Nalane ea Kereke
Zimbabwe: Kakaretso


“Zimbabwe: Kakaretso,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe (2022)

“Zimbabwe: Kakaretso,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe

´Mapa oa Zimbabwe

Nalane ea Kereke

Zimbabwe

Lefats´e le letle la Zimbabwe e bile lehae la Balumeli ba Mehla ea Kajeno ho tloha ka bo 1930. Mashome shome a lilemo tsa qalong ea ho theha Kereke, Baahi ba Europe ba ne ba tsamaea libaka tse telele ho kopana le ba babang libakeng tse bohareng joalo ka Salisbury (hamorao Harare), Bulawayo,le Gweru le ka nako e ngoe ba ne ba nka maeto a malelele ho ba teng libokeng tsa kereke Afrika Boroa.

Ho tlosoa ha lithibelo tsa se morabe ho nkeng karolo ka kerekeng ka 1978 ho ile ha tlisa nako ea liphetoho. Balumeli ba mehla ea kajeno ba limelo tse fapafapaneng ba ile ba leka ho etsa sebaka sa kopano har´a litsitsipano tsa lipolotiki le merabe. Ka bo 1980 le bo 1990, kereke e ile ea hola hara bongata ba baahi ba lehae ba MaZimbababwe ba buang bonyane Sekhooa le Shona. Ka 1999, Buka ea Mormone e ile ea hatisoa ka Shona le setereke se seholo sa pele Zimbabwe se ile sa theoa Harare. Ka linako tsa bothata, Balumeli ba Mehla ea Kajeno ba ile ba nanabetsa letsoho ka marang rang a liphutheho ho ts´ehetsana.

Ho qala ka 1985, Balumeli ba Mehla ea Kajeno ba ile ba etela Johannesburg bakeng sa lits´ebeletso tsa tempele. Ka 2020 ho ila ha phetholoa lekote bakeng sa Tempele ea Harare Zimbabwe.

Ho tsitlallela le ho phehella ha Balumeli ba Mehla ea Kajeno Zimbabwe, ho tsamaeang le litholoana tse ntle tsa mesebetsi ea bona, ho tlisa kelelellong ts´episo: “Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka le ba nyoretsoeng ho loka, hobane ba tla khorisoa” (Mattheu 5:6).