Batjha
Ho Sebeletsa ba Bang ka Tumelo
Moetapele Uchtdorf o re bolella hore tumelo ya rona ho Modimo e tlameha ho “tsamaya le ketso.” Ha tumelo ya rona e le “jokong le ketso e tshepahalang,”wa hlalosa, e “tlatsa … moya ka kgotso le lerato.” Ka tshepiso ya hlohonolofatso ena, re ka etsa phapang mme re ka bona sena maphelong a rona ha re etsa nako ya bosebeletsi bo tleseng ka tumelo. O ka rapela hoseng ho hong le ho hong ho kopa Morena thuso ho sebeletseng ba bang. Mohlala, Mo kope ho o bontsha ha ngoaneno a hloka thuso ka mosebetsi kapa ha motswalle a hloka kgothatso. Jwale, ha o fumana nyenyeletso, etsa ke hona! Ha o ka etsa dithapelo tsena le bosebeletsi ntho ya mehla, jwale le ketso ya hao e tshepahalang, e tletseng ka tumelo, e tla hlohonolofatsa bophelo ba hao le maphelo a ba bang. Moetapele Uchtdorf o tshepisa hore o “ ka fetola motho ka mong, malapa, ditjhaba le lefatshe.”