Molaetsa oa Khoeli Liahona Mots´eanong 2025
Lithuso tsa Bomolimo Bakeng sa Bophelo ba ho Shoa
Morero oa Ntate ea Maholimong o fana ka thuso ho re tataisa leetong la rona le bophelo ba ho shoa.
I.
Ka Moporofeta Joseph Smith, Morena o senotse lintho tse ´maloa ka bophelo ba rona ba pele re tla lefats´eng. Moo re ne re phela re le bana ba moea ba Molimo. Hobane Molimo o ne a lakatsa ho thusa bana ba hae ho tsoelapele, o ile a etsa qeto ea ho etsa lefats´e leo ho lona re ka fumanang ´mele, re ithute ka phihlello, ho nts´etsa limelo tsa bomolimo, ´me ba netefatsoe ho bona hore na re tla boloka litaelo tsa Molimo. Ba lokelang ba ka “ba le khanya e eketsehileng holim´a lihlooho tsa bona kamehla le mehla” (Abrahama 3:26).
Ho qala maemo a morero oona oa bomolimo, Molimo o khethile Mora oa hae A ´Nots´i ho ba Mopholosi oa rona.´ Lusifere, eo tlhahiso ea hae e fapaneng e neng e tla senya boikhethelo ba motho, o ile a fetoha Satane ´me o ile a “lahleloa tlase.” Kamor´a ho lelekelloa lefats´eng le ho haneloa ka monyetla oa bophelo ba ho shoa, Satane o ile a lumelloa ho leka “ho thetsa le ho foufatsa batho, le ho ba etsa bats´oaruoa ka thato ea hae, esita le ba bangata ba ke keng ba mamela lentsoe la Molimo” (Moshe 4:4).
Sa bohlokoa morerong oa Molimo o moholo bakeng sa kholo ea bana ba hae e ne e le bakeng sa bona ho fihlella “khanyetso linthong tsohle” (2 Nefi 2:11). Joaloka ha mesifa ea rona e ke keng ea ahoa kapa ea hlokomeloa ntle le ho suthumetsoa khahlanong le molao oa matla a khoheli, joale bophelo ba ho shoa bo re hloka hore re suthumetsoe khahlanong le liteko tsa Satane le likhanyetso tse ling tsa lefats´e. Se bohlokoa haholo bakeng sa kholo ea moea ke tlhokahalo ea ho khetha lipakeng tsa botle le bobe. Ba khethang botle ba tla tsoelapele ho ea pheletsong ea bosafeleng. Ba khethang bobe—joaloka ha bohle re ka etsa litekong tsa bophelo—re ka hloka thuso ea pholoso, eo Ntate ea lerato a raling ho e fana.
II.
Ho fihla joale, thuso ea bophelo ba ho shoa e matla-hali ea Molimo ke ho fana ka Mopholosi Jesu Kreste, ea neng a tla hlorisoa ho lefa molato le ho fana ka ts´oarelo bakeng sa libe tse baketsoeng. Topollo eo ea mohau le e khanyang e hlalosa na ke hobaneng tumelo ho Jesu Kreste e le motheo oa pele oa evangeli. Topollo ea hae e “tlisa tsoho bafung ea ba shoeleng” (Alma 42:23), ´me e lopolla libe tsa lefats´e (Alma 34:8)), ho hlakola libe tsohle tsa rona tseo re li baketseng le ho neha Mopholosi oa rona matla a ho re thusa mefokolong ea rona ea bophelong ba rona ba ho shoa.
Ka nqane ho tlhakolo e tlotlehang ea libe tse entsoeng le ho ts´oareloa, morero oa Ntate ea Maholimong ea lerato o fana ka lineo tse ngata ho re sireletsa, ho kenyeletsa ho re sireletsa hore re se etse libe ho tloha qalong. Bophelo ba rona ba ho shoa kamehla bo qala ka ntate le ´m´e. Ka nepo, ka bobeli ba teng, ka lineo tse fapaneng ho tataisa kholo ea rona. Haeba ho se joalo, bosieo ba bona ke karolo ea khanyetso eo re tlamehang ho e hlola.
III.
Morero oa Ntate ea Maholimong o fana ka lithuso tse ling ho re tataisa leetong la rona la bophelo ba ho shoa. Ke tla bua ka lintlha tse ´ne tsa tsona. Ke kopa le se ke la ts´oarella ho nomoro ea ka ea bone, hobane lithuso tsena lia kenellana. Kaholimo ho moo, ho na le lits´ireletso tse ling tse eketsehileng ho tsena.
