Molaetsa oa Khoeli Liahona Pulungoana 2025
E Netefalitsoe le ho Matlafatsoa ho Kreste
Linako tsa liteko ha se bopaki ba hore Morena o u lahlile. Empa ke bopaki ba hore o u rata ho lekana hore a u hloekise le ho u matlafatsa.
Bana beso ba ratehang, ke utloa lerato la Morena ha ele mona re kopana hammoho. Ke kokobetse ka ho bua le lona kajeno. Ke rapela hore Moea o tla nkela lipelong tsa lona seo Morena a batlang le se utloe, ho feta mantsoe ao ke tlang ho a bua.
Khale ke ile ka batla o ithuta physics le lipalo ha ke le sekolong se seholo. Ke ile ka ikutloa ke imetsoe. Ke ile ka qala ho utloa hore ke ne ke leka ho ithuta ntho e ka holimo ho ´na. Nako le nako ha ke ikutloa ke imeloa, ke nako eo ke neng ke utloa matla a ho leka ho tsoelapele a ntse a fokola. Ho khathala matla ha ka ho ile ha etsa hore ke ikutloe hore boiteko ba ka ha bo hlahise litholoana. Ke ile ka qala ho nahana ka ho tlohella ke etse ho hong ho bonolo.
Ke ile ka ikutloa ke fokola. Ha ke ntse ke rapela, ke ile ka utloa netefaletso ea Morena. Ke ile ka utloa mohopolong oa ka a re “kea u leka, empa ke na le uana.”
Ke ne ke sa tsebe ka nako eo seo mantsoe ao oohle a neng a se bolela. Empa ke ne ke tseba seo ke lokelang ho se etsa—ke ile ka ea mosebetsing.
Ka ho nahanisa le ho sebetsa lilemong tse latelang, ke ile ka utloisisa molaetsa ona oa khothatso mangolong a halalelang: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.”
Ke ile ka ithuta hore bothata ba ka hantle e ne ele mpho e tsoang ho Morena. O ne a nruta hore ka thuso ea hae, nka etsa lintho tse bonahalang li sa khonahale haeba ke na le tumelo ea hore a ka ba teng bakeng sa ka. Ka mpho ena, Morena o ne a sebetsa ho nteka le ho matlafatsa.
Lentsoe teko le na le tlhaloso tse ´maloa. Ho leka se seng ha se feela ho se beha tekong. Ke ho eketsa matla a sona. Ho leka leqhetsoana la ts´epe ke ho e beha tlas´a khatello. Mocheso, boima, le matla li eketsoa hofihlela boleng ba teng ba ´nete bo ntlafetse le ho sibolloa. Ts´epe ha e fokolisoe ke ho lekoa. Hantle, e ba ntho e ka ts´etjoang, ntho e matla a lekaneng ho jara meroalo e boima.
Morena o re leka ka tsela e ts´oanang ho re matlafatsa. Teko ena ha e tle ka nako e bonolo kapa ea boiketlo. E tla nakong eo re ikutloang re imetsoe ho feta kamoo re neng re nahana hore re ka jara. Morena o re ruta hore re lokela ho tsoelapele ho hola ´me re se hlole re khathala boitekong ba rona, hore re se ke ra hlola re khathala, hore re tsoelepele ho leka.
Ha re tsoelapele ka tumelo ho Jesu Kreste—le ha lintho li ka bonahala li sa khonahale ho rona ka nako eo—re ba matla moeeng. Lingoliloeng tse halalelang tsa mangolo li toboketsa ´nete ena.
Moporofeta Moroni, mohlala, o ile a leka le ho matlafatsoa ka tsela eo. O ile a phela lilemo tsa hae tsa ho qetela a le mong. O ile a ngola hore o ne a se na metsoalle, le hore ntata´e o ile a bolaoa, le hore batho ba habo ba ile ba timetsoa. O ile a tsongoa ke ba neng ba batla bophelo ba hae.
Empa Moroni ha a ka ba a nyahama. Hoena le hoo, o ile a ngola bopaki ba hae ka Jesu Kreste matlapeng bakeng sa batho bao a neng a ke ke a phela hore a tle a li bone, ho kenyeletsa litloholo tsa batho ba neng ba lakatsa ho mo bolaea. O ile a re ngolla. O ne a tseba hore ba bang ba tla nyefola mantsoe a hae. O ne a tseba hore ba bang ba tla a latola. Empa a tsoelapele ho ngola.
Tekong eo ea hae, tumelo ea Moroni e ile ea hloekisoa le ho matlafatsoa. E ile ea hloeka haholo. Mantsoe a hae a jere matla a eo ea ileng a mamella ka tumelo ho isa qetellong. Re ka utloa matla ha re bala bopaki ba hae:
“Joale ´na Moroni, ke ngola ka mokhoa oo ke bonang o lokile; ´me ke ngolla bana beso, Balamane; ´me ke lakatsa ha ba ka tseba hore lilemo tse fetang makholo a mane le mashome a mabeli li fetile ho ile hoa bonts´oa lets´oao la ho tla ha Kreste.
“´Me ke tiisa lingoliloeng tsena, kamor ´a hore ke bue mantsoe a ´maloa ka tsela ea khothatso ho lona.
“Bonang, ke le khothatsa hore ha le bala lintho tsena, haeba e le bohlale ho Molimo hore le tle le li bale, hore le tle le hopole hore ´na Morena o mohau joang ho bana ba batho, ho tloha popong ea Adama esita le ho ea tlase ho fihlela nako eo le tlang ho fumana lintho tsena, ´me le li nahanisise ka lipelong tsa lona.
