2025
Evangeli ea Jesu Kreste E Tsepameng ho Lelapa
Pulungoana 2025


Molaetsa oa Khoeli Liahona Pulungoana 2025

Evangeli ea Jesu Kreste E Tsepameng ho Lelapa

Thuto ea rona ea tumelo le tumelo ea rona ho malapa a bosafeleng lia re matlafatsa le ho re tlamahanya.

Bana beso ba ratehang, kea leboha ka lithapelo tsa lona bakeng sa ka. Ke li utloile.

I.

Thuto ea tumelo ea Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e tsepame holim´a lelapa. Se bohlokoa ho thuto ea rona ea tumelo ka lelapa ke tempele. Lits´ebeletso tse fumanoang moo li re thusa ho khutla re le malapa a bosafeleng ponts´eng ea Ntate ea Maholimong.

Ho tloha ka seboka se akaretsang sa ´Mesa 2025, Mookameli Russel M. Nelson o phatlalalitse kaho ea litempele tse 200 tse ncha. O ne a rata ho phatlalatsa litempele tse ncha qetellong ea seboka se seng le se seng se akaretsang, ´me bohle re ne re nyakalla le eena. Leha ho le joalo, ka palo e holimo ea litempele hajoale, tseo moralo le kaho ea tsona o leng qalong haholo, ke hantle hore re ke re emise hanyenyane ka phatlalatso ea litempele tse ncha. Ka baka leo, ka tumello ea Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli, re ke ke ra phatlalatsa litempele tse ncha sebokeng sena. Joale re tla fetela pele ka ho fana ka lits´ebeletso tsa tempele ho setho se seng le se seng sa kereke ka lefats´e lohle, ho kenyeletsa neng le kae moo re tlang ho phatlalatsa kaho ea litempele tse ncha.

Karoloana ea puo ea ka eo ke sa tsoa ho e etsa e ngotsoe kamorao ho lefu la Moporofeta oa rona ea ratehang Mookameli Russel M. Nelson. Se latelang joale se ngotsoe le ho netefatsoa libeke pele, empa se ntse se emela lithuto tsa ka, tse susumelitsoeng ke Morena.

II.

phatlalatso ea lelapa, e tsebisitsoeng lilemo tse 30 tse fetileng, e phatlalatsa hore “lelapa le hlotsoe ke Molimo” ´me “le khubung ea moralo oa Molimo bakeng sa qetello ea bana ba hae ea ka hosafeleng.” Hape le phatlalatsa hore “litaelo tsa Molimo bakeng sa bana ba hae ho ata le ho ngatafala e ntse e le ts´ebetsong.” ´Me “re phatlalatsa hape hore Molimo o laetse hore matla a halalelang a phatlalatso a tla sebelisoa lipakeng tsa monna le mosali, ba nyalaneng ka molao e le monna le mosali.” Joaloka ha Moholo Russel M. Nelson a ile a ruta batho Brigham Young University, lelapa le “bohlokoa morerong oa Molimo. … Hantle, sepheeo sa moralo ke ho phahamisa lelapa.”

Kereke ea Jesu Kreste ka nako e ´ngoe e bitsoa kereke e tsepameng ho lelapa. E joalo! Kamano ea rona le Molimo le sepheeo sa bophelo ba lefats´eng li hlalosoa ka mokhoa oa lelapa. Evangeli ea Jesu Kreste ke moralo oa Ntate ea Maholimong molemong oa bana ba hae ba moea. Re ka bolela ka tieo hore moralo oa evangeli o ileng oa rutoa ho rona pele lekhotleng la lelapa la rona la bosafeleng, o kene ts´ebetsong ka malapa a rona a lefats´eng, ´me qetello ea oona e reretsoe ho phahamisa bana ba Molimo malapeng a bosafeleng.

III.

