Molaetsa wa Boetapele ba Pele, Mmesa 2017
Ba Lokileng Ba Tla Phela ka Tumelo
Moruti le Moetsi wa Sesepa.
Ho na le pale ya kgale ya Sejuda ka moetsi wa sesepa ya neng a sa dumele ho Modimo. Ka letsatsi le leng ha a ntse a tsamaya le moruti, a re, “ Ho na le seo ke sa se utlwisising. Re bile le bodumedi dilemo tse dikete-kete. Empa hohle moo o shebang ho na le bokgopo, bobodu, leshano, ho hloka toka, bohloko, tlala le dintwa. Ho shebahala eka bodumedi ha bo so ntlafatse lefatshe ho hang. Jwale ke ya o botsa, molemo wa bona ke ofe?”
Moruti ha a ka a araba ha nakwana empa a tswela pele ho tsamaya le moetsi wa sesepa. Kgabareng ba ile ba atamela sebakeng sa ho bapala, moo teng bana ba tletseng lerole, ba neng ba ntse ba bapalla mobung.
“ Ho na le seo ke sa se utlwisising,” a rialo moruti. A ko shebe bana bao. Re bile le sesepa dilemo tse dikete-kete, mme feela bana bao ba ditshila. Molemo wa sesepa ke ofe?”
Moetsi wa sesepa o ile a arabela, “Empa moruti, ha se toka ho beha sesepa molato ka baka la bana bao ba ditshila. Sesepa se tlameha ho sebediswa hore se phethahatse morero wa sona.
Moruti o ile a bososela mme a re, “Ho jwalo.”
Re Ka Phela Jwang?
Moapostola Paolosi, ha a qotsa mantswe a moporofeta wa Testamente ya Kgale, o akareditse se hlaloswang ka ho ba modumedi ha a ne a ngola, “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.” (Baroma 1:17 ).
Mohlomong puong ena e bonolo re utlwisisa phapang pakeng tsa bodumedi bo fokolang mme bo sena matla le bo nang le matla a ho fetola maphelo.
Empa hore re utlwisise hore ho phela ka tumelo ho bolelang, re tlameha ho utlwisisa hore na tumelo ke eng.
Tumelo e feta ho dumela feela. Ke tshepo e feletseng ho Modimo e tsamaya le ketso.
E feta ho labalabela.
E feta ho dula feela, ntse re sisinya dihlooho, mme re re rea dumela. Ha re re “Ba lokileng ba tla phela ka tumelo” re hlalosa hore re tsamaiswa le ho tataiswa ke tumelo ya rona. Re etsa ka mokgwa o tsitsitseng le tumelo ya rona – e seng ho tswa maikutlong a ho mamela ho se nang moelelo empa ho tswa tshepahalong le leratong la nnete ho Modimo wa rona le bohlale bo hlokang tekano boo A bo hlahisitseng ho bana ba Hae.
Tumelo e tlameha ho tsamaellana le ketso; ho seng jwalo ha e na bophelo (bona Jakobo 2:17 ). Ha se tumelo ho hang. Ha e na matla a ho fetola motho a le mong, re sa re letho ka lefatshe.
Banna le basadi ba tumelo ba tshepela ho Ntata bona ya Mahodimong ya mohau – ka dinako tsa pherekano, ka dinako tsa pelaelo le mathata moo teng ba sa boneng ka ho phethahala kapa ba sena kutlwisiso e hlakileng.
Banna le basadi ba tumelo ba tsamaya ka boikemisetso tseleng ya bolatedi mme ba tsitlallela ho latela mohlala wa Mopholosi wa bona eo ba mo ratang, Jesu Kreste. Tumelo ya kgothatsa mme, kannete, e re fa tjhesehelo ya ho lebisa dipelo tsa rona mahodimong le ho ba le sepheho sa ho nanabetsa letsoho, ho phahamisa le ho hlohonolofatsa ba habo rona.
Bodumedi bo se nang ketso bo tshwana le sesepa se ntseng se le ka hare ho sephuthelwana. Se ka ba le bokgoni bo makatsang, empa bonneteng ha se na matla a ho etsa phapang ho fihlela se phethahatsa morero oo se o reretsweng. Evangedi e tsosolotsweng ya Jesu Kreste ke evangedi ya diketso. Kereke ya Jesu Kreste e ruta bodumedi ba nnete e le molaetsa wa tshepo, tumelo le lerato, le kenyeleditseng le ho thusa ba bang ka ditsela tsa moya le tsa bophelo.
Dikgwedi tse mmalwa tse fetileng, nna le molekane wa ka, Harriet, re ne re le leetong la lelapa le bana ba bang ba rona sebakeng sa Mediterranean. Re ile ra etela tse ding tsa dibaka tsa baphaphathehi mme ra kopana le malapa a tswang dinaheng tse aparetsweng ke dintwa. Batho bana e ne e se ba tumelo ya rona, empa e ne e le bana ba bo rona mme ba ne ba hloka thuso e potlakileng. Dipelo tsa rona di ile tsa hlomoha haholo ha re iponela ka bo rona tsela eo tumelo e phelang ya ditho tsa Kereke ya rona ha e tlisa thuso, thekolohelo le tshepo ho ba habo rona ba hlokang, ho sa tsotellehe bodumedi ba bona, botjhaba kapa thuto.
Tumelo e jokong le ketso e tshepahalang e tlatsa pelo ka mosa, kelello ka bohlale le kutlwisiso mme moya ka kgotso le lerato.
Tumelo ya rona e ka hlohonolofatsa le ho susumetsa ka ho loka ba re potapotileng mmoho le rona.
Tumelo ya rona e ka tlatsa lefatshe ka botle le kgotso.
Tumelo ya rona e ka fetola lehloyo la eba lerato le dira tsa eba metswalle.
Ba lokileng, jwale, ba phela ka ho etsa ka tumelo; ba phela ka ho tshepa Modimo le ho tsamaya tseleng ya Hae.
Mme ona ke mofuta wa tumelo o ka fetolang batho ka bo mong, malapa, ditjhaba le lefatshe.
© 2016 by Intellectual Reserve, Inc. All rigths reserved. e hatisitswe USA Tumello ya Sekgowa: 6/16 Tumello ya Phetolelo: 6/16. Phetolelo ya First Presidency Message, April 2017. Sesotho. 12872 739