“Morero oa Molimo bakeng sa Lelapa la Bosafeleng,” Liahona, Ts´itoe 2025.
Molaetsa oa Khoeli Liahona Ts´itoe 2025
Morero oa Molimo bakeng sa Lelapa la Bosafeleng
Malapa a ananelang morero oa Molimo, a rata joaloka ha Mophololi a ne a rata, ´me a hlompha lilekane tsa ´ona, ka letsatsi le leng a tla rua “litlhohonolofatso tsa bophelo bo sa feleng le nyakallo e feletseng.”
Haufi le qetello ea borumuoa lichabeng ba ka, ke ile ka nyakalla ha ke ne ke tiisoa ho batsoali ba ka Tempeleng ea São Paulo Brazil.
Batsoali ba ka Apparecido le Mercedes, ba ne ba hlaha litumelong tse fapaneng,empa liphihlello tsa bona tsa bophelo li ile tsa ba lokisetsa ho amohela evangeli e tsosolositsoeng.
Ntate o ne a holisitsoe ka lelapeng le lokileng empa leo e seng la bolumeli. Leha ho le joalo, joaloka mohlankana o ne a e-na le thahasello ea bolumeli. O ne a bala Bibele, a kena lihlopha tsa Bibele ´me a bala ka bophelo ba Jesu Kreste. Lithuto tsa hae li ile tsa etsa hore a be le thahasello e kholo ho evangeli ea Mopholosi le lelapa, tsa mo sia le takatso ea ho nyala motho ea nang le monahano o ts´oanang.
Ka ho le leng ´me o ne a tsoa lelapeng la bolumeli bo tiileng. Ba ne ba ananela metheo ea evangeli, ba kena kereke, ´me ba phela bolumeli ba bona ka bots´epehi. Ho holela boemong bo joalo, ´m´e o ile a fetoha mofuta oa motho ea neng a sa lofe kopano ea kereke.
´Me joale, kamorao hore batsoali ba ka ba nyalane ´me baholoane ba ka le´na re be teng, ba ile ba etsa se matleng a bona ho re holisetsa leseling la tsebo ea bona ea metheo ea evangeli. Ka letsatsi le leng, rakhali oa ka, eo e neng e le setho se khathetseng sa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, o ile a re ho ntate, “U na le bara ba bane, moratuoa. Haeba u batla ho holisa lelapa le tsepameng ho Kreste le ho ba le Molimo ka hare ho lelapa la hau, u lokela ho ea kerekeng ea ka.”
Ntate o ile a utloa seo a neng a se bolela, empa ha a ka ba a nka khato ho fihlela letsatsi leo barumuoa lichabeng ba ileng ba fihla sebakeng sa rona, ba kokota monyako oa rona, ´me ba qala ho re ruta. Kapele o ile a hlokomela hore ba hlaha kerekeng eo rakhali a ileng a mo khothaletsa ho e batlisisa.
Leseli le ´Nete
E ´ngoe ea lintho tse ileng tsa hapa maikutlo a batsoali ba ka ho tloha qalong evangeling ea Jesu Kreste e tsosolositsoeng e ne e le bohlokoa boo kereke e bo behang ho lelapa le ho thuto ea hore “boholo ba mosebetsi oa Molimo oa poloko le phahamiso o phethahatsoa ka lelapa.” Pele ba kolobetsoa, batsoali ba ka ba ile ba thabisoa haholo ke seo ba ileng ba ithuta sona hoo ba ileng ba mema baahisane ho ba le bona lithutong tsa barumuoa lichabeng.
E ´ngoe ea lintho tse ileng tsa hapa maikutlo a batsoali ba ka ho tloha qalong evangeling ea Jesu Kreste e tsosolositsoeng e ne e le bohlokoa boo kereke e bo behang ho lelapa.
Ha ba kopana le barumuoa lichabeng, ba ntse ba tsoelapele ho ithuta evangeli kamorao ho kolobetso, batsoali ba ka ba ile ba ithuta litsela tsa ho holisa bana ba [bona] ka leseli le ´nete” le ka ho “beha taolong ntlo [ea bona]” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 93:40,43).
Ba ile ba ithuta hore “lelapa le khubung ea morero oa ´Mopi bakeng sa qetello ea bosafeleng ea bana ba hae” le hore thabo bophelong ba lelapa e ka fihleloa ha e thehiloe holim´a lithuto tsa Morena Jesu Kreste.”