Ho sa tsotellehe thuto eo ea tumelo, ho na le bohanyetsi. United States re na le bothata ba ho qepha manyalong le ka ho beleha bana. Bakeng sa ho ka etsang lilemo tse lekholo, tekanyo ea malapa a eteletsoeng pele ke banyalani e theohile haholo, hammoho le sekhahla sa ho beleha bana. Lenyalo le sekhahla sa ho beleha bana tsa litho tsa kereke li sa le ntle haholo, empa le tsona li theohile ka sekhahla. Ho bohlokoa ho re Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ba se ke ba lahla kutloisiso ea bona ka sepheeo sa lenyalo le boleng ba bana. Ke bokamoso boo re bo batlang. “Phahamiso ke taba ea lelapa,” Mookameli Nelson o re rutile. “Ke ka ts´ebeletso e bolokang ea evangeli ea Jesu Kreste feela malapa a ka ba phahamisoang.”

Ho theoha ha sechaba manyalong le ho beleheng bana lia utloisiseha ka lebaka la mabaka a nalane, empa boleng le litloaelo tsa Bahalaleli ba Mehla ea kajeno e lokela ho ntlafala—e se ke ea latela—litloaelo tseo.

Boshanyaneng ba ka lilemo tse 80 tse fetileng, ke ne ke phela polasing ea ntate moholo le nkhono moo tsohle tse neng li etsahala boleleng ba letsatsi li ne li le tlasa taolo ea lelapa. Ho ne ho se na seealemoea-pono kapa li elektronike tse ling ho sitisa mosebetsi oa lelapa. Ho fapana le hoo, sechabeng sa kajeno sa litoropo, litho tse ´maloa li ba le phihlello e phehellang ea liketsahalo tsa lelapa le tsepameng. Bophelo ba litoropo le mokhoa oa ho tsamaea oa sejoale-joale, boithabiso bo hlophisitsoeng, le puisano ea lebelo le phahameng li etsa hore ho be bonolo bakeng sa bacha ho ts´oara malapa a bona joaloka ka matlo a bolulo, moo ba robalang le ho nka lijo khafetsa empa ho e-na le tataiso ea batsoali e tlase haholo ea liketsahalo tsa bona.

Ts´usumetso ea botsoali le eona e hlapolotsoe ke tsela eo litho tsa kereke tsa hajoale li fumanang bophelo. Nakong e fetileng, e ´ngoe ea li ts´usumetso tse kholo e neng e kopanya malapa e ne e le boiphihlelo ba ho sokola hammoho ele ho fumana sepheeo se le seng—joaloka ho lema kapa ho fumana bophelo. Lelapa e ne e le tlhophiso le tsamaiso ea lekala la tlhahiso ea moruo. Kajeno, malapa ke makala a ts´ebeliso ea moruo, e leng se sa hlokeng boemo bo phahameng ba tlhophiso le ts´ebelisano ´moho ea lelapa.

IV.

Ha ts´usumetso ea botsoali e ntse e fokotseha, Bahalaleli ba Mehla ea kajeno ba ntse ba na le boikarabello bo fanoeng ke Molimo ho ruta bana ho itokisetsa qetello ea lelapa ea bosafeleng (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 68:25.) Bongata ba rona re tlameha ho etsa sena ha e se malapa a rona oohle ao e seng a moetlo. Tlhalano, lefu, le karohano ke linnete. Ke ile ka ba le phihlello eo ka lelapeng leo ke holetseng ho lona.

Lelapa la Oaks

Ntate o ile a hlokahala ha ke le lilemo li supileng, eaba moena oa ka le ausi oa ka le ´na re holisoa ke ´me oa mohlolohali. Maemong a thata ka ho fetisisa, o ile a tiisetsa. O ne a le mong ´me a utloile bohloko, empa ka thuso ea Morena, thuto ea hae e matla ea thuto ea tumelo ea kereke e tsosolositsoeng e ile ea re tataisa. Kamoo a neng a rapela bakeng sa thuso ea maholimo ka ho holisa bana ba hae, ´me o ile a hlohonolofala! Re holiselitsoe ka lelapeng le thabileng, moo ntate ea neng a se a hlokahetse e neng e le ´nete. O ile a re ruta hore re ne re na le ntate ´me eena o ne a e-na le monna ´me re tla lula re le lelapa ka lebaka la lenyalo la tempele. Ntate o ne a le sieo nakoana feela hobane Morena a mo bitselitse mosebetsing o fapaneng.

