2025
Sheba ho Molimo ´me u Phele
Pulungoana 2025


Molaetsa oa Khoeli Liahona Pulungoana 2025

Sheba ho Molimo ´me u Phele

Ke feela ka ho sheba ho Molimo batho ka bo mong, malapa, esita le lichaba li ka atlehang.

Ka Phupu e fetileng, kotsi e mpe haholo e ile ea etsahala naheng ea Lesotho Afrika e Boroa. Bese e nyenyane e neng e nkile Baroetsana ba Lekala la Maputsoe la Kereke le baetapele ba supileng ba neng ba lebile Maseru, bakeng sa ho bokana ha Baroetsana ba setereke sa bona. Ha ba ntse ba tsamaea tseleng e likarololi peli lihoreng tsa hoseng, koloi e hlahang lehlakoreng le fapaneng, e neng e leka ho feta e ´ngoe, e ile ea tla ka lehlakoreng leo bese e neng e tsamaea ka ho lona. Ho ne ho se na sebaka kapa nako ea ho qoba ho thulana,´me ka mora metsotsoana feela likoloi li ile tsa thulana, tsa oela ka thoko ho ´mila, ´me tsa kapa mollo.

Ka kakaretso, batho ba 15 ba ile ba shoa kotsing eo, ho kenyeletsa Baroetsana ba ts´eletseng, baetapele ba Baroetsana, le mookameli oa lekala le mofumahali oa hae. Ba pholohileng, litho tsa malapa, le metsoalle ba ile ba bonts´a maikutlo a mangata, ho kenyeletsa linako tsa khalefo, ho sithabela maikutlo, esita le molato. Ho sa tsotellehe maikutlo le lipotso tse hlokang likarabo, ba ile ba ts´elisana le ho balehela ho Molimo ka ´mino o halalelang, mangolo a halalelang, le thapelo, moo ba ileng ba fumana mats´eliso. Sets´oana Selebeli ea lilemo tse leshome le metso e supileng o ile a paka hore, “Jesu Kreste oa re rata ´me o na le rona, le ha lipelo tsa rona li utloile bohloko.”

Litho tsa Lesotho

Sets´oants´o ka Jeffrey D. Allred, Deseret News

Moroetsana le moetapele ba neng ba le sepetlele ka maqeba a ho cha ba ne ba bala buka ea Mormone hammoho. E mong o ile a re, “Morao tjena re ne re bala ka ho Moroni, ´me Moroni o bolela hantle seo ke se utloang. … Ha a bua, ekare o ntse a re, ‘u lokela ho ithuta mantsoe a na hobane a ngoletsoe uena ho u thusa ho feta sena.’”

Phupu Lesotho

Ts‘ebeletsong e kopanetsoeng bakeng sa ba seng ba hlokahetse, Moholo oa Lehae oa ba Mashome a Supileng o ile a eletsa hore, “bohle re lokela ho fetohela ho Molimo ka nako ena ‘me re mo kope ho ts‘elisa lipelo tsa rona…ho kokobetsa bohloko boo re bo utloang.” Mookameli oa Baroetsana ho tloha boahisaneng Lekaleng la Leribe, Mampho Makura, o ile a khothaletsa: Fetohela ho Morena, ´me u fumane matla aho amohela thato ea hae. Jesu Kreste ke ‘mothehi le moqeti oa tumelo ea rona’ [Baheberu 12:2]. U se ke ua sheba hole, empa sheba ho eena”

Sheba ho eena. Mantsoe a hae a ts´oana le keletso ea Alma ho mor´a oa hae Helamene: “Bona hore u sheba ho Molimo ´me u Phele.” Alma o ile a qotsa phihlello ea Lehi le batho ba hae ka Liahona joaloka mokhoa: “Ho bonolo joalo ho mamela lentsoe la Kreste, le tlang ho u supisa ka kotloloho ho thabo e phethahetseng ea bosafeleng, joaloka ha ho ne ho le joalo ka bo ntat´a rona ho mamela tataiso ena, e neng e tla ba supisa tsela e otlolohileng ho ea lefats´eng lapallo. Alma o ile a re : “haeba ba ka sheba ba ka phela. … ´Me haeba re … sheba re ka phela ka ho sa feleng.”