´Me ha le fumana lintho tsena, ke le khothaletsa hore le ke le botse Molimo, Ntate oa Bosafeleng, ka lebitso la Kreste, haeba lintho tsena ha se ´nete; ´me haeba le tla botsa ka pelo e tiileng, ka boikemisetso ba ´nete, le na le tumelo ho Kreste, o tla bonts´a ´nete ea tsona ho lona, ka matla a Moea o Halalelang.
“`Me ka matla a Moea o Halalelang le ka tseba `nete ea lintho tsohle.”
Bopaki ba Moroni bo ile ba matlafatsoa bonngoeng ba hae, empa bo khanya ka leseli ho tataisa meloko eohle ho batla Ntate ea Maholimong le Mopholosi Jesu Kreste.
Moporofeta e mong oa Buka ea Mormone, Jakobo, o ile a lekoa le ho matlafatsoa ha e sa le ngoana ea ileng a ba le mahlomola le tlhoriso e ngata. Empa ntata´e, Lehi, o ile a mo ruta hore Molimo o tla mo hlohonolofatsa mathateng a hae.
“´Me bona, bonyenyaneng ba hau u bile le mathata a mangata le tlhoriso, ka lebaka la ho hloka boits´oaro ha bana beno.
Leha ho le joalo, Jakobo, letsibolo la ka lefelleng, u tseba boholo ba Molimo; ´me o tla hlohonolofatsa lits´otleho tsa hau molemong oa hau.
Ka baka leo, moea oa hau o tla hlohonolofatsoa, ´me o tla lula ka polokeho le moholoane oa hau, Nefi; ´me matsatsi a hau u tla a qeta bosebeletsing ba Molimo. Ka baka leo, kea tseba hore u lopollotsoe, ka lebaka la ho loka ha Molopolli oa hau; hobane uena u bone hore bophethehong ba nako o tla tlisa poloko ho batho.
Moporofeta Joseph Smith o ile a ba le teko le matlafalo e joalo ha a le chankeneng ea Liberty. Bolibeng ba mahloko a hae, Moporofeta Joseph Smith o ile a bokolla:
“Oho Molimo, u hokae na? …
“Ke ho fihlela neng u tlang ho ts´oara letsoho la hau?”
Morena o ile a bona ts´otlehong ea Joseph khahlamelo e halalelang mamellong ea hae e ntle ha a ne a araba:
Mora oa ka, khotso e be le moea oa hau; mathata a hau le mahlomola a hau e tla ba a nakoana feela;
´Me joale, ha u ka mamella hantle, Molimo o tla u phhamisetsa holimo; u tla hlola holim´a lira tsa hau.”
Mohlala o moholo oa teko le matlafalo o etsahetse ka Topollo ea Mopholosi. O ile a inkela libe tsa lefats´e. O ile a jara mahloko le mahlomola. O ile a noa senoelong se babang. O ile a bonts´a tumelo nakong eo eohle.
Ka lebaka la Topollo ea hae e halalelang, Jesu Kreste a ka re matlafatsa nakong ea mathata. O tseba ho re thusa hobane o utloile liqholotso tsohle tseo re tla ba le tsona bophelong. “′Me o tla inkela bohloko le bokulo ba batho ba hae… hore a tle a tsebe ho latela nama na ke joang a ka thusang batho ba hae ho latela mefokolo ea bona.”
Re ithuta hore Ts´imong ea Gethsemane, Mopholosi o ile a kopa Ntate na senoelo seo se ka mo feta—empa a boela hape a re haeba e ne e le thato ea Ntata´e, Mopholosi o tla e etsa. Ka mantsoe a mang, Mopholosi o ile a amohela ho qea-qea le ho hloka botsitso, empa o ne a e-na le tumelo ho Ntate ea Maholimong.
Bana beso, liteko le matlafalo ea lona li ka ´na tsa se ke tsa shebahala joaloka tsa Moroni kapa Jakobo kapa Moporofeta Joseph Smith. Empa li tla tla. Li tla tla li thotse, ka mathata a bophelo ba lelapa. Li ka tla ka bokulo kapa masoabi kapa bohloko kapa ho hlora.
Ke beha bopaki hore linako tsena hase bopaki ba hore Morena o u lahlile. Empa ke bopaki ba hore o u rata ho lekana hore a u hloekise le ho u matlafatsa. O u etsa matla ho lekana hore u jare boima ba bophelo bo sa feleng.
Haeba re lula re ts´epahala mosebetsing oa rona, Morena o tla re hloekisa. O tla re matlafatsa. ´Me ka letsatsi le leng re tla hetla morao re bone hore mathata ao e ne e le bopaki ba lerato la hae. Re tla bona hore o ne a re ôtla hore re tsebe ho ema le eena khanyeng. Joaloka ha Moapostola oa Morena, Paulosi a boletse qetellong ea bophelo ba hae, “Ke loanne ntoa e molemo, ke qetile sebaka, ke bolokile tumelo.””
Ke paka hore Molimo oa u tseba. O tseba mathata ao u tobanang le oona. O na le uena. A ke ke a u lahla. Ke paka hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo. Ke matla a rona, Molopolli oa rona, ts´epo ea rona. Ha re mo ts´epa, o tla etsa hore matla a rona a moea a lekana le mathata a mang le a mang ao re lokelang ho a jara. Ke pakahatsa joalo ka lebitso la Jesu Kreste, amen.
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly Liahona Message, November 2025. South Sotho. 19603