Ba ile ba ithuta hore “manyalo a atlehileng le malapa a thehiloe le ho hlokomeloa ka metheo ea tumelo, thapelo, pako, ts´oarelo, hlonepho, lerato, kutloelo bohloko, mosebetsi le liketsahalo tsa boithabiso tse molemo.”
Ba ithutile hore lelapa e ka ba la bosafeleng le hore “likamano tse ts´oanang le tse teng har´a rona mona li tla ba teng har´a rona moo, feela li tla tsamaellana le khanya ea bosafeleng” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 130:2).
´Me ba ile ba ithuta hore “sepheo sa ho qetela sa thuto e ´ngoe le e ´ngoe, ketsahalo e ´ngoe le e ´ngoe ka kerekeng ke hore batsoali le bana ba bona ba thabile lapeng, ba tlamahantsoe hammoho ka lenyalo la bosafeleng, ´me ba hokahane ho maloko a bona.”
Ka tsebo eo, ba ile ba lakatsa ho tlamahanngoa hammoho e le lelapa la bosafeleng.
Lebisa Mahlo ho Bosafeleng
Kamorao hore batsoali ba ka ba kolobetsoe, ba ile ba phela seo ba ithutileng sona, ba tloha lefats´eng ho ea ´musong oa evangeli. Ba ile ba sebeletsa ho kopanya lelapa la rona ka ho ba le boithuto ba mantsiboea lapeng le boithuto ba mangolo a halalelang ba lelapa, ho kena likopano tsa kereke ka bots´epehi, le ho etsa mosebetsi oa nalane ea lelapa. Ka boiteko boo bo kopanyang, ba ile ba hopola ho etsa lelapa le tsepameng morerong oa poloko ka leihlo le lebileng ho bosafeleng.
Ka 1965, selemo seo batsoali ba ka ba ileng ba kolobetsoa ka sona, tempele e neng e le haufi le São Paulo, Brazil, e ne e le Mesa, Arizona, e le limaele tse ka bang 6,000 (9,650 km) ka bo hole. Leeto le ne le le litjeo li boima ho lelapa la rona, ka hona batsoali ba ka ba ile ba lokela ho ema ho fihlela tlhohonolofatso ea Tempele ea São Paulo, Brazil, ka 1978 pele ba ka fumana lits´ebeletso tsa tempele le ho tlamahanngoa hammoho. Ka nako eo, ke ne ke le borumuoeng Rio de Janeiro.
Likhoeli tse peli pele ke qeta borumuoa ba ka ka Hlakola 1980, mookameli oa borumuoa lichabeng o ile a lumella molekane le ´na ho tsamaea bosiu le litho tsa setereke se seholo ho tloha Rio de Janeiro ho ea tempeleng Sao Paulo e le hore ke tle ke fumane tlhonolofatso ea tempele ke be ke tlamahanngoe hammoho ho batsoali ba ka. Joaloka batsoali ba ka, ke ne ke ile ka emela lithlohonolofatso tsa lits´ebeletso le lilekane tsa tempele tse ts´episitsoeng ka lilemo.
Ketsahalo eo e ile ea fetola pono ea ka ka bokamoso ´me ea mpha leseli la ´nete la mantsoe a haufinyane a Mookameli Russell M.Nelson: “Nako ka tempeleng e tla u thusa ho nahana selestiale le ho ba le pono ea seo u leng sona, seo u ka bang sona, le bophelo boo u ka bang le bona ka ho sa feleng.”
Nako ea ka e khutsoanyane ka tempeleng ketsahalong eo e tebileng e ile ea susumetsa nako e setseng ea bosebeletsi ba ka ba borumuoa lichabeng. Ka pono eo e ncha, ho paka ka tempele le bohlokoa ba morero oa Molimo bakeng sa malapa ho ile ha boela ha e-ba le khahlamelo ea moshoelella bophelong ba ka.
Ha mosali oa ka, Rosana, le ´na re ne re nyalana lilemo tse peli kamorao ho thomo ea ka, re ile ra tlamahanngoa tempeleng ka pono ea ho holisa lelapa la rona la bosafeleng. Ho etsa seo, re ile ra sebetsa hammoho ho theha meetlo ea lelapa joaloka eo batsoali ba rona ba neng ba re rutile eona, re tsepamisitse tsohle ho Mopholosi, lithutong tsa hae, le lithutong tsa baporofeta ba hajoale.
Kajeno bana ba rona ba holisa bana ba bona ka metheo e ts´oanang ea evangeli ea thabo. Ho rona, lelapa ke ntho eohle hobane re utloisisa khubu ea lona morerong oa Molimo.
