“Re Latela Jesu Kreste ka ho Kopana le Eena Mosebetsing oa Hae,” Liahona, Phuptjane 2025.
Molaetsa oa khoeli le khoeli oa Liahona, Phuptjane 2025
Re Latela Jesu Kreste ka ho Kopana le Eena Mosebetsing oa Hae
Re nka karolo mosebetsing oa Mopholosi ha re tsepama mererong ea Hae, re boloka litaelo tsa Hae, ´me re ratana.
Lintlha ho tsoa ho Kreste Le Mohlankana oa Mobusi oa Moruika Heinrich Hofmann
Ha re kolobetsoa, re qala ts′ebetso ea ho inkela lebitso la Jesu Kreste. Karolo ea ts′ebetso ena e supa hore re kopana le Mopholosi mosebetsing oa Hae. Mookameli Dallin Oaks, Moeletsi oa Pele Boetapeleng ba Pele, o ngotse, “E ´ngoe ea meelelo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho inkela lebitso la Kreste ke boikemisetso le boitlamo ba ho nka mosebetsi oa Mopholosi le ´muso oa Hae.”
Mosebetsi oa Mopholosi ke “ho tlisa ho se shoe le bophelo ba ba bosafeleng ba batho” (Moshe 1:39). Ho se shoe ke mpho e senang pehelo eo Jesu Kreste a seng a e netefalitse ka ho tsoha bafung ha Hae. Leha ho le joalo, bophelo bo sa feleng ha bo ts´oane le ho se shoe. Bophelo bo sa feleng ke mpho e kholo ka ho fetisisa eo Molimo a ka e fang batho (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 14:7). Ke ho phela ka ho sa feleng re le malapa ponts´eng ea Hae. Bakeng sa rona ho fumana bophelo ba bosafeleng, re tlameha ho ba barutuoa ba ts′epahalang ba Jesu Kreste. Sena se bolela hore re amohela evangeli e tsosolositsoeng ka ho ba le tumelo ho Mopholosi le Topollo ea Hae, ho baka, ho kolobetsoa, ho amohela mpho ea Moea o Halalelang, ho etsa le ho boloka lilekane tsa tempele, le ho mamella ho isa qetellong. Ho mamella ho isa qetellong ho kenyeletsa ho kopana le Mopholosi mosebetsing oa Hae.
Ho Sebeletsa ka Mafolofolo
Re nka karolo mosebetsing oa Mopholosi ha re thusa bana ba Molimo hore le bona e be barutuoa ba ts´epahalang ba Jesu Kreste. Sena se kenyeletsa ho arolelana evangeli ea Hae, ka tsela eo re bokella Iseraele e qhalaneng, ka ho phetha boikarabello Kerekeng ea Mopholosi, le ka ho phehella ho fetohela ho ts′oana le Eena. “Katleho ea rona [mosebetsing oa Hae] ha e its´etlehe ka hore na ba bang ba khetha ho re arabela joang, ho amohela memo ea rona, kapa ho ananela liketso tsa rona tse ts´epahalang tsa mosa.” Mookameli Russell M. Nelson o netefalitse, “Nako efe kapa efe ha u etsa ntho efe kapa efe e thusang mang kapa mang—ka mahlakoreng a mabeli a lesira—ho nka mohato oa ho etsa lilekane le Molimo le ho amohela melao ea tsona ea bohlokoa ea kolobetso le ea tempele, u thusa ho bokella Israele.”
Ho etsa mosebetsi oa Mopholosi mosebetsi oa rona, re tsepamisa maikutlo mererong ea Hae, re boloka litaelo tsa Hae,´me rea ratana. Ha re ntse re etsa mosebetsi oa Hae ka tsela ea Hae (bona Lithuto Tsa Tumelo Lelilekane 51:2), lintho tse ling li re siela hore re iketsetse qeto ka borona. Mopholosi o ile a bolella Bahalaleli baneng ba bokane Jackson County, Missouri:
“Hobane bonang, ha hoa lokela hore ke laele linthong tsohle; hobane ea qobelloang linthong tsohle, ea joalo ke mohlanka ea botsoa ´me ea sethoto; ka hona a ke ke a amohela moputso.
