2025
Nka tseba joang hore ke bakile e le kannete ‵me ke ts‵oaretsoe?
Phuptjane 2025


Molaetsa oa Khoeli, Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Phuptjane 2025

Nka tseba joang hore ke bakile e le kannete ‵me ke ts‵oaretsoe?

moroetsana oa rapela

Coming Full Circle, ka Jenedy Page

Morena o itse: “Ea bakileng libeng tsa hae, ea joalo o ts‵oaretsoe, ‵me ’na, Morena, ha ke li hopole.

“Ka sena le tla tseba hore na motho o bakile libeng tsa hae—bona, o tla ipolela ‵me a li furalle” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 58:42–43).

Ka pako e tiileng, re ka fumana ts‵oarelo. “Ha u ikutloa u ts′elisehile ho tsoa Moeeng, u ka tseba hore matla a topollo a Mopholosi a sebetsa bophelong ba hau.” ‵Me ha re ka boela ra thella, re ka boela ra baka, ra ts´oareloa, ‵me re lula re leka.

Ka holimo ho moo, Moholo Dieter F. Uchtdorf oa lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e ‵Meli o ile a ruta a re: “Satane o tla leka ho etsa hore re lumele hore libe tsa rona ha li ts′oareloe hobane re khona ho li hopola. Satane o leshano. … Molimo ha a ka a ts′episa hore re ke ke ra hopola libe tsa rona. Ho hopola ho tla re thusa ho qoba ho etsa liphoso tse ts′oanang hape. Empa haeba re lula re le ′neteng re bile re ts´epahala, khopolo ea libe tsa rona e tla nolofatsoa ha nako e ntse e ea.”

Lintlha

  1. Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha: Tataiso Ea Ho Etsa Liqeto (2022), 8.

  2. Bona Mosaia 26:30.

  3. Dieter F. Uchtdorf, ´Mesa. 2007 seboka se akaretsang (Ensign kapa Liahona, Mot´eanong 2007, 101).