Liahona
Ba Nang le Kabelo ea Tlholeho ea Bomolimo
Pherekhong 2026 Liahona


“Ba Nang le Kabelo ea Tlholeho eaBomolimo,” Liahona, Pherekhong 2026

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Liahona Pherekhong 2026

Ba Nang le Kabelo ea Tlholeho ea Bomolimo

(2 Petrose1:4)

Tsebo ka moralo oa poloko e fana ka pono e bohlokoa haholo, e matlafatsa thabo ea rona, ´me e re matlafatsa ho hlola mathata le liteko tsa rona.

sets´oants´o sa Kreste a bitsa barutuoa ba babeli

Kreste O Bitsa Barutuoa Ba Babeli, ka Gary E. Smith

Moapostola Petrose o re hopotsa hore bakeng sa barutuoa ba Jesu Kreste, “matla a hae a bomolimo a re neile lintho tsohle tse amang bophelo le bohalaleli, ka tsebo ea eena ea re bitsitseng khanyeng le botle;

“Ka tsena o re neile lintho tse kholohali le lits´episo tsa bohlokoa: hore ka tsona le ke le be le kabelo ea tlholeho ea bomolimo” (2 Petrose 1:3–4; ho totobatsa ho ekelitsoe).

Moralo oa Ntate ea Maholimong o hlalosa linnete tse kholo le tsa bohlokoa le lits´episo tse hlalosang botho ba rona le morero oa bosafeleng.

Joaloka ha ho hlalositsoe ka ho “Lelapa: Phatlalatso ho Lefats´e”:

“Batho bohle—e motona le e mots´ehali—ba bopiloe ka sets´oants´o sa Molimo. E mong le e mong ke mora kapa morali ea ratoang oa moea oa batsoali ba maholimong, ´me, ka hona, e mong le e mong o na le sebopeho sa bomolimo le pheletso. …

“Sebakeng sa pele ho bophelo ba nama, bara le barali ba moea ba ne ba tseba le ho rapela Molimo e le Ntat’a bona oa Bosafeleng ´me ba amohela moralo oa Hae oo ka oona bana ba Hae ba neng ba ka fumana ´mele oa nama le ho fumana phihlelo ea lefats´eng ho hatela pele ho ea phethehong ´me qetellong ba hlokomele pheletso ea bona e halalelang e le majalefa a bophelo bo sa feleng.”

Ntate ea Maholimong o ts´episa bana ba Hae hore ha feela ba latela melaoana ea morero oa Hae le mohlala oa Mora oa Hae ea Ratoang, ba boloka litaelo, ´me ba mamella ka tumelo ho isa qetellong, ba “tla ba le bophelo bo sa feleleng, e leng mpho e ka holimo-limo ho limpho tsohle tsa Molimo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 14:7).

Mosebetsi oa Molimo o shebane le tsoelopele le phahamiso ea bana ba Hae. Karolo e ´ngoe le e ´ngoe ea morero oa Hae e reretsoe ho hlohonolofatsa bara le barali ba Hae hobane “bohlokoa ba meea bo boholo mahlong a [Hae].” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 18:10).

Moralo oa Ntate

Lekhotleng la pele ho bophelo ba nama, Ntate ea Maholimong o ile a hlahisa ho bana ba Hae ba moea morero oa Hae oa tsoelopele ea bona ea bosafeleng le thabo ea bona.

“Re tla etsa lefats´e leo ho lona bana ba ka lulang;

“´Me re tla ba leka ka hona, ho bona hore na ba tla etsa lintho tsohle tseo Morena Molimo oa bona a tlang ho ba laela tsona;

“´Me ba bolokang boemo ba bona ba pele ba tla ekeletsoa; empa ba sa bolokeng boemo ba bona ba pele ba ke ke ba fumana khanya ´musong o ts´oanang le ba bolokang boemo ba bona ba pele; ´me ba bolokang boemo ba bona ba bobeli ba tla fuoa khanya e eketsoang hloohong tsa bona ka mehla le mehla.

“´Me Morena a re: Ke tla roma mang? ´Me e mong a araba joaloka Mor´a Motho: Ke ´na enoa, roma ´na. ´Me e mong a araba, a re: Ke ´na enoa, roma ´na. ´Me Morena a re: Ke tla roma oa pele.