Ketsahalong e ´ngoe, Alma o ile a qotsa mohlala oa noha ea koporo e ileng ea etsoa ke Moshe ha Maiseraele a ne ba hlasetsoe ke noha e bohale. Morena o ile a bolella Moshe ho etsa sets´oants´o sa noha ´me a se hloma palong, ka ts´episo ea “hore ea tlang ho longoa, ha a e sheba, o tla phela.” Alma o hlalositse hore sets´oants´o sa koporo e ne e le mofuta kapa sesupo sa Kreste, ea neng a tla phahamisetsoa holim´a sefapano. Ba bangata ba ile ba sheba, ´me phela, empa ba bang, ka mantsoe a Alma, ba ne ba “thatafetse haholo” hoo ba neng ba sitoa feela le ho sheba ´me ba ile ba timela.

Alma o ile a botsa:

“Haeba le sitiloe ho lahlela feela mahlo a lona hore le ke le fole, na le ke ke la sheba ka potlako, kapo le ka mpa la thatafatsa lipelo tsa lona ka ho se lumele, ´me le be botsoa, hore le se ke la lahlela mahlo a lona hore le be le timele?

“… Joale lahlelang mahlo a lona ´me le qale ho lumela ho Mor´a Molimo, hore o tla tla a lopolla batho ba hae, le hore o tla sotleha le ho shoa ka lebaka la libe tsa bona; le hore o tla tsoha bafung, e leng se tlang ho tlisa tsoho ea bafu, hore batho bohle ba tla ema ka pele ho eena, ho ahloloa ka letsatsi la ho qetela la kahlolo, ho latela mesebetsi ea bona.”

Ehlile, keletso ea hore “sheba ho Molimo ´me u Phele” ha e na moelelo feela bakeng sa bosafeleng ba rona empa e boetse e etsa phethoho eohle ho sebopeho le boleng ba bophelo ba rona ba lefats´eng. Hopola mantsoe ao ausi Selebeli oa Lesotho a seng a a boletse— “Jesu Kreste oa re rata ´me o na le rona, le ha lipelo tsa rona li utloile bohloko.”

Ho tlhahong ea lefats´e le oeleng—moo diabolose a tukang khalefo ´me moo e mong le e mong a sa phethahalang- hore ho tla ba le ts´oabo le liphoso, ts´otleho le masoabi, ho hloleha le tahlehelo, tlhoriso le ho hloka toka. Ke feela ka ho sheba ho Molimo batho ka bo mong, malapa, esita le lichaba li ka atlehang. Mookameli Russel M Nelson o rutile hore, “Hobane Mopholosi, ka Topollo ea Hae e sa feleng, o lopolotse e mong le e mong oa rona ho tsoa bofokoling, liphosong, le sebeng, ʼme hobane o fihletse bohloko bo bong le bo bong, matsʼoenyeho, le moroalo oo u kileng ua ba le oona, Alma 7:11–13, joale ha u baka ka ʼnete ʼme u batla thuso ea Hae, u ka ema ka holimʼa lefatsʼe lena la hona joale le kotsi.”

Ha ho ts´episo e phetiloeng hangata ka Bukeng ea Mormon ho feta ena: Ha feela le tla boloka litaelo tsa ka le tla atleha lefats´eng; empa ha feela le ke keng la boloka litaelo tsa ka le tla khaoloa ponts´eng ea ka.” Liphihlelo tse phetsoeng ke batho ba Buka ea Mormone ka likete tsa lilemo li bonts´a `nete ea mantsoe ana. “Katleho ” e ne e bolela ho natefeloa ke tataiso le li tlhohonolofatso tsa maholimo bophelong ba bona. “Katleho” e ne e bolela ho fihlela maemo a moruo o motle o neng o ba lumella ho nyala, ho holisa malapa, le ho sebeletsa lithloko tsa ba bang. “Ho atleha” ho ne ho kenyeletsa bokhoni ba ho phahamela kaholimo ho mathata le liqholotso. Ka mohau oa Kreste, lintho tsohle li ile tsa sebetsa hammoho molemong oa bona,” li ile tsa ba hloekisa, le ho tebisa kamano le eena.

