Molaetsa oa khoeli le khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Pherekhong 2026
Tsamaea le ´Na
Mohoo oa Bacha oa 2026 o tla u thusa ho u hopotsa hore ha u lula haufi le Molimo, o tla tsamaea le uena—kamehla.
Ho tloha ka ho le lets´ehali ho ea ka ho le letona: Tamara W. Runia, Moeletsi oa Pele; Emily Belle Freeman, Moetapele; le Andrea Muñoz Spannaus, Moeletsi oa Bobeli
Ha O Mong
Na u kile ua koptjoa ho etsa ntho eo u neng u sa nahane hore u ka e etsa? Mohlomong u ne u sa ikutloe u le matla ho lekana kapa u se bohlale ho lekana, kapa u ts´oenyehile ka hore ba bang ba tla u ts´eha le ho u nyatsa. Haeba u kile ua ikutloa ka tsela ena, ha u mong.
Likete tsa lilemo tse fetileng monna o ne a le teng ea neng a bitsoa Henoke. Molimo o ile a kopa Henoke hore a bolelle batho pako—ba bang ba batho ba khopo ka ho fetisisa ba kileng ba bonoa lefats´eng.
Henoke o ne a sa nahane hore a ka etsa seo. O ile a bolella Molimo hore o sa le monyenyane haholo, ha ho motho ea mo ratang, ’me o “lieha ho bua” (bona Moshe 6:31).
Empa Molimo o ile etsa ts´episo ho Henoke. O ile a bolella monna ea ts´ohileng, “Tsamaea, u etse kamoo ke u laetseng ka teng,” ´me “lithaba li tla sutha pel´a hau, le linoka li tla sokoloha tsela ea tsona; ´me u lule ho ´na, le ´na ho uena; ka baka leo tsamaea le `na” (Moshe 6:32, 34).
“Tsamaea le ´Na” Ke memo e bonolo, e ntle hakakang.
Molimo o ile a ts´episa Henoke hore haeba a ka ba le sebete sa ho qala, joale Molimo o tla ba le eena mohatong o mong le o mong tseleng eo a e tsamaeang. Molimo o ne a tla etsa hore Henoke a be matla ´me a mo matlafatse hore a etse ho eketsehileng ´me a mo thuse ho feta kamoo a neng a ka nahana ka teng.
Le leng la mabitso a mangata a Mopholosi ke Emmanuele, kapa “Molimo o na le rona” (Mattheu 1:23). lebitsong la Morena le tlholehong ea hae ho tsamaea le rona. Khetho ke ea rona—na le rona re tla tsamaea le Eena?
Matsatsing ana, re sheba ho Henoke e le monna oa tumelo le moporofeta le moetapele e moholo. Empa pele ho moporofeta Henoke, ho ne ho e-na le Henoke e monyenyane ea neng a belaela empa a ntse a khetha ho tsamaea le Molimo.
Ha bophelo bo le thata, ha u ikutloa eka ha ua lekana, hopola ts´episo ea Morena ho Henoke, le ho uena. O tla tsamaea le uena. A ke ke a u tlohela u le mong, leha e le ka mohato o le mong feela.
Emmanuele. Molimo o na le rona Molimo o na le uena!
Boetapele Bo Akaretsang Ba Baroetsana
Ho tloha ka ho le lets´ehali ho ea ka ho le letona: David J. Wunderli, Moeletsi oa Pele; Timothy L. Farnes, Moetapele; le Sean R. Dixon, Moeletsi oa Bobeli
Ka Thuso ea Hae, U ka Etsa Lintho Tsohle
Joaloka lona bahlankana, Morena o ile a kopa Henoke ho phethahatsa boikarabelo ba bohlokoa ba boprista. Mosebetsi oa hae e ne e le ho bolela pako ho batho ba khopo. Henoke o ile a bonts´a lipelaelo tsa hae. “[Ke] moshemane feela,” a rialo. “Batho bohle ba ntlhoile … ke na le ho bua butle; ke baka leo, na ke mohlanka oa hau?” (Moshe 6:31).
Morena o ile a arabela ka matla le khothatso. “Tsamaea ´me u etse kamoo ke u laetseng kateng. … Bula molomo oa hau, ´me o tla tlala … . Moea oa ka o holim´a hau … ; lithaba li tla sutha pela hau … ; kahoo tsamaea le ’na” (Moshe 6:32, 34).
Henoke o ithutile hore ha Morena a re fa mosebetsi, ha re tobane le oona re le bang. Ha re etsa le ho boloka lilekane le Kreste, re tsamaea le eena le ho arolelana matla a hae—re fetoha lisebelisoa matsohong a Hae.
Joalo ka Henoke, u na le karolo ea bohlokoa: ho bosebeletsi, ho sebeletsa tempeleng, ho fana ka selallo, ho ithuta mangolo a halalelang, ho phela ka litekanyetso tsa evangeli, pako, ho itokisetsa boromuoa lichabeng, le tse ngata. Ho ka utloahala ho le boima haholo. U ka ikutloa u fokola. Ho LOKILE. Ha se taba ea ho e etsa u le mong. Ke ho khetha kajeno—letsatsi lena le letsatsi le leng le le leng—ho tsamaea le Molimo.
Ka thuso ea hae, u ka etsa lintho tsohle. O tla u matlafatsa, a u ts´oarele, ´me a u nolofalletse ho feta matla a hau a tlhaho. Oa u rata! Joaloka Moetapele ea Akaretsang oa Bahlankana, rea le rata ´me re labalabela ho tsamaea le lona ha re hlahloba mohoo o susumetsang oa 2026: “Tsamaea le ´Na.”
Boetapele Bo Akaretsang Ba Baroetsana
© 2026 by Intellectual Reserve, Inc.All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Khoeli le Khoeli Monthly For the Strength of Youth Message, Pherekhong 2026.. South Sotho. 19934 739