Molaetsa oa Khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Ts´itoe 2025
Ke eng eo re e tsebang ka balisa Keresemeseng ea pele?
Balisa, ka Brian Call
Re tseba lintho tse ´maloa ka balisa Keresemeseng ea pele.
Ba ne ba le haufi le Bethlehema. Balisa ba ne ba le “naheng e ts´oanang” le moo tsoalo ea Kreste e etsahetseng teng (Luka 2:8). ´Me ba ile ba khona ho fihla Bethlehema ka maoto ha a ntse a le moo (bona Luka 2:15–16).
Ba ne ba etsa mosebetsi oa bona. Balisa bao ba ne ba le “meraka, ba lisitse mehlape ea bona bosiu” (Luka 2:8). E ne e le balisa ba molemo ´me ba ts´epahalang, joaloka Mopholosi—Molisaea Molemo (bona Johanne 10:11, 14).
Ba ne ba tseba boporofeta ba Messiah. Ho bonahala ba ne ba tseba seo lengeloi le neng le bua ka sona ha le ne le ba tsebisa ka tsoalo ea “Kreste Morena” (Luka 2:11), Messiah eo ho ileng ha porofetoa ka eena khale.
Ba ne ba na le cheseho e kholo. Ha lengeloi le ba bolella ka “lesea … le robetseng ka sejelong (Luka 2:12), ba ile ba tsamaea ka potlako ho ea le bona (Luka 2:12.
Ba ile ba arolelana litaba tse molemo. Ba ile “ba tsebahatsa mose” seo ba se utloileng le seo ba se boneng malebana le molaetsa oa lengeloi ka tsoalo ea Kreste (Luka 2:17).
Ba ile ba leboha le ho rorisa Molimo. Kamorao ho tsena tsohle, ba ile ba “khutla, ba tlotla le ho rorisa Molimo ka lintho tsohle tseo ba li boneng le tseo ba li utloileng” (Luka 2:20).
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly For the Strength of Youth Message, Ts´itoe 2025. South Sotho. 19617 739