Alma o ile a hlalosa hore ho sheba ho Molimo ke ho boloka litaelo tsa hae, ho llela ho eena ka mehla bakeng sa ts´ehetso, ho buisana le eena linthong tsohle, le ho etsa hore pelo ea hau e tlale ka liteboho ho eena mots´eare le bosiu. Litaelo tsa Molimo le likeletso li fumanoa mangolong a halalelang le mantsoeng a bahlanka ba hae. Metheo le lintlha tse boletsoeng ho “Lelapa: Phatlalatso ho Lefats´e” ke mohlala o moholo. E ´ngoe ke tataiso e fumanoang bukaneng ea Bakeng sa Matlafalo ea Bacha. Lepetjo la selemo sena la Bahlankana le Baroetsana “Sheba ho Kreste,” le nkiloe ho tataiso e ts`elisang e tsoang ho Morena eneng e ea ho Joseph Smith le Oliver Cowdery: “Shebang ho ´na ka mehopolo eohle; le se ke la belaela, le se ke la ts´aba” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha e bua le litaelo tse fapaneng tse potlakileng tsa Molimo le lipehelo `me le ruta ka ho sheba ho Morena ha ho etsoa liqeto tse ntle. Ke tataiso eseng feela bakeng sa bacha empa bakeng sa rona bohle.

E le mohlala oa bohlokoa, Bakeng sa Matlafalo ea Bacha e na le tataiso e bohlokoa ka sehloohong se bitsoang “´Mele oa Hau oa Halalela.” E laela hore: “Ts´oara `mele oa hau—le mele ea babang—ka hlonepho. Ha u etsa liqeto ka moaparo oa hau, moriri, le chebahalo ea hau, ipotse, ‘Na ke hlompha mele oa ka joaloka mpho e halalelang e tsoang ho Molimo?’”

Bakeng sa Matlafalo ea Bacha e hlalosa haholo: “Boloka thobalano le boikutlo ba thobalano bo halalela. Ha lia lokela ho ba lihlooho tsa bosoasoi kapa tsa papali. Kantle ho lenyalo lipakeng tsa monna le mosali, ho fosahetse ho ts´oara setho se halalelang, sa lekunutu sa motho e mong le haeba a ntse a apere. Likhethong tsa hau ka seo u se etsang, seo u se shebang, seo u se balang, seo u se mamelang, seo u se nahanang, seo u se posang kapa hona ho se ngola, qoba eng kapa eng eo ka sepheo e ka tsosang maikutlo a litakatso ho ba bang kapa ho uena.”

Sena se tlisa kelellong temoso ea Mookameli Nelson ea haufinyane:

“Lintho tse fokolang li tla thatafatsa bophelo ba hau kapele ho feta ho tlola molao oona o halalelang [oa bohloeki]. Bakeng sa ba entseng lilekane le Molimo, boits´oaro bo bobe ke e ´ngoe ea litsela tse potlakileng tseo ba ka lahleheloang ke bopaki ba bona.

“…Matla a ho etsa bophelo ke monyetla o le mong oa bomolimo oo Ntate ea Maholimong a lumellang bana ba hae ho o etsa. Ke joana, Molimo a etsang litataiso bakeng sa bophelo bona, matla a bomolimo. Kopano ka thobalano ke ea monna le mosali feela ba nyalaneng.

“Boholo ba lefats´e ha bo lumele sena, empa maikutlo a sechaba ha se oona molaoli oa ´nete. Morena o boletse hore ha ho motho ea sa hloekang ea tla fumana ´muso oa selestiale.… Haeba u kile oa se ke ua hloeka, ke u kopa hore u bake. Tloho ho Jesu ´me u fumane ts´episo ea Hae e feletseng ea ts´oarelo ha u baka libeng tsa hau ka botlalo [see Esaia 1:16–18; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 58:42–43].”