Kea tseba hore malapa a mangata ha a thaba, empa ´me e mong le e mong ea se nang molekane a ka ruta ka lerato la Ntate ea Maholimong le litlhohonolofatso tsa lenyalo la tempele. U ka se etsa sena! Moralo oa Ntate ea Maholimong o netefatsa bokhoni bakeng sa e mong le e mong. Bohle re motlotlo ka lenyalo la tempele le litlhohonolofatso tse ka ba teng tsa ho tlamahangoa joaloka lelapa la bosafeleng. Joaloka ka `me, re rata ho qotsa ts´episo ea Lehi ho mora oa hae Jakobo ea hore Molimo “o tla hlohonolofatsa litlhoriso tsa hau molemong oa hau” (2 Nefi 2:2). Hona ho sebetsa ho lelapa le leng le leng la Mohalaleli oa Kajeno, le feletseng kapa le sa fellang hajoale. Re kereke ea lelapa.

Thuto ea rona ea tumelo le tumelo ea rona ho malapa a bosafeleng lia re matlafatsa le ho re tlamahanya. Ha ke na ho lebala ts´episo ea ntate moholo Harris ka lehlakoreng la ´me, ha rona bana re ne re phela polasing ea hae e haufi le Payson, Utah. O ile a mpha litaba tse bosula hore ntate o hlokahalletse hole Denver, Corolado. Ke ile ka mathela phaposing ea boroko ´me ka khumama pel´a bethe, ka seboko se seholo. Ntate moholo o ile a ntatela ´me a khumama pel´a ka a re, “ke tla ba ntate oa hau.” Ts´episo e bonolo ke mohlala o matla oa seo ntate moholo le nkhono ba ka se etsang ho tlatsa likheo ha malapa a lahleheloa kapa a hopotse e mong oa lelapa.

Batsoali, ba nyetsoeng kapa ba sa nyaloang—le ba bang, joaloka bo ntate moholo le bo nkhono, ba tlatsang sekheo seo bakeng sa bana—ke litichere tsa makhonthe. Mokhoa oa bona oa ho ruta ke ka mohlala. Lelapa ke sona sebaka sa ho bonts´a le ho ithuta boleng ba bosafeleng, joaloka bohlokoa ba lenyalo le ba bana, sepheeo sa bophelo, le mohloli oa ´nete oa thabo. E boetse ke sebaka se nepahetseng ho ithuta lithuto tse ling tse hlokahalang tsa bophelo, joaloka mosa, ts´oarelo, boitsoaro, le boleng ba thuto le mosebetsi o ts´epahalang.

Ehlile, litho tse ngata tsa kereke li na le litho tsa lelapa tse sa ananeleng boleng ba evangeli le litebello tsa eona. Litho tse joalo li hloka lerato la rona le mamello. Ka ho amana le rona, re lokela ho hopola hore phethahalo eo re e batlang ha e felle feela ho maemo a ts´oarisang hlooho a bophelo ba lefats´eng. Thuto e kholo ka ho Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 138:57-59 e re netefaletsa hore pako le ho hola moeeng li ka tsoelapele lefats´eng la moea le latelang bophelo ba lefats´eng. Ho leng bohlokoa haholo, ha malapa a kopana ho matlafatsana, re lokela ho hopola hore libe le liphoso tse sa qobeheng tseo bohle re li etsang bophelong ba lefats´eng li ka ts´oarela ka pako ka lebaka la Topollo ea Jesu Kreste e khanyang le e bolokang.

V.