Ea pele, ke bua ka Khanya kapa Moea oa Kreste. Thutong ea hae e kholo ka bukeng ea Moroni, Moroni o qotsitse ntat´ae hore “Moea oa Kreste o fanoa ho motho e mong le e mong, hore a ke a tsebe botle le bobe” (Moroni 7:16). Re bala thuto ena e ts´oanang ho ts´enolo ea sejoale-joale:
“´Me Moea o fana ka khanya ho motho e mong le e mong ea tlang lefats´eng; ´me Moea o bonesetsa motho e mong le e mong ka lefats´e, ea mamelang lentsoe la Moea ” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 84:46).
Hape: “Hobane Moea oa ka o romeloa lefats´eng ho khants´etsa ba ikokobelitseng le ba soabileng le ho thohako ea bao eseng ba Molimo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 136:33).
Mookameli Joseph Fielding Smith o ne a hlalose mangolo ana a halalelang: “Morena ha sia batho (ha ba ne ba hlaha lefats´eng lena) ba hloka thuso, ba phopholetsa ho fumana leseli le ´nete, empa motho e mong le e mong … o hlaha le tokelo ea ho fumana tataiso, taelo, boeletsi ba Moea oa Kreste kapa Leseli la ´Nete.”
Ea bobeli ea lithuso tse kholo tse fanoeng ke Morena hore thusa ho khetha se lokileng ke sehlopha sa litataiso tsa bomolimo tse ka mangolong a halalelang e le karolo ea morero oa pholoho (morero oa thabo). Litataiso tsena ke litaelo, lits´ebeletso, le lilekane.
Litaelo li hlalosa tsela eo Ntate ea Maholimong a e ts´oaileng bakeng sa rona ho tsoelapele ho ea bophelong ba bosafeleng. Batho ba nahanang litaelo e le tsela eo Molimo a e khethang eo a tlang ho mo otla ba hloloa ho utloisisa sepheo sena sa morero oa Molimo o ratehang oa thabo. Tseleng eo, butle-butle re ka fihlela kamano e hlokahalang le Mopholosi oa rona ´me ra lokeloa ke keketso ea matla a hae ho re thusa tseleng ea rona sebakeng seo re fellang teng moo a lakatsang bakeng sa rona bohle. Ntat´a rona ea Maholimong o lakatsa hore bana bohle ba hae ba khutlele ´musong oa selestiale, moo Molimo le Mopholosi ba phelang, le ho ba le mofuta oa bophelo oa ba phelang khanyeng ea selestiale.
Lits´ebeletso le lilekane ke karolo ea molao o hlalosang tsela ea bophelo ba bosafeleng. Lits´ebeletso, le lilekane tse halalelang tseo re li etsang le Molimo ka tsona, ke mehato e hlokahalang le ts´ireletso ea bohlokoa tseleng eo. Ke batla ho nahana ka karolo ea lilekane e le ho bonts´a hore tlas´a morero oa Molimo, litlhohonolofatso tsa hae tse holimo-limo li fanoa ho ba ts´episang esale pele ho boloka litaelo tse itseng le ho ba bolokang lits´episo tseo.
Lithuso tse ling tsa Molimo tse fanoeng bakeng sa ho etsa likhetho tse lokileng ke liponahatso tsa Moea o Halalelang. Moea o Halalelang ke setho sa boraro sa Molimo o mong. Mosebetsi oa hae, o hlalositsoeng ka mangolong a halalelang, ke ho paka ka Ntate le Mora, ho re ruta, ho tlisa lintho tsohle khopolong ea rona, le ho re tataisetsa ´neteng eohle. Mangolo a halalelang a kenyeletsa tlhaloso tse ngata tsa liponahatso tsa Moea o Halalelang, joaloka bopaki ba moea e le karabo potsong ka bonnete ba Buka ea Mormone. Ponahatso ha ea lokela ho ferekoanngoa le mpho ea Moea o Halalelang e fanoang kamor´a kolobetso.
E ´ngoe ea tse bohlokoa ea lithuso tsa Molimo bakeng sa bana ba hae ba ts´epahalang ke mpho ea Moea o Halalelang. Bohlokoa ba mpho ena bo hlakile tabeng ea hore bo fanoa ka molao kamorao ho pako le kolobetso ka metsi, ´me “ebe [mangolo a halalelang a hlalosa] ho tla tlhatsuo ea libe tsa hau ka mollo le ka Moea o Halalelang” (2 Nefi 31:17). Batho ba nang le tlhatsuo ena ea libe— ´me ebe ba nchafatsa tlhoekiso ea bona khafetsa ka pako le ho phela ho latela lilekane tseo ba li etsang ka ts´ebeletso ea selallo—ba lokeloa ke ts´episo eo Moea o Halalelang, Moea oa Morena, “kamehla o ke …o be le bona” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:77).