Hopola hore ts´episong ea Buka ea Mormone, phapang ea katleho e ne e se bofuma- e ne e leho khaoloa pont´seng ea Morena. Boteng ba hae bo bolela ts´usumetso ea Moea oa hae bophelong ba motho. Bohle ba bonesetsoa ke Khanya ea Kreste ha ba hlaha lefats´eng. Ho tlatseletsa, ba bang ba etsa qeto ea ho kolobetsoa le ho fumana mpho le leseli le eketsehileng la Moea o Halalelang. O tlisa ts´usumetso le tataiso,o ntlafatsa le ho hloekisa lineo tsa tlhaho le bokhoni, le ho thusa ho qoba ts´usumetso ea bobe, liqeto tse fosahetseng, le ho se tsoelepele.

Joaloka uena, ke tseba ba bang ba ileng ba natefeloa ke mpho ea Moea o Halalelang empa bao ka ho hloleha ho boloka litaelo ba ileng ba lahleheloa ke litlhonoholofatso. E mong o tla mohopolong eo botho ba hae kerekeng bo ileng ba huloa ka lebaka la sebe. O ile a re karabo ea hae ea pele e ne e le ho utloa bohloko. O ile a utloa a ahlotsoe ke baetapele ba sa phethahalang. O ne a tseba hore boits´oaro ba hae bo ne bo fosahetse, empa o ile a ipuella ka ho supa melato le ho hloleha ha ba bang. Kamorao ho nakoana, o ile a qala ho phutholoha bophelong ba kantle ho kereke ntle le ho tlameha ho fuoa lipitso le litebello tsa ho kena lits´ebeletso tsa khumamelo le ho sebeletsa ba bang.

Sena se ile sa tsoelapele nakoana, empa a qala ho ikutloa ka matla a maholo ho haella ha Moea o Halalelang—boteng ba Molimo—bophelong ba hae. Ka phihello, o ne a tseba hore na ho joang ho ba le, letsatsi le letsatsi, boiketlo, tataiso, le boits´epo bo tsoaloang ke Moea ´me o ne a o hopotse. Ea ho qetela, o ile a etsa se neng se hlokahala bakeng sa pako le ho lokeleha hape bakeng sa kolobetso ea metsi le Moea.

Ho shebahala ho se na pheletso ho lisebelisoa tse fapaneng tseo batho ba shebang ho tsona bakeng sa tlhaloso, thabo le thuso. Ba bangata ba sheba ka nq´ane ho lets´oao. Empa ha re hloke ho ba “bana, ba isoang pele le morao, le ho isoa hohle ke moea o mong le o mong oa thuto ea tumelo [kapa feshene].” Ka ho sheba ho Molimo, re ka fumana khotso bothateng, ´me tumelo ea rona e tla tsoelapele ho hola esita le linakong tsa ho qea-qea le qholotso ea moea. Re ka fumana matla le ha re shebane le khanyetso, le ho its´eka-thajana. Re ka boelana le ho e ka bang ´nete ea kajeno. Kannete, ha ho tsela e ´ngoe e fetang eo Molimo ka bo eena a e behileng: “Sheba ho na,´me u bolokehe, lipheletsong tsohle tsa lefats´e: hobane ke Molimo, ´me haho e mong.

Ho sheba ho Molimo ho bolela hore ha se feela e ´ngoe ea lintho tse tlang pele ho rona; ho bolela, hore ke eena ea tlang pele ka ho fetisisa. Ke hopola hape kotsi eane e mpe ea Lesotho ka Phupu. A le betheng ea hae sepetlele, e mong oa baetapele ba pele ea pholohileng, ea neng a sa lumele ho Molimo pele a kena kereke, o boletse hore joale sepheeo sa hae ke ho fumana hore na ke hobaneng bophelo ba hae bo bolokehile. “Ka ho sebeletsa Molimo khafetsa ke kamoo ke tlang ho fumana karabo, haeba ke tla fumana karabo,” o boletse. Ke ne ke atisa ho nahana hore ke rata Molimo, empa joale ke mo rata kannete-nete-nete-nete. Hajoale ke eena oa pele bophelong ba ka.