“Kannete ke re, batho ba lokela ho kena ka cheseho mesebetsing e metle, le ho etsa lintho tse ngata ka boikhethelo ba bona, le ho tlisa ho loka ho hoholo;
“Hobane matla a ka ho bona, moo e leng baemeli ka bo bona. ´Me e re ka ha batho ba etsa hantle, ha ho kamoo ba ka lahleheloang ke moputso oa bona”(Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 58:26-28).
Ha re latela Mopholosi, re kopana le Eena mosebetsing oa Hae, le ho thusa ba bang ho ba barutuoa ba Hae ba ts´epahalang, re ruta seo a neng a ka se ruta. Hobane ha rea lumelloa ho ruta eng kapa eng e ´ngoe (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 52:9,36), re tsepamisa maikutlo re sa khelohe thutong ea Hae ea tumelo (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 68:25). Ho feta moo, re ela hloko haholo-holo ba futsanehileng, ba hlokang, le ba tlokotsing (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 52:40). Likhatiso tsena li ile tsa hlakisoa ha Mopholosi a qotsa ho tsoa ho Esaia sinakhokheng e Nazaretha:
“Moea oa Morena o holim’aka, hobane o ntlotselitse ho bolela evangeli ho mafutsana; o nthomile ho folisa ba lipelo li robehileng, ho ruta tokoloho bo ba litlamong le lifofu hore li boele li bone le ho lokolla ba hateletsoeng,
“Ho ruta selemo se amohelehang sa Morena” (Luka 4:18-19; bona hape Esaia 61:1-2).
Selemo se amohelehang sa morena se bolela nako eo ka eona lihlohonolofatso tsohle tsa selekane sa Molimo li tla phaelloa holim´a batho ba Hae. Re latela Jesu Kreste ka ho memela ba bang ho amohela lihlohonolofatso tsa ho etsa le ho boloka lilekane le Molimo le ka ho hlokomela bafumanehi kapa tsela e ´ngoe eo ba hlokang.
Ho kopana le Jesu Kreste mosebetsing oa Hae hoa thabisa hobane mesebetsi ea Hae, meralo, le merero ea Hae “li ke ke tsa senyeha, leha e le hore li ka fetoha lefeela (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 3:1). Bakeng sa ba ikutloang ba nyahame, Morena o ile a eletsa: “Ka baka leo, le se ke la khathala ho etsa hantle, hobane le beha motheo oa mosebetsi o moholo. ´Me ho tsoa linthong tse nyane ho tsoa tse kholo.” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 64:33). Re tlohela Morena ho ts´oenyeha ka kotulo, ´me re etsa feela karolo ea rona.
Pelo le Kelello e Ikemiselitseng
Ho etsa karolo ea rona ho bonolo ho feta kamoo re ka nahanang ka teng hobane ha ho hlokahale hore re tlise lineo kapa bokhoni bo ikhethang mosebetsing oa Morena. Tlhoko ea Hae ke boitlamo le boikemisetso feela. Morena o ile a re ho Bahalaleli ba Kirtland, Ohio, “Bonang, Morena o hloka pelo le kelello e ikemiselitseng” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 64:34). Morena a ka etsa hore ba ikemiselitseng ba be le bokhoni, empa a ke ke etsa ba nang le bokhoni hore ba ikemisetse. Ka mantsoe a mang, ha re itlama e bile re ikemiselitse, a ka re sebelisa. Empa ho sa natsoe hore na re na le talenta e kae, a ke ke a re sebelisa ntle le hore re itlame mosebetsing oa Hae ´me re ikemiselitse ho mo thusa.
Samuel le Anna-Maria Koivisto ba ile ba bonts´a boitlamo le boikemisetso. Hang ka mora lenyalo la bona, ba ha Koivistos ba ile ba tloha Jyväskylä, Finland, ho ea Göteborg, Sweden, ho tsoma menyetla ea mosebetsi. Kamor´a ho fihla, Moena Koivisto o ile a mengoa ho etela Mookameli Leif G. Mattsson, moeletsi oa boetapele ba Setereke se Seholo sa Göteborg Sweden. Hobane Samuel o ne sa buoe Se-Swedish, puisano e ile ea etsoa ka Sekhooa.
Kamora ketelo e khuts′oane, Mookameli Mattsson o ile a kopa Samuel hore a sebeletse e le moetapele oa boromuoa ba lebatooa la Utby. Samuel o ile a supa ntho e totobetseng: “Empa ha ke bue Se-Swedish.”