Joaloka Moetapele ea Akaretsang, ke ile ka ba le tlhohonolofatso ea ho tlamahanya bana ba ka ba bararo ho balekane ba bona ka tempeleng. Ha ke sheba ka mahlong a bona motsotso oo ba neng ba khumame aletareng ka tempeleng e ne e le ketsahalo e ntle. Ke ne ke bona ha leloko la ka le hlohonolofala ka metheo e ts´oanang ea evangeli eo batsoali ba ka ba nthutileng eona le eo ´na le Rosana re ba rutileng eona. Ke ile ka bona ha litlhohonolofatso tseo li tsoelapele malokong a tlang. ´Me ke ile ka hopola hore na ke mang ea etsang hore sena se khonahale.
Khopotso ea Keresemese
Lelapa le khubung ea moralo oa thabo oa Molimo, empa ntle le Mopholosi Jesu Kreste, moralo oo o ne ke ke oa khonahala. Topollo ea hae le lits´ebeletso le lilekane tse fumanoang evangeling ea hae li etsa hore ts´episo ea phahamiso e khonahale.
Mookameli Nelson o phatlalalitse hore: “Phahamiso ke taba ea lelapa. Ke feela ka lits´ebeletso tse bolokang tsa evangeli ea Jesu Kreste malapa a ka phahamisoang. Qetello ea moshoelella eo re e lekang ke ho thaba re le malapa—re hlohonlofalitsoe tempeleng, re tlamahantsoe hammoho, ´me re itokiselitse bophelo ba bosafeleng ponts´eng ea Molimo.”
Ha ke etela libaka tseo ke e-so ho li bone, ke leka ho fumana ketsahalo ea Tsoalo e re hopotsang ´na le Rosana ka Mopholisi. Ke ntse ke aha pokello e batsi.
Ha ke ntse ke nahana ka liketsahalo tseo tsa Tsoalo, ´na le mosali oa ka re kile ra nahanisisa, “Ke eng e bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona?” Karabo, ehlile, ke Mopholosi, evangeli ea hae, le lelapa la rona. Ho re hopotsa ka lerato la Ntat´a rona ea Maholimong bakeng sa rona le hore ke ka Mopholosi hore ts´episo ea lelapa la bosafeleng e ka khonahala, pele ho Keresemese lilemong tsa ho feta re ile ra beha [lits´oants´o tsohle] tsa rona tsa Tsoalo lishelefong lelapeng la rona—´me ra li sia moo ho e-na le hore re li tlose ka morao ho matsatsi a phomolo ea keresemese. Tloaelo eo e ile ea re thusa ho boloka moea oa Keresemese lelapeng la rona selemo ho pota.
Letsatsi le leng le le leng ha re ntse re sheba liketsahalo tseo tsa Tsoalo, li re hopotsa hantle ka boikarabello ba mantlha ba Mopholosi bophelong ba rona. Li ne li re hopotsa hore khotso lefats´eng hajoale (bona Luka 2:14) le thabo e sa feleng bophelong bo tlang li its´etlehile ho Mopholosi le ho hlompha lilekane tseo re li entseng le eena. ´Me li re hopotsa “hore o tlile lefats´eng, esita le Jesu ho thakhisetsoa lefats´e, le ho jara libe tsa lefats´e, le ho le halaletsa le ho hloekisa lefats´e ho tloha ho se lokeng hohle;
“Hore ka eena bohle ba ke ba pholosoe bao Ntate a ba behileng matleng a hae ´me ba entsoeng ke eena ” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 76:41–42).
Feela joaloka ha re ithutile linnete tsena ho tloha ho batsoali ba rona, ´na le Rosana re sebelelitse ho li fetisetsa ho bana ba rona. Joale bana ba rona ba ruta linnete tseo ho bana ba bona. Peo e lenngoeng lipelong tsa batsoali ba ka lilemong tse 60 tse fetileng lelapeng la rona le lenyenyane Brazil e ile ea atleha ´me ea tsoala litholoana “tse ntle ka ho fetisisa, tse monate ho feta tsohle tse monate, ´me tse ts´oeu ho feta tsohle tse ts´oeu, ee, le tse hloekileng ho feta tsohle tse hloekileng” (Alma 32:42).
Ke paka hore ba ananelang morero oa Molimo bakeng sa malapa, ba rata joaloka ha Mophololi a ne a rata, ´me ba hlompha lilekane tsa bona, ka letsatsi le leng ba tla rua “litlhohonolofatso tsa bophelo bo sa feleng le nyakallo e feletseng” le baratuoa ba bona le Ntate le Mora.
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly Liahona Message, December 202. South Sotho. 19614 739