Ke beha bopaki ka Ntate, le Mora, le Moea o Halalelang, bao ka kopano e phethahetseng ea lentsoe, sepheeo, le liketso e leng Molimo a le mong, moo re ka shebang ho bona bakeng sa lintho tse ntle. Ke beha bopaki ka Topollo ea Jesu Kreste, moo teng ho hlahang matla a ho fihlela ts´episo ena e ntle: “Sheba ho ´na, ´me u mamelle ho isa qetellong, `me u phele; hobane ho eena ea mamellang ho isa qetellong, ke eena eo ke tlang ho mo nea bophelo bo sa feleng.” Ka lebitso la Jesu Kreste, amen.

Lintlha

  1. See Ryan Jensen, “Survivors of Deadly Bus Crash in Lesotho Share Grief—and Faith—in Wake of Tragedy,” Church News, July 18, 2025, thechurchnews.com; Ryan Jensen, “‘God Is Still God’—Remembering the Lives Lost in Lesotho Bus Accident,” Church News, July 19, 2025, thechurchnews.com.

  2. Alma 37:47.

  3. Alma 37:44.

  4. Alma 37:46; toboketso e ekelitsoe.

  5. Bona Numere 21:5-6.

  6. Numere 21:8.

  7. Bona Alma 33:19.

  8. Alma 33:20.

  9. Alma 33:21–22. Setloholo sa Alma Nefi, ha a beha bopaki ka Mopholosi, o ekelitse, “’Me joaloka ha ba bangata ba tla sheba ho noha eo ba tla phela, esita le joaloka ha ba bangata ba tla sheba ho Mor´a Molimo ka tumelo, ba na le moea o robehileng, ba ka phela, esita le ho isa bophelong ba ne ba bosafeleng”.(Helaman 8:15).

  10. Russell M. Nelson, “Hlola Lefats´e ´Me U Fumane Phomolo,” Liahona, Pulungoana. 2022, 96.

  11. 2 Nefi 1:20.

  12. Ba-Roma 8:28.

  13. Re ka sheba ho potapota litholoana tsa ho sheba ho Molimo le ho ba le Moea oa hae ho ba le rona. Mohlala, lipatlisiso li fumane hore tsoelopele ea moea e amana le ts´ireletso khahlanong le ho sithabela maikutlo le bokhoba, le ho thusa bacha bakeng sa likamano tse phetseng hantle, mosebetsi o nang le sepheeo, le tiisetso e kholo ea maikutlo” (Cornelia Powers, “The New Spiritual Leader on Campus,” Atlantic, May 18, 2025, theatlantic.com).

    Maemo a sa feleng a ho ikutloa u le mong, ho its´eka-thajana ka maikutlo, le mats´oenyeho har’a sechaba ka kakaretso li bapisoa le mokhoa o phetseng hantle haholoanyane, matla a ’mele le a kelello, maemo a phahameng a thuto, le pono e ntle e thehiloeng tumelong har´a Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Ha se hore rona, re le batho, ha re so fihlelle liqholotso tse tloaelehileng tse teng lefats´eng. Empa, ke ka ho sheba ho Jesu Kreste, re ka hlolang.

  14. Bona Alma 37:35–37.

  15. Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 68:4.

  16. Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 6:36.

  17. Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha: Tataiso Ea Ho Etsa Liqeto (2022), 24,25.

  18. Russell M. Nelson, “Think Celestial!,” Liahona, Nov. 2023, 118; toboketso ea mathomo.

  19. Bona Johanne 1:9; Moroni 7:16; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 84:45–46; 93:2.

  20. Jakobo 4:14.

  21. Ba-Efese 4:14.

  22. Esaia 45:22

  23. Mapule Joyce Takane, in Jensen, “Survivors of Deadly Bus Crash in Lesotho Share Grief—and Faith—in Wake of Tragedy,” thechurchnews.com.

  24. Bona 1 Johanne 5:7; 3 Nefi 11:36; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane20:28; Guide to the Scriptures, “God, Godhead,” Gospel Library.

  25. 3 Nefi 15:9.