Molaetsa wa Ketelo Thuto, Phupu 2017
Hore ba be bongweng
Ka thapedi bala sengolwa sena mme o batle tshusumetso ya ho ka tseba hore o ka abelana ka eng ho tswa ho sona. Ho utlwisisa morero wa Mokgatlo wa Thekolohelo ho ka thusa boitokisetso ba baradi ba Modimo bakeng la ditlhohonolofatso tsa bophelo ba bosafeleng jwang?
Tumelo, Lelapa, Thekolohelo
“Jesu o fihleletse kamano e phethahetseng le Ntate ka ho Ikoba, bobedi mmele le moya, thatong ya Ntate,” ke se rutuweng ke Moholo D Todd Christofferson wa Lekhotla la Barumuwa ba Leshome le Metso e Mmedi.
“… annete re keke ra ba bongweng le Modimo le Motlotsuwa wa Hae ho filha re etsa thato ya Bona, le di thahasello tsa Bona eba takatso e kholo ho rona. Boikokobetso bo tjena ha bo fihlellwe ka letsatsi le le leng, empa ka Moya o Halalelang, Morena o tla re ruta ha feela re ratile, e tle e re ha nako e ntse eeya, ka bonnete ho tle hothwe, O ho rona jwalo ka Ntate a le ho Ena.”1
Linda K. Burton, Mookamedi wa Mokhatlo wa Thekolohelo, o ile a ruta hore naa bongwe bona bo fihlellwa jwang: “Ho etsa le ho boloka dilekane ke ketso-pontsho ya boitlamo hore re tswane le Mmoloki”. Sebatlehang ke ho leka ka mokgwa oo o fumanehang mantssweng a mmalwa a sefela: ke tla ya moo o batlang ke ye teng. … Ke tla bua seo o batlang ke sebue. … Ketla ba seo o batlang ke be sona.’”2
Moholo Christofferson le ena o ile a re hopotsa hore “ha re ntse re leka ka tsatsi le leng le le leng le ka nako tsohle ho latela tsela ya Motlotsuwa, boemo-tiyo ba moya wa rona boya ipolela, ntoa e ka hare ho rona eya kokobela, le diteko di tlohela ho re khathatsa.”3
Neil F. Marriott, Moeletsi wa Bobedi wa Bookamedi ba Kakaretso ba Barwetsana, o beha bopaki ka dihlohonolofatso tseo re ka di fumang ha re leka ka matla ho ipeha thatong ya Modimo: “Ke ne ke lwantshana le ho tebela ditakatso tsa dintho tsa botho tsa hore ntho e nngwe le e nngwe e be ka moo ke ratang, qetellong ka lemoha hore tsela tsaka dia fokola, ha di na nhla, ebile di boemo bo faatshe papisong le tsa Motlotsuwa Jesu. Tsela ya Hae ke tsela e isang thabong bophelong bona, le e isang bophelong bo sa feleng lefatsheng le tlang.”4 Ha re leke ka matla le ka boikokobetso ho tshwana le Ntata rona ya Mahodimong le Mora wa Hae Motlotsuwa Jesu.
Mangolo a Halalelang a Tlatsetso le Thlahiso leseding
Johanne 17:20 (le)21; Baefese 4:13; Dithuto le Dilekane 38:27; reliefsociety.lds.org
© 2016 by Intellectual Reserve, Inc. All rigths reserved. e hatisitswe USA Tumello ya Sekgowa: 6/17. Tumello ya Phetolelo: 6/17. Phetolelo ya Visiting Teaching Message, July 2017. Sotho. 12872 739