats’eng leo.
21 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a ba le bara ba babeli. ’Me o ile a fa a moholo lebitso la Nefi, ’me e monyane, le bitso la Lehi. ’Me ba ile ba qala ho holela ho Morena.
22 ’Me ho ile ha etsahala hore lintoa le likhang li ile tsa qala ho emisa, ka tekanyo e nyane, har’a sechaba sa Ba-Nefi, pheletsong ea selemo sa mashome a mane a metso e robeli sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.
23 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mane le metso e robong ea puso ea baahloli, ho ile ha tsoelapele ho ba le khotso e thehiloeng lefats’eng leo, hohle ntle le hore ho ne ho ena le liketso tsa sekhukhu tseo Gadiantone oa motlatlapi a neng a li thehile likarolong tse tsitsitseng tsa lefats’e leo, tseo ka nako eo li neng li sa tsebahale ho bao ba neng ba le ka hloohong ea puso; ka baka leo ba ile ba sitoa ho timetsoa ho tsoa lefats’eng leo.
24 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sena se ts’oanang ho ile ha eba le katleho e fetisisang ka kerekeng, haholo hoo hore ebe ho bile le likete tse kenang kereke ’me ba kolobeletsoa pakong.
25 ’Me e ne e le kholo hoo katleho ea kereke, ’me li le ngata hoo lihlohonolofatso tse ileng tsa ts’olleloa holim’a sechaba, hore esita le baprista ba baholo le baruti ka bo bona ba ne ba maketse ho feta tekanyo.
26 ’Me ho ile ha etsahala hore mosebetsi oa Morena o ile oa atleha kolobetsong le ho kopanyeng kereke ea Molimo, meea e mengata, ee, esita le mashome a likete.
27 Ke joana re ka bonang hore Morena o mohau ho bohle bao, ka boikokobetso ba lipelo tsa bona ba tlang, ho bitsa lebitso la hae.
28 Ee, ke joana re binang hore khoro ea leholimo e buletsoe bohle, esita le ho bao ba tlang ho lumela ho lebitso la Jesu Kreste, eo e leng Mora oa Molimo.
29 Ee, rea bona hore mang kapa mang a ka its’oarella ka lentsoe la Molimo, le phelang ’me le tletse matla, le tlang ho arola ka lehare masene oohle le maraba le maano a diabolose, ’me le etelle monna oa Kreste tseleng e patisaneng e ts’esane ho feta khohlong e sa feleng ea tlokotsi eo e lokiselitsoeng ho koenya ba khopo—
30 ’Me le fihlise meea ea bona, ee, meea ea bona e phelang ka ho sa feleng, ka letsohong le letona la Molimo ’musong oa leholimo, ho lula fats’e le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le bohle bontat’a rona ba halalelang, ho se hlole re tsoela kantle.
31 ’Me ka selemo sena ho bile le ho nyakalla ho tsoellang lefats’eng la Zarahemla, le libakeng tsohle tse potapotileng, esita le lefats’eng lohle le neng le ruiloe ke Ba-Nefi.
32 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha eba le khotso le nyakallo e fetisisang karolong e setseng ea selemo sa mashome a mane a metso e robong; ee, ’me hape ho bile le khotso e tsoellang le nyakallo e kholo ka selemo sa mashome a mahlano sa puso ea baahloli.
33 ’Me ka selemo sa mashome a mahlano a motso o mong sa puso ea baahloli ho bile le khotso le teng, ntle le boikhohomoso bo ileng ba qala ho kena ka kerekeng—e seng ka kerekeng ea Molimo, empa ka lipelong tsa batho ba neng ba ipolela ho kena kereke ea Molimo—
34 ’Me ba ile ba phahamisetsoa holimo ka boikhohomoso, esita le ho isa tlhorisong ea ba bangata ba habo bona. Joale sena e ne e le bobe bo boholo, bo ileng ba baka hore karolo e ikokobelitseng ho feta ea sechaba e hlorisoe haholo, ’me ba fete har’a mahlomola a mangata.
35 Le ha ho le joalo ba ile ba itima le ho rapela khafetsa, ’me ba eba matla le matla boikokobetsong ba bona, le ho tia le ho tia tumelong ea Kreste, ho tlatseng meea ea bona ka nyakallo le mats’eliso, ee, esita le ho hloekisa le ho halaletsa lipelo tsa bona, khalaletso eo e tlang ka lebaka la ho nehela lipelo tsa bona ho Molimo.
36 ’Me ho ile ha etsahala hore selemo sa mashome a mabeli a metso e ’meli se ile sa fela ka khotso le sona, ntle le boikhohomoso bo fetisisang bo ileng ba kena lipelong tsa sechaba; ’me e ne e le ka lebaka la maruo a bona a fetisisang le katleho ea bona lefats’eng leo; ’me bo ile ba hola holim’a bona ho tsoa letsatsi ho letsatsi.
37 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mahlano a metso e meraro sa puso ea baahloli, Helamane o ile a shoa, ’me mora oa hae e moholo Nefi o ile a qala ho busa bakeng sa hae. ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a tlatsa setulo sa boahloli ka toka le tekano, ee, o ile a boloka litaelo tsa Molimo, ’me a tsamaea litseleng tsa ntat’ae.