2017
Botshepehi
´Mesa 2017


Bana

Botshepehi

Leka ketso ena le motswalle. O tla tlameha ho tshepa le ho latela ditaelo tsa bona ka hloko.

Nka sephephetjhana sa pampiri mme o take sedikadikwe ho sona se emetseng sefahleho. O tshwere pene kapa pentshele ka letsohong la hao, kwala mahlo a hao. Dumella motswalle oa hao hore a o bolelle moo o ka takang mahlo, nko, molomo le moriri sefahlehong seo. Jwale sheba. Se shebahala jwang? O ka fa sefahleho mebala mme wa taka se seng ho bapala hape!

Ka dinako tse ding ho thata ho latela ditaelo. Empa ha re leka ho latela Ntate ya Mahodimong ka ho mamela Moya o Halalelang, O tla re thusa. Re ka Mo tshepa kamehla.