Ke joana Mookameli Joseph F. Smith a ileng a ruta hore Moea o Halalelang o tla “bonesetsa mehopolo ea batho malebana le lintho tsa Molimo, ho ba kholisa nakong ea ts´okoloho ea bona hore ba entse thato ea Ntate, le ho ba ka ho bona bopaki bo lulang e le molekane oa bona bophelong bohle, o sebetsang e le tataiso e tiileng le e bolokehileng ´neteng eohle ho ba tlatsa ka nyakallo le thabo letsatsi le letsatsi, ka bopaki ba ho etsa botle ho batho bohle, ho mamella bobe ho ena le ho etsa bobe, ho ba mosa le mohau, ho mamella le ho ba le lerato la sebele. Bohle ba nang le mpho ena e sa lekanngoeng, perela ena ea theko e kholo, ba na le lenyora la kamehla la tse lokileng. Ka ntle ho thuso ea Moea o Halalelang,” Mookameli Smith o ile a phethela hore, “ha ho motho ea phelang ea ka tsamaeang tseleng e otlolohileng e patisaneng.
IV.
Ka lithuso tse ngata tse matla ho re tataisa leetong la rona la bophelo, ho ea soabisa hore ba bangata ba sala ba sa itokise bakeng sa kopano ea rona le Molimo le Molopolli, Jesu Kreste. Sets´oants´o sa hae sa baroetsana ba leshome, seo ho buuoang ka sona khafetsa sebokeng sena, se hlahisa hore ho ba memiloeng ho kopana le eena, ke halofo feela e tla be e itokisitse.
Bohle re tseba mohlala oa ba sa itokisang: barumuoa lichabeng ba khutlileng ba sitisitseng kholo ea bona ea moea ka nako ea ho se sebetse, mocha ea behileng kholo ea moea kotsing ka ho ikarohanya le lithuto le liketsahalo tsa Kereke, banna ba chechisang peho ea bona ea Boprista ba Melchizedeke, banna le basali—ka nako e ´ngoe moloko oa lipula-maliboho tse khabane kapa batsoali ba lokelehang—ba tlohetseng tsela ea selekane pele ba ka etsa le ho boloka lilekane ka tempeleng e halalelang.
Ho kheloha hona ho hongata ho hlaha ha litho li hloloa ho latela morero oa mantlha oa tlhokomelo ea moea ka thapelo ea botho, palo ea mangolo a halalelang kamehla le pako khafetsa Ha ho bapisoa, ba bang ba hlokomoloha nchafatso ea bona ea beke le beke ea lilekane ka ho se je selallo. Ba bang ba re Kereke ha e fihlele litlhoko tsa bona; tseo li emela seo ba se nahanang e le bokamoso ba bona pele ho seo Morena a faneng ka sona lithutong tsa hae tse ngata le menyetla bakeng sa bosebeletsi ba rona bo bohlokoa ho ba bang.
Boikokobetso le ts´epo ho Morena ke tsona pheko bakeng sa ho kheloha hoo. Joaloka ha Buka ea Mormone e ruta, Morena o hlohonolofatsa le ho atlehisa ba behang ts´epo ea hae ho eena (Helamene 12:1). Ho ts´epa Morena ke tlhoko e khethehileng bakeng sa bohle ba lekanyang ka phoso litaelo tsa Molimo le lithuto tsa baporofeta ba hae khahlanong le lipatlisiso tsa morao-rao le bohlale ba motho.
Ke buile ka lithuso tse ngata tsa bophelo ba ho shoa tseo Ntat´a rona ea Maholimong a re nehileng tsona ho thusa bana ba hae ho khutlela ho eena. Karolo ea rona morerong oona oa bomolimo ke ho ts´epa Molimo le ho batla ´me re sebelise lithuso tsena tsa bomolimo, ka ho totobala topollo ea Mora oa hae ea Ratoang, Mopholosi le Molopolli oa rona, Jesu Kreste. Kea rapela hore re tle re rute le ho phela metheo ena, ka lebitso la Jesu Kreste, amen.
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly Liahona Message, May 2025. South Sotho. 19602