Mopholosi oa rona Jesu Kreste, ke mohlala oa rona oa ho qetela. Re tla hlohonolofatsoa haeba re bopa bophelo ba rona ho latela lithuto tsa hae le sehlabelo sa motho ka bo mong. Ho latela Kreste le ho inehela mosebetsing e mong ho e mong ke pheko ea bohlokoa bakeng sa boikhabo le boikhants´o boo joale bo bonahalang bo tloaelehile.

Batsoali ba boetse ba na le boikarabello ba ho ruta bana ba bona tsebo ntle ho metheo ea evangeli. Malapa a kopana ha a etsa lintho tse nang le moelelo hammoho. Lirapa tsa lelapa li aha likamano tsa lelapa. Liphihlello tsa thabo tsa lelapa li matlafatsa maqahama a lelapa. Kampo, lipapali, le liketsahalo tse ling li bohlokoa haholo-holo ho tiisa malapa. Malapa a lokela ho hlophisa likopano tsa lelapa ho hopola baholo ba bona, e leng se lebisang tempeleng.

Batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona mesebetsi ea mantlha ea hophela, ho kenyeletsa ho sebetsa jareteng le lapeng. Ho ithuta puo ke boitokisetso ba bohlokoa bakeng sa borumuoa lichabeng le bophelong ba hajoale. Litichere tsa lithuto tsena e ka ba batsoali kapa bo ntate moholo le bo nkhono kapa litho tsa lelapa tse thokonyana. Malapa a hola ha a ithuta e le sehlopha ´me ba eletsana hammoho litabeng tsohle tse amang lelapa le litho tsa lona.

Ba bang ba ka re, “Empa ha re na nako ea tsena tsohle” Ho fumana nako ea ho etsa seo kannete se leng bohlokoa, batsoali ba bangata ba tla fumana hore ba ka fetolela malapa a bona ho ho loka haeba ba ka tima tekhenoloji tsa bona. ´Me batsoali, hopolang, seo bana bao ba se hlokang nakong ea lijo tsa mantsiboea ke nako ea lona.

Litlhohonolofatso li tla ho lelapa ha le rapela hammoho, ba khumama bosiu le hoseng ho fana ka liteboho bakeng sa litlhohonolofatso le ho rapella li ngongoreho tse ts´oanang. Malapa a boetse a hlohonolofala ha ba rapela mmoho lits´ebeletsong tsa kereke le linthong le lithapelong tse ling. Maqhama a lelapa a boetse a matlafatsoa ke lipale tsa malapa, ho theha meetlo ea lalapa, le ho arolelana liphihlello tse halalelang. Mookameli Spencer W. Kimball o re hopotsa hore “lipale tse khothatsang tsa bophelo ba rona le tsa baholo ba rona … ke lisebelisoa tse matla tsa boithuto” Hangata ke lisebelisoa tsa bohlokoa tsa khothatso bakeng sa rona le meloko ea rona.

Ke paka ka Morena Jesu Kreste, eo e leng Mor´a Molimo ea Nots´i, Ntate oa Bosafeleng. O re memela ho latela tsela ea selekane e lebisang ho kopano ea lelapa la leholimong. Matla a tlamahanyang a boprista,a tataisoang ka linotlolo tse tsosolositsoeng Tempeleng ea Kirtland, a tlisa malapa moho bakeng sa bosafeleng (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 110:13–16). Kajeno li sebelisoa litempeleng tsa Morena tse ntse li hola ka lefats´e lohle. Sena ke ´nete. Ha re beng karolo ea teng, kea rapela, ka lebitso la Jesu Kreste, amen.

Lintlha

  1. Lelapa: Phatlalatso ho Lefats´e,” Pokello ea Libuka ea Evangeli.

  2. Russell M. Nelson, “Tumelo le Malapa” (Brigham Young University fireside, Hlakola. 6, 2005), 3, speeches.byu.edu.

  3. Russell M. Nelson, “Bula Maholimo ka Tempele le Mosebetsi oa Nalane ea Lelapa,” Liahona, Oct. 2017, 18.

  4. Spencer W. Kimball, “Therefore I Was Taught,Ensign, Jan. 1982, 4.