“´Me oa bobeli o ile a halefa, ´me ha a ka a boloka boemo ba hae ba pele; ´me ka letsatsi leo, ba bangata ba ile ba mo latela.” (Abrahama 3:24–28).

Hlokomela hore moralo o le mong feela o ile oa hlahisoa lekhotleng la pele ho bophelo ba nama—moralo oa Ntate. Ntat’a rona ea Maholimong ha a ka a botsa potso e reng, “Re tla etsa joang?” Ha a ka a batla maikutlo, ho kopa likhothaletso, kapa ho kopa litlhahiso. Ho e-na le hoo, o ile a hlahisa lintlha tsa motheo tsa moralo oa Hae ´me a botsa, “Ke tla roma mang?” ´Moko-taba oa potso ea Hae o ne o tobane le hore na ke mang ea lokelang ho romeloa ho phethahatsa lipehelo le maemo a moralo oa Hae.

Litlamorao tsa bofetoheli ba mohanyetsi le tsona li hlalositsoe ka mangolong.

“Ka lebaka leo, hobane Satane a ile a koeneha khahlanong le ´na, a batla ho senya tokoloho ea motho ea ho ikhethela, eo ´na … ke mo fileng eona, hape a batla hore ke mo fe matla a ka … , ´na ke entse hore a lelekoe;

“´Me o ile a fetoha Satane, … diabolosi, ntat´a mashano ’ohle, ho thetsa le ho foufatsa batho, le ho ba isa litlamong ka thato ea hae, bohle ba sa batleng ho mamela lentsoe la ka” (Moshe 4: 3– 4; toboketso e ekelitsoe).

Lucifere ha a ka a hlahisa moralo o ileng oa khethoa ke bongata ba ba neng ba le teng kopanong ea pele ho lefats´e. Ha se motho ea utloeloang bohloko ea ileng a lahleheloa ke likhetho. O ile a koeneha! Boikhohomoso, boikakaso, le boithati li ile tsa susumetsa bofetoheli ba hae khahlanong le morero oa Ntate.

Moralo oa Ntate le Evangeli ea Mopholosi

Moraloo oona o hlalosa mesebetsi ea Ntate le Mora e etsang hore batho bohle ba fumane mahlohonolo a bophelo bo sa feleng.

Evangeli ea Jesu Kreste ke tsela eo re ka amohelang litlhohonolofatso tse ts´episitsoeng moralong oa Molimo, e leng thuto ea tumelo, metheo, lits´ebeletso, le likano tseo banna le basali ba lokelang ho li lumela le ho li latela. “Ha ho lebitso le leng le fanoeng tlas’a leholimo ntle le hore e be Jesu Kreste enoa … ke ka eena batho ba ka pholosoang” (2 Nefi 25:20). Ruri, Morena Jesu Kreste ke“tsela, le ´nete, le bophelo: ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka [Eena]” (Johanne 14:6; totobatso e ekelitsoe).

Mookameli Russell M. Nelson o hlalositse:

“Moralo o ne o hloka popo, ´me ka nqa e ´ngoe, eona e ne e hloka Ho Oa le Topollo ka bobeli. Tsena ke likarolo tse tharo tsa mantlha tsa moralo. Ho boptjoa ha polanete ea paradeise ho tsoa ho Molimo. Bophelo ba nama le lefu bo ile ba kena lefats’eng ka lebaka la Ho Oa ha Adama [bona 2 Nefi 2:25; Moshe 6:48]. Bophelo ba ho se shoe le monyetla oa bophelo bo sa feleng bo ile tsa fanoa ka Topollo ea Jesu Kreste [bona 2 Nefi 2:21–28]. …

“… Re tla lefats ´eng ka nako e khuts´oane, re mamella liteko le liqholotso tsa rona, ´me re itokisetsa ho ea pele le holimo ho khutlela hae ka khanya [bona Pesaleme ea 116:15; Alma 42:8]. Menahano le liketso tsa rona ha re ntse re le [bophelong ba nama] ka sebele li tla ba le morero ho feta haeba re utloisisa moralo oa Molimo ´me re leboha le ho mamela litaelo tsa Hae [bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 59:20–21].”

