2017
Moputso wa ho mamella ka hloko
Phupu 2017


Molaetsa wa Bo-okamedi ba Pele

Moputso wa ho mamella ka hloko

Ha ke sale mohlankana, ke ile kaba tshebeletsong ya Kereke le moeletsi wa bookameding ba sedika ya bohlale O ne a leka ho nthuta ka nako tsohle. Ke hopola keletso eo a kileng a nneha yona ka tsatsi le leng: “Ha o kopana le motho, o ba tshware eka ba kene kgathatsong e kholo, bonyane o tla be o nepile ka seo.” Ke ne ke nahana hore ke motho ya a bonyatso Joale, ka morao ho dilemo tse 50, ke bona kamoo a neng a utlwisisa lefatshe le bophelo ka teng.

Kaofela ha rona re na le maima ao re tlamehang ho shebana—le ona, maima a thata ka nako tseding. Rea tseba hore Morena o re dumella ho kena hara maima, hore re kgone ho bentshwa le hore re phethahale hore re tle re be le ena ka bosafeleng

Morena o rutile Mmoleledi Joseph Smith Ditlamong tsa Liberty hore moputso wa ho mamella maima a hae ho tla mothusa ho mo kokotetsella bophelo bo sa feleng

Mora wa ka, kgotso e be le moya wa hao mathata a hao le mahlomola a hao e tla ba a nakonyana feela;

Ebile ha o ka a mamella hantle, Modimo o tla ho pahamisetsa hodimo; otla ba le hlolo hodimo ha dira tsa hao” (D&C 121:7–8).

Ntho tse ngata di re utlwisa bohloko bophelong, hoo e kang hoba boima hoba le mamello. Hoka boheha jwalo lelapeng le itshetlehileng dijalong ha ho se pula. Ba ka ipotsa hore na, “Re ka mamella ho fihla neng?” Ho ka shebahala ho le jwalo motjheng shebaneng le ho ikgatholosa dikgohola tsa ditshila le diteko. Ho ka shebahala ho le jwalo mohlankaneng ya maqakabetsing a ho fumana thuto le borupelli boo a bo hlokang ho tshehetsa mohatsae le lelapa la hae. Ho ka shebahala ho le jwalo mothong eo a sa khoneng ho fumana mosebetsi kampo eo a lahlehetsweng ke mosebetsi ha dikhwebo di ba kwalla mamati a tsona. Ho ka shebahala hole jwalo ho bao ba shebaneng le tahlehelo ya maemo a bophelo le ona matla, eleng seo se ka etsahalang disatloha, kampo nako ha e ntse eeya bophelong, sena seka etsahalla bona kampo bao ba ba ratang.

Empa Modimo ya lerato ha a beha diteko tsena pela rona hore feela a bone hore naa re ka mamella mathata, empa molemong wa ho bona hore naa reka di mamella ka hloko mme re bentshwe.

Baokamedi ba Pele ba rutile Moholo Parley P. Pratt (1807–57) ha a ne a sa tswa bitswa jwalo ka setho sa Lekhotla la Barumuwa ba leshome le metso e Mmedi: “o se o kenetse moralo o hlokang kelohloko yohle ya hao; … hore obe lere le bentshitsweng. … O tla tlameha ho mamella ho sehleha, ho sebetsa ka thata, le dihloko tsa mefuta e fapaneng, hore otle o bentshehe hantle. … Ntate wa hao ya Mahodimong wa se hloka sena ho wena; Tshimo ke ya hae; mosebetsi ke wa hae; O tla o khothatsa … A o phahamisetse hodimo.”1

Palong ya Baheberu, Paulos o bua ka ditholwana tsa ho mamella ka hloko: “Kgalemelo nakong eo e etswang ha e thabise, e bohlokohloko: empa ka morao ho moo e tlisa ditholwana tsa khotso, letsa ho loka; ho bao e ba thapisitseng” (Baheberu 12:11).

Maima le mathata a rona a re neha monyetla wa ho ithuta le ho hola, ebile a ka nna a fetola le botho ba rona ha re ka fetohela ho Mmoloki ka boinehelo ba rona bohle, meya ya rona e ka bentshwa ha re mamella.

Jwale he, ntho ya pele eo re tlamehang ho e hopola ke ho rapela ka mehla (sheba D&C 10:5; Alma 34:19–29).

Ntho ya bobedi ke ho keka ka matla ho tswela pele o boloka ditaelo ho sa natswe se ho emeng khahlanong, le diteko, kampo mokutu o re potapotileng (Mosiah 4:30).

Ntho ya boraro ya bohlokwahlokwa ke ho sebeletsa Morena (sheba D&C 4:2; 20:31).

Tshebeletsong ya Mong’ e ka kgona re mo rate le ho Mo tseba. Ha re ka phehella thapelong le ho inehela tshebeletsong ena ka bonnete, re ka qala ho hlokomela seatla sa Mmoloki le tshusumetso ya Moya O Halalelang maphelong a rona. Nakong e fitileng, bongata ba rona re ile ra kena tshebeletsong ena mme ra utlwa kamano ena. Ha o ka nahanela morao nakong eo, otla hopola hore ho ile haba le diphetoho ho wena. Ho lekeha ho etseng bobe ho ile ha fokotseha. Takatso ya ho etsa botle e ile ya oketsea. Bao baneng ba o tseba ebile ba o rata, mohlomong ba ile bare: “o se ona le mamello ebile o pelo nolo. Ha o sa shebahala o le motho ya tshwanang”

Ha o sa le motho ya tshwanang. O fetotswe ke Lereko la Motlotsuwa Jesu hoba o ile wa itshetleha ho ena maimeng a hao.

Kea ho tshepisa hore Morena o tla ho thusa maimeng a hao ha feela o Mo qamaka ebile o Mo sebeletsa, ka hoo moya wa hao otla bentsheha qetellong. Ke o phephetsa hore o behe tshepo ya hao ho ena maimeng a hao ohle.

Kea tseba hore Modimo Ntate wa phela mme o araba le ho utlwa thapelo e nngwe le e nngwe ya rona. Kea tseba hore Mora wa hae Jesu Motlotsuwa o lefeletse dibe tsohle tsa rona mme o batla hore re tle ho Ena. Kea tseba hore Ntate le Mora ba re behile leihlo mme ba re lokiseditse le tsela ya ho mamella ka hloko hore re khutlele hae hape.

Dingolwa

  1. Pelelo ya bophelo ba Parley P. Pratt, le Parley P. Pratt Jr. (1979), 120.