2017
Ha Motswalle Waka a Hlokahala
Phupu 2017


Batjha

Ha Motswalle Waka a Hlokahala

Mongodi o dula Utah, USA.

Lemong sa pele sebakeng sa boithuto sa bana se phahameng, ke ne kena le motswalle ya ileng a tswa lethopa bokong mme a hlokahala tsatsi le latelang. Le ha ke ne ke le setho sa Kereke, ke ile ka thatafallwa. Bophelo baka bohle ke ile ka rutwa hore ke tshepele ho Ntata rona ya Mahodimong le ho Mmoloki ho tsohle empa ha ke a ka ka nahana hore ketla kopana le se kang sena.

Ke ile ka lla nako e telele, ke leka hoka fumana hohong—le hohong—ho ka ntlisetsang kgotso. Bosiu bo latelang ka mora hore morwetsana enwa a hlokahale, ke ile ka fetohela lengolong la difela Ha ntse ke phehla maqephe a yona, ka fihla ho “Lala ho Nna; shwalane e wele” (Difela, sa 165). Temana ya boraro e ile ya nkama:

Lala ho nna; shwalane e wele,

Bosiu bo tlo ba bolelele

Ha nkeke ka bua le wena,

Le ho bona lebone lame ho wena.

Ke tshaba lefifi la lefatshe,

Lala lapeng ho nna.

Oho Moloki, dula le nna bosiung bona;

Bona shwalane e wele.

Temana ena e ile ya ntlatsa ka kgotso haholo. Ke ka hoo ke ileng ka tseba ka nako eo hore Mmoloki a keke a dula le nna feela busiung boo, empa one a tseba le hore ke ikutlwa jwang. Kea tseba hore lerato leo ke le utwileng sefeleng seo, ha le ya nthusa ho qhoba bosui bono feela empa le ho mphetisa maimeng amang ao ke ileng ka a mamella.