Molaetsa wa Thuto ya Ketelo, Mmesa 2017
Kano le Selekane tsa Boporista
Ka thapedi bala sengolwa sena mme o batle tshusumetso ya ho ka tseba hore o ka abelana ka eng ho tswa ho sona. Ho utlwisisa morero wa Mokgatlo wa Thekolohelo ho ka thusa boitokisetso ba baradi ba Modimo bakeng la ditlhohonolofatso tsa bophelo ba bosafeleng jwang?
Tumelo, Lelapa, Thekolohelo
Ha re ka utlwisisa haholo re le bo mme hore kano le selekane tsa boporista di amana le rona ka kotloloho, re tla amohela haholo ditlhohonolofatso le ditshepiso tsa boporista.
Moholo M. Russell Ballard wa Mokgatlo wa Baapostola ba Leshome le Metso e Mmedi o itse, “Bohle ba entseng dilekane tse halalelang le Morena mme ba hlompha dilekane tseo ba lokelwa ke ho fumana tshenolo tsa bona, ho hlohonolotswa ka bosebeletsi ba mangeloi, ho bua le Modimo, ho fumana evangedi e feletseng mme, qetellong, e be majalefa hammoho le Jesu Kreste a tsohle tseo Ntata rona a nang le tsona.”1
Ditlhohonolofatso le ditshepiso tsa kano le selekane tsa boporista di amana le banna le basadi. Mme Sheri L. Dew, moeletsi wa mehleng wa Boetapele bo Akaretsang ba Mokgatlo wa Thekolohelo, o itse, “Phetheho ya boporista e fumanwang ditshebeletsong tse ka sehlohong tsa evangedi tsa ntlong ya Morena di ka fumanwa feela ke monna le mosadi mmoho.”2
Mme Linda K. Burton, Moetapele wa Kakaretso wa Mokgatlo wa Thekolohelo o re file pitso, “Ke le memela ho hopola kano le selekane tsa boporista, tse ka fumanwang ka ho Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 84:33-44. Ha le ka etsa jwalo, ke le tshepisa hore Moya o Halalelang o tla hodisa kutlwisiso ya lona ya boporista mme o le kgothatse le ho le phahamisa ka tsela tse thabisang.”3
Ditaelo tsa moporofeta Joseph Smith ho Mokgatlo wa Thekolohelo di ne di reretswe ho lokisetsa basadi ho “tla fumana ditokelo le ditlhohonolofatso le dimpho tsa boporista.” Sena se ka phethahatswa ka ditshebeleso tsa evangedi tsa tempeleng.
Ditshebeletso tsa evangedi tsa Tempeleng [ke] ditshebeletso tsa evangedi tsa boporista, empa ha [di] nehelane ka maemo a bodumedi ho banna kapa basadi. [Ditshebeletso tsena tsa evangedi di phethahatsa] tshepiso ya Morena ya hore batho ba hae – banna le basadi – ba tla ‘tlatswa ka matla ho tswa mahodimong’ [DT&D 38:32 ].”4
Mangolo a Halalelang a Tlatsetso le Thlahiso leseding
Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 84:19-40 ; 121:45-46; reliefsociety.lds.org
© 2016 by Intellectual Reserve, Inc. All rigth reserved. e hatisitswe USA Tumello ya Sekgowa: 6/16 Tumello ya Phetolelo: 6/16. Phetolelo ya Visiting Teaching Message, April 2017. Sesotho. 12872 739