Lihlooho tsa Moralo ka Bukeng ea Mormone

Re ithuta linnete tsa bohlokoa ka ho tseba le ho ithuta lihlooho tse ngata tse fapaneng tsa moralo oa Ntate Bukeng ea Mormone: Testamente e ´Ngoe ea Jesu Kreste. Mohlala, nahana ka mehlala e latelang e khethiloeng ea lihlooho

“Moralo oa mohau oa ´Mopi ea Moholo” (2 Nefi 9:6).

“Moralo oa Molimo oa rona” (2 Nefi 9:13).

“Moralo oa poloko” (Jarome 1:2; Alma 24:14).

“Moralo oa topollo” (Alma 12:25, 26, 30, 32, 33; 42:11, 13).

“Moralo oa tsosoloso” (Alma 41:2).

“Moralo oa thabo” (Alma 42:16).

“Moralo o moholo oa mohau” (Alma 42:31).

E ´ngoe le e ´ngoe ea lihlooho tsena e re thusa ho utloisisa ka ho hlaka lits´episo tsa bohlokoa tsa moralo oa Ntate le ho ntlafatsa pono ea rona mabapi le merero le moelelo oa bophelo ba rona ba nama.

Sa bohlokoa, sehlooho se sebelisoang khafetsa sa moralo oa Molimo Bukeng ea Mormone se tsepamisitse maikutlo holim´a topollo e entsoeng hore e khonehe ka Tefo ea Jesu Kreste.

Alma o ile a phatlalatsa hore, “Haeba e ne e se ka moralo oa topollo, o neng o behiloe ho tloha motheong oa lefats´e, ho ka be ho se na tsoho ea bafu; empa ho ne ho e-na le moralo oa topollo o behiloeng, o tlang ho phethahatsa tsoho ea bafu” (Alma 12:25).

O ile a boela a eletsa, “Qala ho lumela ho Mora oa Molimo, hore o tla tla ho lopolla batho ba hae, le hore o tla utloa bohloko le ho shoa ho koahela libe tsa bona, le hore o tla tsoha bafung, e leng se tlang ho phethahatsa tsoho, hore batho bohle ba tle ba eme ka pele ho eena, ho ahloloa ka letsatsi la ho qetela le la kahlolo, ho latela mesebetsi ea bona.” (Alma 33:22).

Tsela E Lokisitsoe

Moea oa rona o lokela ho tlala ka teboho ha re nahana ka moralo o moholo oa Molimo oa poloko, topollo, tsosoloso, mohau, le thabo. Tsebo ka moralo oa hae e fana ka pono e bohlokoa haholo, e ruisa thabo ea rona, ´me e re matlafatsa ho hlola mathata le liteko tsa rona.

Ntate ea Maholimong o labalabela hore re khutlele hae ho eena. O mema le ho ts´episa mahlohonolo, empa ha a ka ke a re qobella, ho re hatella, kapa ho re tlamella ho sebelisa mokhoa oo a re fileng oona oa boits´oaro ba ho ikhethela. Re tlameha ho nka khato le ho khetha ho khutlela ho eena ka ho latela mohlala oa Mora oa Hae ea Ratoang.

sets´oants´o sa letsoho la ngoana le nanabela letsoho la Jesu Kreste

His Hand Is Stretched Out Still (Letsoho La Hae Le Sa Ntse Le Otlolohile), ka Elizabeth Thayer

Tsela e lokisitsoe, ´me ha re ka sheba re ka phela ka ho sa feleng” (Alma 37:46; totobatso e ekelitsoe).

Ke paka ka thabo hore Ntate ea Maholimong ke mongoli oa moralo oa bomolimo bakeng sa bana ba Hae. Jesu Kreste ke Molopolli le Mopholosi. ´Me joaloka e mong oa Baapostola ba Morena ba mehla ea kajeno, ke paka hore ruri ke “eena tsela, ´nete le bophelo” (Johanne 14:6; totobatso e ekelitsoe).

Lintlha

  1. Lelapa: Phatlalatso ho Lefats´e,” Pokello ea Libuka ea Evangeli.

  2. Russell M. Nelson, “The Creation,” Ensign, Mots´anong 2000, 84, 86.

  3. Bakeng sa hlahlobo e akaretsang ea lihlooho tse ngata tsa moralo oa Molimo tse fumanoang ka Bukeng ea Mormone, bona Noel B. Reynolds, “The Plan of Salvation and the Book of Mormon,” Religious Educator, vol. 21, no. 1 (2020), 31–53.