Mookameli Mattsson o ile a inama holim′a tafole ea hae ´me a botsa ka tieo, “Na ke ile ka botsa hore na u bua Se-Swedish, kapa hore na u ikemiselitse ho sebeletsa Morena?”
Samuele a araba, a re: “u mpotsitse hore na ke rata ho sebeletsa Morena. ´Me ke ikemiselitse.”
Samuele a amohela pitso. Anna-Maria le eena a amohela lipitso. Ka bobeli ba ile ba sebeletsa ka bots′epehi ´me ba ithuta ho bua Se-Swedish se setle nakong ea bosebeletsi ba bona.
Boitlamo le boikemisetso ba ho sebeletsa Morena li bopile bophelo ba Samuele le Anna-Maria. Ke bahale ba tloaelehileng ka har´a Kereke. Ba sebelelitse ka bots′epehi nako le nako ha ba ne ba koptjoa. Ba nthutile hore ha re sebeletsa, re sebelisa lineo tseo re nang le tsona (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 60:13), ‵me Morena joale o re thusa ho phethahatsa merero ea Hae.
Ha re ikemiselitse ho sebeletsa, re leka ka matla hore re se ke ra belaela kapa ho korotla, hobane ha re batle ho silafatsa ts´ebeletso ea rona ka tsela leha e le efe. Ho tletleba e ka ´na ea e-ba ponts′o ea boitlamo bo thekeselang, kapa hore lerato la rona ho Mopholosi ha le kamoo le ts′oanetseng ho ba ka teng. Ha ho sa laoloe, ho korotla ho ka tsoela-pele ho fihlela ho ho fetohela Morena ka ho feletseng. Tsoelopele ena e bonoa bophelong ba Ezra Booth, mosokolohi oa pele oa Kereke ea Ohio ea neng a bitsitsoe e le morumuoa oa boruti lichabeng Missouri.
Ha a tloha Ohio ka Phuptjane 1831, Ezra o ile a khopisoa ke hore barumuoa lichabeng ba bang ba ne ba khona ho tsamaea ka koloi ha eena a ntse a tsamaea mochesong oa lehlabula, a ntse a ruta tseleng. O ile a korotla. Ha a fihla Missouri, o ile a ikutloa a nyahame. Missouri e ne e se seo a neng a se lebelletse. Ho e-na le hoo, o ile a qamaka ´me a hlokomela hore “tebello e ne e bonahala e le lerootho.”
Ezra o ile a tsoela pele ka keketseho ho ba mosomi ea phoqang, le ea nyatsa-nyatsang. Ha a tloha Missouri, ho e-na le ho ruta ha a ntse a tsamaea, joaloka ha a ne a kopiloe hore a etse, o ile a khutlela Ohio kapele kamoo a ka khonang. Ho korotla ha hae ha pele ho ile ha fetoha ho thekesela ´me qetellong ho fella ka ho lahleheloa ke ts′epo liphihlelong tsa hae tsa pele tsa moea. Kapele Ezra o ile a tlohela Kereke ‵me “qetellong a lahla Bokreste ´me ea e-ba motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng.’”
Se ts′oanang se ka etsahala ho rona haeba re se hlokolosi. Haeba re sa boloke pono ea bosafeleng, re ikhopotsa hore na mosebetsi ona ke oa mang, re ka ´na ra belaela, ra thekesela, ´me qetellong ra lahleheloa ke tumelo eo re nang le eona.
Ke rapela hore re ka khetha ho latela Jesu Kreste ka ho ikopanya le Eena mosebetsing oa Hae. Ha re ntse re etsa joalo, re fuoa “lits′episo tse kholo le tsa bohlokoa ka ho fetisisa” (2 Petrose 1:4). Lihlohonolofatso tsena li kenyelletsa ts´oarelo ea sebe (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 60:7; 61:2, 34; 62:3; 64:3), poloko (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 6:13; 56:2), le ho phahamisoa (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 58:3–11; 59:23). Ka sebele, re ts′episoa mpho e kholo ka ho fetisisa eo Molimo a ka fanang ka eona—bophelo ba bosafeleng.
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Senyesemane: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly Liahona Message, Phuptjane 2025.. South Sotho. 19610 739